Re U Lome Tsebe?
Mehleng ea Jesu, batho ba ne ba ntša menehelo joang tempeleng?
Sebaka sa polokelo ea matlotlo se ne se le Lebaleng la Basali. Buka ea The Temple—Its Ministry and Services, e re: “Ho potoloha lebala leo ho ne ho e-na le mathule ’me ka tlas’a ’ona, leboteng, ho ne ho e-na le matlōle a 13 a polokelo ea matlotlo kapa ‘literompeta’ [moo] ho neng ho tšeloa menehelo teng.”
Matlōle ao a ne a bitsoa literompeta hobane a ne a le masesaane molomong ’me a le sephara tlaase. Letlōle ka leng le ne le ngoloa hore na ke la monehelo ofe ’me monehelo o neng o fumanoa ka letlōleng ka leng o ne o sebelisetsoa mosebetsi oa oona. Jesu o ne a le Lebaleng la Basali ha a ne a bona batho ba bangata ba tšela menehelo ka matlōleng, ho akarelletsa le mohlolohali ea hlokang.—Luka 21:1, 2.
Matlōle a mabeli e ne e le a ho tšela lekhetho la tempele—lekhetho le leng e le la selemo seo le leng e le la selemo se fetileng. Letlōleng la boraro ho ea ho la bosupa ho ne ho tšeloa menehelo ea maebana-khoroana, maeba, patsi, libano hammoho le lijana tsa khauta ho latela boleng ba tsona. Haeba chelete eo motho a neng a e beheletse ka thōko e ne e feta theko ea nyehelo, o ne a tšela e setseng ka matlōleng a mang. Letlōleng la borobeli ho ne ho tšeloa chelete e neng e sala ha ho etsoa linyehelo tsa sebe. Letlōleng la bo9 ho ea ho la bo12 ho ne ho tšeloa chelete e neng e sala ha ho etsoa linyehelo tsa molato, tse neng li etsoa ka mahlabelo a linonyana le linyehelo tsa Banazari le linyehelo tsa balepera. Letlōleng la bo13 ho ne ho tšeloa menehelo ea boithatelo.
Na mongoli oa Bibele Luka e ne e le rahistori ea tšepahalang?
Luka o ile a ngola Kosepele e reheletsoeng ka lebitso la hae hammoho le buka ea Liketso Tsa Baapostola. Luka o re o ile a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala,’ empa litsebi tse ling li belaela kamoo a tlalehileng liketsahalo kateng. (Luka 1:3) Na o ne a tlaleha ka tsela e nepahetseng?
Luka o bua ka litaba tsa histori tse ka netefatsoang. Ka mohlala, o sebelisa litlotla tse nepahetseng empa tse neng li sa tsejoe hantle tsa liofisiri tsa ’muso oa Roma, tse kang bo-mastrata ba sechaba ba Filipi; babusi ba Thesalonika, le baeta-pele ba Efese. (Liketso 16:20, Kingdom Interlinear; 17:6; 19:31) Luka o bitsa Heroda Antipase ’musi oa setereke ’me Sergiase Pauluse o ’mitsa motsamaisi oa profinse ea Cyprase.—Liketso 13:1, 7.
Tsela e nepahetseng eo Luka a sebelisang litlotla tsena ka eona ea hlolla hobane ha puso ea naha ea Roma e ne e fetoha, le tlotla ea motsamaisi e ne e fetoha. Leha ho le joalo, setsebi sa Bibele Bruce Metzger, se re: “Nako le nako ha buka ea Liketso e bua ka litlotla tseo e bua ka tlotla e tšoanelang nako le sebaka seo ho buuoang ka sona.” Setsebi William Ramsay, se bitsa Luka “rahistori oa boemo bo phahameng ka ho fetisisa.”