Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsela eo Lefatše Lena le Tla Felisoa ka Eona

Tsela eo Lefatše Lena le Tla Felisoa ka Eona

“Ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu.”—1 BATHES. 5:4.

1. Re tla thusoa ke’ng hore re lule re lebetse le hore re khone ho mamella liteko?

HAUFINYANE ho tla etsahala lintho tse tšosang lefatšeng. Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho tiisa hore sena ke ’nete, kahoo, re lokela ho lula re lebetse. Re tla thusoa ke’ng hore re etse seo? Moapostola Pauluse o re khothalletsa hore re ‘behe mahlo a rōna linthong tse sa bonoeng.’ Ka sebele, re lokela ho nahana ka moputso oa bophelo bo sa feleng oo re tla o fumana, ebang ke leholimong kapa lefatšeng. Pauluse o ile a ngola mantsoe ana ho khothatsa Bakreste ba mehleng ea hae hore ba tsepamise likelello moputsong oo ba neng ba tla o fumana ha ba tšepahala ho Molimo. Ha ba etsa joalo, seo se ne se tla boela se ba thuse hore ba khone ho mamella liteko le mahloriso.—2 Bakor. 4:8, 9, 16-18; 5:7.

2. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore tšepo ea rōna e lule e le matla? (b) Sehloohong see hammoho le se latelang re tla tšohla lintlha life?

2 Keletso ea Pauluse e re ruta thuto ea bohlokoa: E le hore tšepo ea rōna e lule e le matla, ha rea lokela ho nahana ka lintho tseo re li bonang feela. Re boetse re lokela ho tsepamisa likelello liketsahalong tsa bohlokoa tseo re sa khoneng ho li bona hona joale. (Baheb. 11:1; 12:1, 2) Kahoo, a re ke re nahaneng ka liketsahalo tse leshome tseo e leng hona li tla etsahala, tse amanang haholo le tšepo eo re nang le eona ea bophelo bo sa feleng. *

KE SEFE SE TLA ETSAHALA NAKOANA PELE HO BOFELO?

3. (a) Ke ketsahalo efe eo e leng hona e tla etsahala eo ho buuoang ka eona ho 1 Bathesalonika 5:2, 3? (b) Baeta-pele ba lipolotiki ba tla etsa’ng, hona ke bo-mang ba ka ’nang ba sebelisana le bona?

3 Pauluse o bua ka ntho e ’ngoe e tla etsahala nakong  e tlang lengolong leo a neng a le ngoletse Bathesalonika. (Bala 1 Bathesalonika 5:2, 3.) O bua ka “letsatsi la Jehova.” “Letsatsi la Jehova” leo ho buuoang ka lona mona, le tla qala ka hore ho felisoe bolumeli ba bohata, ’me le tla qetella ka ntoa ea Armagedone. Leha ho le joalo, nakoana pele letsatsi leo la Jehova le qala, baeta-pele ba lefatše ba tla be ba re, “Khotso le tšireletseho!” E ka ’na eaba sena e tla ba ketsahalo e le ’ngoe kapa letoto la liketsahalo tse tla latellana. Lichaba li ka ’na tsa nahana hore li haufi le ho rarolla a mang a mathata a tsona a maholo. Baeta-pele ba bolumeli bona ba tla etsa’ng? Ke karolo ea lefatše, kahoo, e ka ’na eaba ba tla ikopanya le baeta-pele ba lipolotiki. (Tšen. 17:1, 2) Kahoo, baruti ba tla be ba etsisa baprofeta ba bohata ba Juda ea mehleng ea boholo-holo. Ha a bua ka bona Jehova o ile a re: “Ba [ntse ba] re, ‘Khotso e teng! Khotso e teng!’ le hoja khotso e le sieo.”—Jer. 6:14; 23:16, 17.

4. Ho fapana le batho ka kakaretso, ke sefe seo re se hlokomelang?

4 Ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang ba tla re, “Khotso le tšireletseho!” ketsahalo eo e tla be e bontša hore letsatsi la Jehova lea qala. Ke ka lebaka leo Pauluse a neng a ka re: “Barab’eso, ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu, kaha kaofela le bara ba leseli.” (1 Bathes. 5:4, 5) Ho fapana le batho ka kakaretso, rōna re utloisisa seo Mangolo a se bolelang ka lintho tse etsahalang kajeno. Ha e le hantle, boprofeta boo bo bolelang hore batho ba tla re, “Khotso le tšireletseho!” bo tla phethahala joang? Re se re tla bona ha seo se etsahala. Kahoo, e se eka re ka ikemisetsa ho lula re “falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.”—1 Bathes. 5:6; Sof. 3:8.

