Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Mora oa letsibolo o ne a fuoa litokelo life le boikarabelo bofe?

Ho tloha khale nakong ea bapatriareka, bahlanka ba Molimo ba ne ba fa mora oa letsibolo litokelo tse khethehileng. Ha ntate oa lelapa a shoa, ho ne ho lebeletsoe hore mora oa letsibolo e be eena hlooho ea lelapa. O ne a lokela ho hlokomela lelapa ’me e mong le e mong ea lulang lapeng moo o ne a ikarabella ho eena. Mora oa letsibolo o ne a boetse a etella lelapa pele litabeng tse amanang le Molimo. Le hoja bara ba bang ba ne ba ntse ba fumana mafa, mora oa letsibolo eena o ne a fumana a mangata. O ne a fumana mafa a imenneng habeli ha ho bapisoa le a bara ba bang.

Mehleng ea bapatriareka, letsibolo le ne le ka fana ka tokelo ea lona. Ka mohlala, Esau o ile a rekisetsa mor’abo tokelo ea ho ba letsibolo. (Genese 25:30-34) Jakobo o ile a nka tokelo ea Rubene ea ho ba letsibolo a e fa Josefa. Rubene o ile a lahleheloa ke tokelo eo ka lebaka la boitšoaro ba hae bo bobe. (1 Likronike 5:1) Leha ho le joalo, Molaong oa Moshe, monna ea neng a nyetse sethepu o ne a ke ke a fetisetsa mafa a mora oa letsibolo oa mosali oa hae oa pele ho mora oa letsibolo oa mosali e mong oa hae hobane feela a rata mosali ea mo nyetseng morao. Ntate o ne a lokela ho hlompha litokelo tseo ka tsoalo e leng tsa mora oa hae oa letsibolo.—Deuteronoma 21:15-17.

Ke hobane’ng ha bangoli le Bafarisi ba ne ba roala “mabokosana a tšetseng mangolo”?

Jesu o ile a nyatsa bahanyetsi ba hae ba bolumeli, e leng bangoli le Bafarisi, kaha ba ne ba atolosa “mabokosana a tšetseng mangolo ao ba [neng ba a roala] e le litšireletso.” (Matheu 23:2, 5) Balateli ba lihlopha tseo tsa bolumeli ba ne ba fasa mabokosana a letlalo a matšo, a mahlakore a lekanang kapa a sephara liphatleng tsa bona. Ba ne ba boetse ba a fasa sephakeng ka tlas’a lehafi, e leng haufi le pelo. Ka har’a mabokosana ao e ne e le likarolo tse itseng tsa Mangolo. Tloaelo ena ea ho roala mabokosana a tšetseng mangolo, a neng a tsejoa e le lifilaktera, e bile teng ka lebaka la maikutlo a hore taelo eo Molimo a ileng a e fa Baiseraele e lokela ho lateloa joalokaha e le joalo, e leng e reng: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao . . . U a tlame e le pontšo letsohong la hao, ’me e tla ba lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo a hao.” (Deuteronoma 6:6-8) Ha ho tsejoe hantle hore na tloaelo ea ho roala lifilaktera e qalile neng, empa litsebi tse ngata li re e qalile lekholong la boraro kapa la bobeli la lilemo B.C.E.

Jesu o ile a nyatsa tloaelo ena ka mabaka a mabeli. La pele, bangoli le Bafarisi ba ne ba atolosa lifilaktera tsa bona e le hore batho ba bone kamoo e leng balumeli kateng. La bobeli, lihlopha tsena li ne li e-na le maikutlo a fosahetseng a hore mabokosana ao a tšetseng mangolo ke likhoeetsa kapa lithatho tse ka ba sireletsang. Libukeng tse ling tse sa amaneng le Bibele, lentsoe la Segerike la mabokosana ana, e leng phylakterion, le ka bolela “sehlotšoana sa masole a lebetseng,” “qhobosheane,” kapa “mokhoa oa ho itšireletsa.”