Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

HO TLILE joang hore monna ea ileng a hōla ka thata e be ntate oa lelapa ea thabileng le ea atlehileng? Ke eng e ileng ea susumetsa mosali ea neng a etsa lintho tse mpe hore a fetohe? Bala u utloe hore na batho bana ba re’ng ha ba itlhalosa.

“Ke ne ke Ikutloa ke se na Thuso.”—VÍCTOR HUGO HERRERA

  • SELEMO SA TSOALO: 1974
  • NAHA EA HESO: CHILE
  • PELE: KE NE KE LEMALETSE JOALA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse motseng oa Angol, karolong e ka boroa ea naha e ntle ea Chile. Ha kea ka ka tseba ntate oa ka. ’Na, ’Mè le moen’a ka re ile ra fallela motse-moholo, Santiago ha ke ne ke le lilemo li tharo. Re ile ra qetella re lula kamoreng e nyenyane moo batho ba hlokang bolulo ba neng ba lula teng. Re ne re sebelisa ntloana ea sechaba ’me re ne re kha metsi pompong e neng e sebelisoa ke bo-ralitima mollo.

Ka mor’a lilemo tse ka bang tse peli, ’muso o ile oa re fa ntlo e nyenyane. Ka bomalimabe, sebaka seo se ne se tletse botlokotsebe le batho ba lemalletseng lithethefatsi le joala hammoho le ba rekisang ’mele.

Ha nako e ntse e e-ea, ’Mè o ile a kopana le monna e mong ’me hamorao ba ile ba nyalana. Ntate eo o ne a lula a tahiloe. O ne a rata ho re otla, ’na le ’Mè. Ke ne ke atisa ho lla ha ke le mong, ke lakatsa eka nkabe ke e-na le ntate ea ka ntšireletsang.

Le hoja ’Mè a ne a sebetsa ka thata e le hore re fumane lintho tseo re neng re li hloka, re ne re futsanehile haholo. Ka linako tse ling, lebese la phofo le tsoekere e ne e le tsona feela lintho tseo re ka li jang ha re lapile. Ha re batla ho itlosa bolutu re ne re shebella thelevishene ka ho hlolisa ka fensetere ea moahelani oa rōna. Empa ka le leng o ile a re khaoletsa eaba ke ha re qetetse mohlang oo!

Ha ntate eo a ne a sa tahoa—e leng ntho e neng e etsahala ngope-setšoha—o ne a re rekela se eang ka maleng. Ka lekhetlo le leng o ile a re rekela thelevishene e nyenyane. Ke le leng la makhetlo a ’maloa, moo ke ileng ka ikutloa ke thabile.

Ke ile ka ithuta ho bala ha ke le lilemo li 12. Ka mor’a selemo ke ile ka tlohela sekolo eaba ke qala ho sebetsa. Ka mor’a mosebetsi ke ne ke rata ho intša le basebetsi-’moho le ’na ba neng ba le baholo ho ’na, re e-ea liphathing moo re neng re noa joala le ho sebelisa lithethefatsi. Ho e-s’o ee kae, ke ne ke se ke lemaletse joala le lithethefatsi.

Ha ke le lilemo li 20 ke ile ka ratana le Cati ’me re ile ra nyalana. Qalong lintho li ne li ntse li tsamaea hantle empa ke ile ka khutlela mekhoeng ea ka ea pele. Boitšoaro ba ka bo ile ba mpefala le ho feta pele. Ke ile ka hlokomela hore ha ke sa fetohe  ke tla qetella ke le teronkong kapa ke shoele. Ho hobe le ho feta ke hore ke ne ke hōlisa mora oa ka Víctor, ka tsela eo ke hōtseng ka eona. Seo se ne se nkutloisa bohloko se bile se nkhalefisa ’me ke ne ke ikutloa ke se na thuso.