“MOFUMAHALI” O ETSA PHOSO MABAPI LE HO PHOLOHA HA HAE

5. (a) “Matšoenyeho a maholo” a tla qala joang? (b) Ke “mofumahali” ofe ea tla etsa phoso mabapi le ho pholoha ha hae?

5 Ke ketsahalo efe e ’ngoe e sa bonahaleng e tla latela? Pauluse o ile a re: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.” Mokhahlelo oa pele oa “timetso [ena] ea tšohanyetso” ke ho hlaseloa ha “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, eo hape e tsejoang e le “seotsoa.” (Tšen. 17:5, 6, 15) Ha bolumeli bohle ba bohata bo hlaseloa, ho akarelletsa le Bokreste-’mōtoana, e tla ba ho qaleha ha “matšoenyeho a maholo.” (Mat. 24:21; 2 Bathes. 2:8) Batho ba bangata ba tla makala ha sena se etsahala. Hobane’ng? Hobane ho fihlela ka nako eo, seotsoa se tla be se inka e le “mofumahali” eo le ka mohla a ‘ke keng a bona ho siama.’  Leha ho le joalo, hang-hang se tla hlokomela hore se entse phoso mabapi le ho pholoha ha sona. Se tla timetsoa ka potlako, joalokaha eka ke ka “letsatsi le le leng.”—Tšen. 18:7, 8.

6. Bolumeli ba bohata bo tla timetsoa ke mang?

6 Lentsoe la Molimo le bolela hore seotsoa se tla hlaseloa ke “sebata” se nang le “linaka tse leshome.” Ha re ithuta buka ea Tšenolo, rea hlokomela hore sebata se emela Machaba a Kopaneng. “Linaka tse leshome” li emela mebuso eohle ea lipolotiki e teng hona joale e tšehetsang “sebata se ’mala o sekareleta.” * (Tšen. 17:3, 5, 11, 12) Tlhaselo eo e tla baka tšenyo e kae? Lichaba tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng li tla nka matlotlo ’ohle a seotsoa, li pepese bobe ba sona le boitšoaro ba sona bo litšila, li se timetse li be li ‘se chese ka ho feletseng ka mollo.’ Seotsoa se tla timelletsoa ruri.—Bala Tšenolo 17:16.

7. Ke eng e tla etsa hore “sebata” se hlasele seotsoa?

7 Boprofeta ba Bibele bo boetse bo bontša hore na tlhaselo ena e tla qala joang. Ka tsela e itseng, Jehova o tla kenya ka lipelong tsa babusi ba lipolotiki hore ba ‘phethe monahano oa hae,’ e leng hore ba timetse seotsoa. (Tšen. 17:17) Bolumeli bo hlohlelletsang ntoa bo ntse bo tsoela pele ho baka mathata a mangata lefatšeng; kahoo, lichaba li ka ’na tsa nahana hore haeba li felisa seotsoa, seo se tla li tsoela molemo. Ha e le hantle, ha babusi ba hlasela seotsoa, ba tla nahana hore ba phetha ‘monahano oa bona o le mong.’ Leha ho le joalo, ha e le hantle, Molimo o tla be a ba sebelisa hore ba felise bolumeli bohle ba bohata. Kahoo, lintho li tla fetoha ka tsela e makatsang, karolo e ’ngoe ea tsamaiso ea Satane e tla hlasela e ’ngoe ’me Satane a ke ke a ba le matla a ho thibela seo.—Mat. 12:25, 26.

BAHLANKA BA MOLIMO BAA HLASELOA

8. Tlhaselo ea “Gogo oa naha ea Magogo” ke eng?

8 Ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, bahlanka ba Molimo ba tla fumanoa ba ntse ba ‘lutse ba sireletsehile’ ho bile “ho se lerako.” (Ezek. 38:11, 14) Ho tla etsahala’ng ka sehlopha see sa batho ba rapelang Jehova se tla beng se bonahala se sa sireletsoa? Ho bonahala eka “lichaba tse ngata” li tla se hlasela. Lentsoe la Molimo le bolela hore tlhaselo eo ke ea “Gogo oa naha ea Magogo.” (Bala Ezekiele 38:2, 15, 16.) Re lokela ho talima tlhaselo eo joang?

9. (a) Ke ntho efe e ka sehloohong eo Mokreste a lokelang ho ameha ka eona? (b) Ke mehato efe eo re lokelang ho e nka hona joale e le hore re matlafatse tumelo ea rōna?

