Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bolumeli bo Nepahetseng bo Ruta Batho ho Ratana Joaloka Bana ba Motho

Bolumeli bo Nepahetseng bo Ruta Batho ho Ratana Joaloka Bana ba Motho

BIBELE e re: “Ea se nang lerato ha a tsebe Molimo, kaha Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, Bibele—Phetolelo e Ncha) Kahoo, bolumeli bo nepahetseng bo lokela ho ruta litho tsa bona hore li ratane joaloka bana ba motho.

Malumeli a mangata a etsa mosebetsi o babatsehang tabeng ea ho hlokomela batho ba kulang, ba tsofetseng le ba futsanehileng. A khothalletsa litho tsa ’ona hore li sebelise keletso ea moapostola Johanne e reng: “Ha motho a e-na le maruo a lefatše lena, ’me a bona ngoan’abo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ea hae, lerato la Molimo le ka ba teng joang pelong ea hae? Bana ba ka, lerato la rōna e se ke ea e-ba la mantsoe, kapa la leleme feela; empa e be la liketso le la ’nete.”—1 Johanne 3:17, 18, BPN.

Leha ho le joalo, ho etsahala’ng ha lichaba li loantšana? Na taelo ea Molimo e reng “rata moahelani oa hao joalokaha u ithata” e ka sebelisoa feela linakong tsa khotso, empa ea behelloa ka thōko ha ralipolotiki ea itseng kapa morena a khetha ho loantša sechaba se seng sa boahelani?—Matheu 22:39, King James Version.

Jesu o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35, Bibele ea Sesotho) Ha u ntse u hlahloba lipotso tse latelang, ipotse, ‘Na litho tsa bolumeli boo li bontša batho bohle lerato ka linako tsohle, eseng feela ka mantsoe empa hape le ka liketso?’

SEHLOOHO: Ntoa.

SEO BIBELE E SE RUTANG: Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “Ke re ho lōna: Ratang bao e leng lira ho lōna, le hlohonolofatse ba le rohakang.”—Matheu 5:44, Bibele ea Sesotho.

Ha masole a tlil’o tšoara Jesu, moapostola Petrose o ile a tsomula sebetsa sa hae e le ho sireletsa Jesu. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoarang sabole ba tla bolaoa ka sabole.”—Matheu 26:52, BPN.

Moapostola Johanne o ile a ngola: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng se lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Molimo. Molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong o re re rataneng. Re se ke ra tšoana le Kaine, eo e neng e le oa E Mobe, ’me a bolaea ngoan’abo.”—1 Johanne 3:10-12, BPN.

POTSO: Na bolumeli boo bo khothalletsa litho tsa bona ho kenella lintoeng?

SEHLOOHO: Lipolotiki.

SEO BIBELE E SE RUTANG: Ka mor’a hore ba bang ba bone hore Jesu o na le matla a ho etsa mehlolo, ba ile ba batla ho mo kenyelletsa lipolotiking tsa naha ea habo bona. Eena o ile a etsa joang? “Jesu ha a tseba hobane ba se ba ea mo nka ka matla ba tle ba ’mee morena, a boela a ea thabeng a ’notši.”—Johanne 6:15, Bibele ea Sesotho.

Ha Jesu a tšoaroa ’me a netoa ka liqoso tsa leshano tsa hore o etsa hore batho ba hlanohele ’muso, o ile a araba ka ho re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Juda; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”—Johanne 18:36, Bibele ea Sesotho.

Ha Jesu a rapella barutuoa ba hae ho Molimo o ile a re: “Ke ba file lentsoe la hao, ’me lefatše le ba hloile, kahobane e se ba lefatše, joalo ka ha le ’na ke se oa lefatše.”—Johanne 17:14, Bibele ea Sesotho.

POTSO: Na bolumeli boo bo latela mohlala oa Jesu ’me bo qoba ho kenella lipolotiking, esita le haeba seo se tla etsa hore bo-ralipolotiki ba itseng ba ba hloee?

SEHLOOHO: Leeme.

SEO BIBELE E SE RUTANG: Ha Bajuda ba pele ba sa bollang e e-ba Bakreste, moapostola Petrose o ile a re: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”—Liketso 10:34, 35, Bibele ea Sesotho.

Ha Jakobo a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, o ile a re: “Metsoalle ea ka, haeba le e-na le tumelo ho Morena oa rōna Jesu Kreste ea tlotlehang, le ke ke la tšoara batho ba bang hantle ho feta ba bang. Mohlomong morui ea apereng liaparo tse majabajaba le ea roetseng lesale la khauta a ka tla phuthehong e itseng ea habo lōna. Ebe le mofutsana ea apereng malabulabu le eena oa tla. Ha lea lokela ho fa ea apereng liaparo tse majabajaba setulo se setle, ebe le bolella mofutsana hore a emelle thōkoana kapa hore a lule fatše. Hoo ho tšoana le ho bolela hore batho ba bang ba phahametse ba bang, ’me le tla be le iketsa baahloli ba khopo.”—Jakobo 2:1-4, Contemporary English Version.

POTSO: Na bolumeli boo bo ruta hore Molimo o nka batho bohle ba lekana le hore litho tsa bolumeli ba bona ha lia lokela ho khethollana ka lebaka la morabe kapa la maemo a moruo?

Ke bolumeli bofe bo rutang litho tsa bona hore li se ke tsa khethollana ka lebaka la lipolotiki, morabe le moruo?