Hoo e ka bang ka selemo sa 2001, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa re etela lapeng ’me Cati o ile a qala ho ithuta Bibele le tsona. O ne a mpolella lintho tseo a neng a ithuta tsona. Kaha ke ne ke batla ho tseba, le ’na ke ile ka qala ho ithuta Bibele. Ka 2003 Cati o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ka letsatsi le leng ke ile ka bala lengolo la Ruthe 2:12, le bolelang hore Jehova o putsa batho ba bontšang tumelo le ba batlang setšabelo ho eena. Ke ile ka hlokomela hore haeba nka etsa liphetoho ke tla thabisa Molimo ’me o tla mputsa. Ke ile ka hlokomela hore hangata Bibele e nyatsa botahoa. Mantsoe a ho 2 Bakorinthe 7:1 a ile a nkama haholo. Temana eo e re phehella hore ‘re itlhatsoe litšila tsohle.’ Kahoo ke ile ka qala ho tlohela mekhoa ea ka e mebe. Ha ke ntse ke leka ho e tlohela, hangata ke ne ke tlala bohale, empa kamehla Cati o ne a ntšehetsa.

Ke ile ka qetella ke tlohetse mosebetsi hobane khatello ea ho tsuba le ho noa e ne e le matla. Le hoja re ne re phela ka chelete e nyenyane ha ke ne ke sa sebetse, seo se ile etsa hore ke be le nako e ngata ea ho ithuta Bibele. Ke eona nako eo ke ileng ka qala ho tsoela pele hantle linthong tseo ke neng ke ithuta tsona Bibeleng. Ha ho mohla Cati a ileng a batla lintho tseo ke neng ke sa khone ho li finyella kapa a etsa hore ke hlajoe ke lihlong hobane re phela bophelo bo tlaase. Kea leboha hore ebe o ile a ntšehetsa ka lerato.

Butle-butle ke ile ka qala ho tloaelana le Lipaki. Li ile tsa nthusa hore ke utloisise hore le hoja ke sa ruteha, Jehova o ananela takatso ea ka ea ho batla ho mo sebeletsa ka botšepehi. Lerato le bonngoe tse teng ka har’a phutheho ea Bokreste li ile tsa ba le tšusumetso e matla lelapeng la rōna. Ha ho na moo re kileng ra bona khotso e joalo. Ka December 2004, le ’na ke ile ka kolobetsoa.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ke bone bonnete ba mantsoe a Jehova a ho Esaia 48:17, a reng: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.” ’Mè le moen’a ka ba ile ba khahloa ke kamoo ke fetohileng kateng hoo le bona ba seng ba ithuta Bibele. Baahisani ba ka le bona baa thaba ha ba bona kamoo ke fetohileng kateng le kamoo lelapa la rōna le thabileng kateng.

Ke na le mosali ea ratang Molimo le ea ntalimang joaloka motsoalle eo a ka mo tšepang. Le hoja ke sa ka ka tseba Ntate, Bibele e nthutile hore na nka hōlisa bara ba ka ba bararo joang. Bana ba ka baa ntlhompha. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ba nka Jehova e le Motho oa sebele ebile baa mo rata.

“Le hoja ke sa ka ka tseba Ntate, Bibele e nthutile hore na nka hōlisa bara ba ka ba bararo joang”

Ke leboha hore le hoja ke hōtse habohloko, Jehova o mphile monyetla oa ho ba monna ea thabileng.

 “Ke Ile ka ba Ngoanana ea Halefileng le ea Ratang Ntoa.”—NABIHA LAZAROVA

  • SELEMO SA TSOALO: 1974
  • NAHA EA HESO: BULGARIA
  • PELE: KE NE KE MOKOLA LITHETHEFATSI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse Sofia, Bulgaria, ’me lelapa leso le ne le itekanetse hantle feela licheleteng. Ha ke le lilemo li tšeletseng, Ntate o ile a re nyahlatsa. Sena se ile sa nthefula maikutlo ’me ka utloa bohloko haholo. Ke ile ka ikutloa ke lahliloe kherehloa ebile ke ikutloa eka ha ho na motho ea tla ke a nthate. Ha ke ntse ke hōla maikutlo ao a ile a nketsa lerabele. Ke ile ka ba ngoanana ea halefileng le ea ratang ntoa.

Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka baleha lapeng ka lekhetlo la pele. Hangata ke ne ke utsoetsa ’Mè le nkhono oa ka chelete. Ha ke ntse ke kena sekolo ke ne ke lula ke kena mathateng ka lebaka la ho rata ho loana ’me seo se ile sa fella ka hore lilemong tse ’maloa feela, ke romeloe likolong tse fapaneng tse hlano. Ke ile ka tlohela sekolo lilemo tse tharo pele ke qeta. Ke ne ke e-na le boitšoaro bo hlephileng. Ke ile ka lemalla ho tsuba koae le matekoane. Ke ne ke noa joala haholo, ke lula ke e-ea liphathing ’me ke ile ka ba ka mokola lithethefatsi. Ke ne ke sa utloisise hore na ho tla joang batho ba phele lefatšeng le se nang tšepo moo ba utloang bohloko le ho shoa. Kahoo ke ne ke phelela menate letsatsi le letsatsi.

Ka 1998, ha ke le lilemo li 24, ke ile ka tšoaroa boema-fofaneng ba São Paulo, Brazil, ka lebaka la ho mokola lithethefatsi. Ke ile ka ahloleloa lilemo tse ’nè chankaneng.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ka selemo sa 2000, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qala ho etela chankaneng eo ke neng ke le ho eona ha ’ngoe ka beke. E mong oa Lipaki, e leng Marines, o ne a le mosa haholo ho ’na. O ile a etsa hore ke batle ho ithuta Bibele. Kaha ho ne ho se mohla nkileng ka utloela ka Lipaki, ke ile ka botsa batšoaruoa-’moho le ’na ka tsona. Ke ile ka makala ha boholo ba bona bo li bua hampe. E mong o ile a re nka kena kereke efe kapa efe empa eseng ea Lipaki Tsa Jehova. Seo a ileng a se bua se ile sa etsa hore ke batle ho tseba ka Lipaki; le hore na ke hobane’ng ha li hloiloe hakaale. Ke ile ka fumana hore ke hobane bolumeli ba tsona ke ba ’nete ’me li phela ho lumellana le ’nete. Etsoe Bibele ea bolela hore batho bao ka botšepehi ba batlang ho latela Jesu ba tla hlorisoa.—2 Timothea 3:12.

Ka nako eo ke ile ka abeloa ho ea sebetsa mohahong oa botsamaisi ba chankana. Ka letsatsi le leng, ke ile ka fumana mabokose a neng a tšetse limakasine * tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka setorong. Ke ile ka nka limakasine tseo, ka ea le tsona seleng ea ka, eaba ke qala ho li bala. Ha ke ntse ke bala, ke ile ka utloa eka ke motho ea tsamaeang lehoatateng le omeletseng ea sa tsoa fumana seliba sa metsi a khathollang. Kaha ke ne ke e-na le nako e ngata, ke ile ka bala Bibele letsatsi le letsatsi ka lihora tse ngata.

Ka letsatsi le leng ke ile ka bitsetsoa ofising ea chankana. Ke ne ke nahana hore ke il’o lokolloa, kahoo ke ile ka phutha mehasoana ea ka, ka salisa batšoaruoa-’moho hantle ’me ka mathela ofising. Empa ha ke fihla ke ile ka bolelloa hore ho hlahletsoe nyeoe e ’ngoe hape khahlanong le ’na  e amanang le ho ba le litokomane tsa bokunyata. Ka lebaka leo ke ile ka ahloleloa lilemo tse ling tse peli chankaneng.