9 Le hoja re tseba hore bahlanka ba Molimo  ba tla hlaseloa, sena ha se etse hore re tšoenyehe ho tlōla tekanyo. Ho e-na le hoo, ha rea ameha haholo ka ho pholoha ha rōna, empa re amehile ka hore lebitso la Jehova le halaletsoe le hore ho tlosoe qoso bobusing ba hae. Ha e le hantle, ka makhetlo a fetang 60 Jehova o ile a re: “Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezek. 6:7; sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Kahoo, re lebeletse ka tjantjello e khōlō ho bona ha karolo eo e ikhethang ea boprofeta ba Ezekiele e phethahala, re tšepile hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.” (2 Pet. 2:9) Pele nako eo e fihla, re batla ho sebelisa monyetla o mong le o mong oo re nang le oona ho matlafatsa tumelo ea rōna e le hore re tle re tsebe ho tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe hore na re thulana le liteko tsa mofuta ofe. Re lokela ho etsa’ng? Re lokela ho rapela, ho ithuta Lentsoe la Molimo, re thuise ka lona re be re bolelle ba bang molaetsa oa ’Muso. Ha re etsa joalo, re tla etsa hore tšepo eo re nang le eona ea ho fumana bophelo bo sa feleng e be matla joaloka “ankora.”—Baheb. 6:19; Pes. 25:21.

LICHABA LI TLA LOKELA HO TSEBA JEHOVA

10, 11. Armagedone e tla qala joang, hona ho tla etsahala’ng nakong eo?

10 Ke ketsahalo efe e tšosang e tla qala ha bahlanka ba Jehova ba hlaseloa? Jehova o tla sebelisa Jesu hammoho le mabotho a leholimo ho sireletsa bahlanka ba Hae. (Tšen. 19:11-16) Ena e tla ba ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’—e leng Armagedone.—Tšen. 16:14, 16.

11 Mabapi le ntoa eo, Jehova o ile a sebelisa Ezekiele ho etsa phatlalatso ena: “‘Ke tla . . . bitsetsa [Gogo] sabole sebakeng sohle sa ka se lithaba,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. ‘Sabole ea e mong le e mong e tla ba khahlanong le mor’abo.’” Ka lebaka la ho tšoha, batho ba ka lehlakoreng la Satane ba tla ferekana ’me ba tla loantšana—mohlabani o tla hlasela mohlabani oa habo. Leha ho le joalo, Satane le eena o tla oeloa ke tlokotsi. Jehova o re: “Ke tla nesa mollo le sebabole holim’a [Gogo] le holim’a lihlopha tsa hae le holim’a lichaba tse ngata tse tla beng li e-na le eena.” (Ezek. 38:21, 22) Litholoana tsa bohato boo, boo Molimo a tla bo nka e tla ba life?

12. Lichaba li tla tlameha ho etsa’ng?

12 Lichaba li tla tlameha ho hlokomela hore li timetsoa hobane Jehova e le eena ea faneng ka taelo ea hore li timetsoe. Joale, batho ba ka lehlakoreng la Satane ba ka ’na ba bua mantsoe a ileng a buuoa ke Baegepeta ba ileng ba phalalisa Baiseraele ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu, ba ileng ba hooa ba re: “Ka sebele Jehova [oa] ba loanela”! (Ex. 14:25) Lichaba li tla tseba hore na Jehova ke mang. (Bala Ezekiele 38:23.) Re haufi hakae le hore liketsahalo tsee li qale ho etsahala?

HA HO SA TLA BA LE ’MUSO O MONG OA LEFATŠE

13. Ke sefe seo re se tsebang ka karolo ea bohlano ea setšoantšo seo Daniele a buang ka sona?

13 Boprofeta bo bukeng ea Daniele bo re thusa ho hlokomela hore na re phela nakong efe. Daniele o hlalosa setšoantšo se kang motho se entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng. (Dan. 2:28, 31-33) Se tšoantšetsa mebuso ea lefatše e latellanang e ileng ea e-ba le tšusumetso e matla ho batho ba Molimo ba mehleng ena le ba nakong e fetileng. Mebuso eo ke Babylona, Medo-Persia, Greece, Roma—le ’muso o mong oa lefatše oo e leng oa ho qetela o teng mehleng ena ea rōna. Boprofeteng ba Daniele re ithuta hore maoto le menoana ea setšoantšo sena li emela ’muso ona oa lefatše. Nakong ea Ntoa ea 1 ea Lefatše, Brithani e ile ea theha maqhama a ikhethang le United States. Ka sebele, karolo ea bohlano ea setšoantšo seo Daniele a buang ka sona e emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane  le Maamerika. Maoto ke karolo ea ho qetela ea setšoantšo, e leng se bontšang hore ha ho sa tla hlola ho e-ba le ’muso o mong oa batho oa lefatše. Taba ea hore ebe maoto a entsoe ka tšepe le letsopa, e bontša bofokoli boo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o nang le bona.

