Na e Hlile e Ngotsoe ke Josephus?
Bukeng ea hae ea Jewish Antiquities, ea XX, rahistori oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Flavius Josephus o bua ka lefu la “Jakobo, e leng moena oa Jesu ea neng a bitsoa Kreste.” Litsebi tse ngata li lumela hore polelo ena ke ’nete. Empa tse ling li belaella ho nepahala ha polelo e ’ngoe e mabapi le Jesu bukeng eo. Karolo ena e tsejoang ka hore ke Testimonium Flavianum, e baleha tjena:
“Joale, hoo e ka bang nakong ena, ho ne ho e-na le monna e mong ea bohlale ea bitsoang Jesu, haeba ho molaong hore ke mo bitse joalo, kaha o ne a etsa mesebetsi e babatsehang, a ruta ka tsela eo batho ba neng ba thabela ho amohela ’nete ka eona. O ile a hohela Bajuda le Balichaba ba bangata. E ne e le Kreste; ’me ha Pilato, ka tšusumetso ea banna ba baholo har’a rōna, a mo ahlolela hore a thakhisoe sefapanong, ba mo ratileng qalong ha baa ka ba mo furalla, kaha ka letsatsi la boraro o ile a itlhahisa ho bona a phela, joalokaha baprofeta ba Molimo ba ne ba boletse sena esale pele hammoho le lintho tse ling tse likete tse mashome tse babatsehang ka eena; ’me Bakreste ba reheletsoeng ka eena ba ntse ba le teng le kajeno.”—Josephus—The Complete Works, e fetoletsoe ke William Whiston.
Ho tloha qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo, ho ’nile ha qhoma khang pakeng tsa ba lumelang hore taba ena e nepahetse le ba belaellang hore e ngotsoe ke Josephus. Rahistori oa Mofora ea bitsoang Serge Bardet ebile e le setsebi sa lingoliloeng tsa boholo-holo tsa Bagerike le Baroma, o lekile ho rarolla qaka ena e nkileng lilemo tse fetang makholo a mane. O ile a phatlalatsa phuputso eo a e entseng bukeng ea Le Testimonium Flavianum—Examen historique considérations historiographiques (Testimonium Flavianum—Phuputso e Hlahlobang Lintlha Tsa Histori).
Josephus e ne e se mongoli oa Mokreste. E ne e le rahistori oa Mojuda; kahoo, taba e ka sehloohong eo ho phehisanoang khang ka eona ke hore na Jesu ke “Kreste” kapa che. Ka mor’a ho sekaseka taba ena, Bardet o boletse hore tlotla eo e lumellana “ka ho feletseng le tšebeliso ea Segerike ea lebōpi-khetho mabitsong a batho.” Bardet o ile a phaella ka ho re ho ea ka pono ea Bojuda le Bokreste, “lentsoe Christos leo Josephus a le sebelisitseng le ka sebelisoa” ebile o bontša hore “bahlahlobisisi ba entse phoso ka ho le hlokomoloha.”
Na ho ka etsahala hore ebe taba eo e kenyelelitsoe hamorao ke motho ea neng a leka ho etsisa Josephus? Ho latela bopaki ba histori le bo ngotsoeng, Bardet o ile a etsa qeto ea hore e ka ba mohlolo hore motho e mong a mo etsise ka tsela eo. Ho ne ho tla hlokahala hore motho ea mo etsisang a be le “talenta e ikhethang eo ho seng motho oa mehleng ea boholo-holo ea neng a e-na le eona,” ka mantsoe a mang, motho eo ho ka thoeng ke “Josephus oa bobeli.”
Ke hobane’ng ha litsebi li ngangisana ka taba ee? Bardet o re ha e le hantle motso oa bothata ke hore “ho na le lipelaelo ka Testimonium—ho fapana le lingoliloeng tse ling tse ngata tsa boholo-holo—hobane feela ho bile le lipotso tse itseng tse botsoang ka Testimonium.” O tsoela pele ho re maikutlo ao batho ba bileng le ’ona ho theosa le lilemo a susumetsoa ke leeme, eseng hobane ba hlahlobile bopaki bo ngotsoeng bo tšehetsang taba ea hore e nepahetse.
Ebang phuputso ea Bardet e tla etsa hore litsebi li fetole maikutlo a tsona ka Testimonium Flavianum kapa che ho tla bonahala ha nako e ntse e ea. E ile ea kholisa Pierre Geoltrain, e leng setsebi se hlaheletseng sa Histori ea Bagerike le Tsamaiso ea Bolumeli ba Sejuda hammoho le sa histori ea Bakreste ba pele. O qetile nako e telele a lumela hore Testimonium ke keketso ea se ngotsoeng, a bile a soma ba lumelang hore e nepahetse. Empa o ile a fetola maikutlo. O boletse hore buka ea Bardet ke eona e entseng hore a fetole maikutlo. Geoltrain o bolela hore “ha ho na motho ea lokelang ho belaella seo Josephus a se ngotseng ka hore ke ‘bopaki bo sa kholoeheng.’”
Ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova li na le lebaka le matla le ho feta la ho lumela hore Jesu ke Kreste—le ngotsoe ka ho hlaka ka Bibeleng.—2 Tim. 3:16.