Qalong, ke ne ke utloile bohloko. Empa ha matsatsi a ntse a e-ea ke ile ka hlokomela hore sena se ile sa ntsoela molemo ka tsela e itseng. Le hoja ke ne ke ithutile lintho tse ngata ka Bibeleng, botebong ba pelo ke ne ke ipoleletse hore ha ke tsoa teronkong, ke il’o khutlela mekhoeng ea ka ea pele. Ke ne ke hloka nako e eketsehileng e le hore ke fetohe.

Ka linako tse ling ke ne ke nahana hore Molimo a ke ke a nkamohela hore ke be morapeli oa hae. Empa ke ile ka nahanisisa ka litemana tse kang 1 Bakorinthe 6:9-11. Litemana tseo li bolela hore lekholong la pele la lilemo C.E., Bakreste ba bang e ne e le masholu, matahoa le bahanyapetsi pele ba sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova ba ile ba fetoha. Mohlala oa bona o ile oa nkhothatsa haholo.

Ho ile ha e-ba bonolo hore ke tlohele e meng ea mekhoa ea ka e mebe. Ka mohlala, ha hoa ka ha e-ba thata hakaalo ho tlohela lithethefatsi. Empa ho tlohela ho tsuba e ne e le taba e ’ngoe. Ke ile ka qeta nako e fetang selemo ke leka ka matla ho tlohela koae empa qetellong ke ile ka atleha. Ntho e ’ngoe e ileng ea nthusa ke ho ithuta ka likotsi tseo koae e li bakang ’meleng oa motho. Empa ka holim’a tsohle ho rapela Jehova ke sa phetse ke hona ho ileng ha nthusa ho tlohela koae.

“Ke fumane Ntate ea molemo ka ho fetisisa—ea ke keng a ntahla le ka mohla!”

Ha ke ntse ke e-ba le kamano e haufi le Jehova, maikutlo a ho lahloa kherehloa ao ke ileng ka ba le ’ona ka mor’a hore ntate oa ka a re nyahlatse a ile a fela. Mantsoe a ho Pesaleme ea 27:10 a ile a nkama maikutlo ka ho tebileng. Temana eo e re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” Ke ile ka hlokomela hore ke fumane Ntate ea molemo ka ho fetisisa—ea ke keng a ntahla le ka mohla! Joale ke ne ke se ke tseba hore na ke phelela’ng. Ka April 2004, likhoeli tse tšeletseng ka mor’a ho lokolloa chankaneng, ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ke motho ea thabileng. Ha ke sa phela bophelo bo kotsi, ke phela hantle ’meleng le maikutlong ho feta ha ke sa le mocha. Ke na le lenyalo le thabileng hape ke na le kamano e haufi le Ntate oa ka oa leholimo, Jehova. Ke fumane batho ba bangata bao e leng bo-ntate, bo-’mè, bo-abuti le bo-ausi. (Mareka 10:29, 30) Ntho e nthabisang ke hore ba ne ba e-na le tšepo ea hore nka fetoha le ha ’na ke ne ke nahana hore nke ke ka fetoha.

Ka linako tse ling ke ikutloa ke le molato ka lebaka la lintho tseo ke li entseng nakong e fetileng. Empa ke tšelisoa ke ho tseba hore lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng, lintho tse mpe “li ke ke tsa hopoloa.” (Esaia 65:17) Ha joale, lintho tseo ke fetileng ho tsona li etsa hore ke be le kutloelo-bohloko ho batho ba tobaneng le maemo a tšoanang. Kahoo tsela eo ke neng ke phela ka eona e nthusa hore ke utloisise maemo a bona. Ka mohlala, ha ke le mosebetsing oa Bokreste oa ho ruta batho ka Bibele, ho ba bonolo hore ke buisane le batho ba lemalletseng lithethefatsi le joala hammoho le litlokotsebe—ntle le ho ba khetholla. Ke kholisehile hore haeba ke khonne ho etsa liphetoho e le hore ke thabise Jehova, ha ho na motho ea ka hlōlehang ho etsa joalo!

^ ser. 29 Li hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.