14. Ke ’muso ofe oa lefatše o tla beng o busa ha ntoa ea Armagedone e qala?

14 Boprofeta boo, bo bolela hore ’Muso oa Molimo o tšoantšetsoang ke lejoe le leholo, o ile oa khephoha thabeng ea bobusi ba Jehova ka 1914. Hona joale, lejoe leo le thetehela maotong a setšoantšo. Ka ntoa ea Armagedone, maoto hammoho le setšoantšo li tla silakanngoa. (Bala Daniele 2:44, 45.) Kahoo,’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e tla be e ntse e le oona ’muso o matla oa lefatše ha ntoa ea Armagedone e qala. Ruri e tla ba ntho e hlollang ho bona ha boprofeta bona bo phethahala ka botlalo! * Joale, ebe Jehova o tla etsa’ng ka Satane?

HO TLA ETSAHALA’NG KA SERA SE SEHOLO SA MOLIMO?

15. Ka mor’a Armagedone, ho tla etsahala’ng ka Satane le bademona ba hae?

15 Pele, Satane o tla bona ha tsamaiso eohle ea hae e lefatšeng e timetsoa ka ho feletseng. Ka mor’a moo, Molimo o tla nkela Satane bohato. Moapostola Johanne o bolela hore na ke sefe se tla latela. (Bala Tšenolo 20:1-3.) Jesu Kreste—e leng ‘lengeloi le nang le senotlolo sa mohohlo’—o tla tšoara Satane hammoho le bademona, a ba lahlele ka mohohlong ’me a ba boloke moo ka lilemo tse sekete. (Luka 8:30, 31; 1 Joh. 3:8) Ketsahalo eo ke karolo ea pele ea ho khoba hlooho ea noha. *Gen. 3:15.

16. Boemo ba Satane e tla ba bofe ha a le ka “mohohlong”?

16 “Mohohlo” oo Satane le bademona ba liheloang ho oona ke eng? Lentsoe la Segerike e leng a′bys·sos, le sebelisitsoeng ke Johanne le bolela “ntho e tebileng haholo.” Le boetse le fetoletsoe e le “e ke keng ea lekanngoa, e khōlō haholo” le “mokoti o se nang moo o fellang teng.” Kahoo, ke sebaka seo ho hang ho se nang motho ea ka fihlang ho sona haese Jehova le lengeloi leo a le khethileng ‘le nang le senotlolo sa mohohlo.’ Sebakeng seo, ho tla tšoana leha eka Satane o shoele ha a khone ho etsa letho, e le hore a ‘se ke a hlola a khelosa lichaba.’ Ka sebele, “tau [eo] e purumang” e tla khutsisoa!—1 Pet. 5:8.

LIKETSAHALO TSE TLA ETELLA PELE NAKO EA KHOTSO

17, 18. (a) Ke liketsahalo life tse e-s’o bonoe tseo re seng re li tšohlile? (b) Ka mor’a liketsahalo tsee, ho tla ba le nako ea eng?

17 Haufinyane ho tla etsahala liketsahalo tsa bohlokoa le tse tšosang. Re lebeletse ho bona hore na mohoo oa “Khotso le tšireletseho!” o tla phethahala joang. Ka mor’a moo, re tla bona ha Babylona e Moholo e timetsoa, ha Gogo oa Magogo a hlasela, ha ntoa ea Armagedone e loanoa le ha Satane le bademona ba liheloa ka mohohlong. Ka mor’a liketsahalo tsena, bokhopo bohle bo tla be bo felile, ’me bophelo ba rōna bo tla fetoha haholo nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete kaha nakong eo ho tla ba le ‘khotso e ngata.’—Pes. 37:10, 11.

18 Ho phaella liketsahalong tse hlano tseo re seng re li tšohlile, ho na le “lintho tse [ling tse] sa bonoeng” tseo re lokelang ho ‘beha mahlo a rōna’ ho tsona. Re tla tšohla liketsahalo tsena sehloohong se latelang.

^ ser. 2 Liketsahalo tseo tse leshome li tšohloa sehloohong sena le se latelang.

^ ser. 6 Sheba Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! leqepheng la 251-258.

^ ser. 14 Poleloana e reng, “o felise mebuso ena kaofela,” e hlahang ho Daniele 2:44, e bua ka mebuso ea lefatše e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapa-fapaneng tsa setšoantšo. Leha ho le joalo, boprofeta ba Bibele bo tšoanang le boo, bo bontša hore “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a tla ba khahlanong le Jehova ‘letsatsing le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ (Tšen. 16:14; 19:19-21) Kahoo, hase mebuso e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapa-fapaneng tsa setšoantšo feela e tla felisoa, empa ho tla felisoa le mebuso e meng eohle ea lefatše lena ka ntoa ea Armagedone.

^ ser. 15 Karolo ea ho qetela ea ho khoba hlooho ea noha e etsahala qetellong ea lilemo tse sekete ha Satane le bademona ba hae ba liheloa ka “letšeng la mollo le sebabole.”—Tšen. 20:7-10; Mat. 25:41.