“Tšelisa Bohle ba Siameng”
“Tšelisa Bohle ba Siameng”
“Jehova o ntlotselitse . . . ho tšelisa bohle ba siameng.”—ESA. 61:1, 2.
1. Jesu o ile a etsetsa batho ba siameng eng, hona hobane’ng?
JESU KRESTE o ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Joh. 4:34) Ha Jesu a ne a etsa mosebetsi oo a neng a o filoe ke Molimo, o ile a bonahatsa litšobotsi tse hlollang tsa Ntate oa hae. Litšobotsi tseo li akha lerato le leholo leo Jehova a ratang batho ka lona. (1 Joh. 4:7-10) Moapostola Pauluse o ile a bua ka tsela e ’ngoe eo Jehova a ileng a bontša lerato leo ka eona ha a ne a re Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakor. 1:3) Jesu o ile a bontša lerato le joalo ha a ne a etsa se boletsoeng esale pele boprofeteng ba Esaia. (Bala Esaia 61:1, 2.) Jesu o ile a bala boprofeta boo ha a ne a le ka synagogeng Nazaretha ’me a bolela hore mantsoe ao a ne a phethahala ho eena. (Luka 4:16-21) Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, ka lerato Jesu o ile a tšelisa ba siameng, a ba khothatsa ’me a etsa hore ba be le khutso.
2, 3. Ke hobane’ng ha balateli ba Kreste ba lokela ho mo etsisa ka hore ba tšelise batho ba bang?
2 Balateli bohle ba Jesu ba lokela ho mo etsisa ka hore ba tšelise batho ba siameng. (1 Bakor. 11:1) Pauluse o ile a re: “Le ’ne le tšelisane le ho hahana.” (1 Bathes. 5:11) Re lokela ho tšelisa batho ba bang haholo-holo hona joale, kaha batho ba phela “[linakong] tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) Batho ba bangata ba lipelo li ntle lefatšeng lohle, ba lula ba hanyetsoa ke batho ba ba hlabang ka mantsoe le ba ba utloisang bohloko ka liketso.
3 Joalokaha boprofeta ba Bibele bo ile ba bolela esale pele, matsatsing ana a ho qetela, batho ba bangata ke “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” Mekhoa e joalo e mebe haholo hona joale ho feta neng kapa neng kaha ‘batho ba khopo le baikhakanyi ba tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.’—2 Tim. 3:2-4, 13.
4. Maemo a lefatše a ’nile a e-ba joang mehleng ea rōna?
4 Lintho tsena kaofela ha lia lokela ho re makatsa kaha Lentsoe la Molimo lea hlakisa hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Joh. 5:19) “Lefatše lohle” le akarelletsa tsamaiso ea lipolotiki, bolumeli le khoebo hammoho le litsi tsa phatlalatso tse hasang mashano. Ntle ho pelaelo, ka nepo Satane Diabolose o bitsoa “’musi oa lefatše” le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (Joh. 14:30; 2 Bakor. 4:4) Lintho li ntse li mpefala lefatšeng kaha hona joale Satane o halefile haholo hobane oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane pele Jehova a mo tlosa tseleng. (Tšen. 12:12) Ruri hoa khothatsa ho tseba hore haufinyane Molimo o tla felisa Satane hammoho le tsamaiso ea hae e khopo, ’me tseko eo Satane a ileng a e hlahisa mabapi le bobusi ba Jehova e tla rarolloa!—Gen., khao. 3; Jobo, khao. 2.
Litaba Tse Molemo li Boleloa Lefatšeng Lohle
5. Boprofeta bo mabapi le mosebetsi oa boboleli bo phethahala joang matsatsing aa a ho qetela?
5 Nakong ena e boima ka ho fetisisa historing ea batho, lintho tseo Jesu a ileng a li bolela esale pele lia phethahala. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:14) Mosebetsi ona oa ho fana ka bopaki lefatšeng lohle mabapi le ’Muso oa Molimo, o ntse o etsoa ka sekhahla. Kajeno, Lipaki Tsa Jehova tse fetang 7 500 000, tse kopanelang le liphutheho tse fetang 107 000 lefatšeng lohle, li bolela ka ’Muso oa Molimo, feela joalokaha Jesu le eena a ne a bolela a bile a ruta ka oona. (Mat. 4:17) Ka lebaka la mosebetsi oa boboleli oo re o etsang kajeno, batho ba siameng ba tšelisoa haholo. Lilemong tse peli tse fetileng, batho ba 570 601, ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova!
6. U nahana’ng ka khōlo ea mosebetsi oa rōna oa boboleli?
6 Ntho e bontšang hore na mosebetsi ona oa boboleli o moholo hakae, ke hore ebe hona joale Lipaki Tsa Jehova li fetolela le ho aba lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse fetang 500. Historing eohle ea motho ha ho e-s’o ka ho e-ba le ntho e tjena! Ruri ke ntho e hlollang hore ebe ho na le karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova, le hore ebe e etsa mosebetsi ebile ea hōla. Haeba e ne e se ka tataiso le thuso ea moea o halalelang oa Molimo o matla ho ne ho ke ke ha khoneha hore ntho e joalo e etsahale lefatšeng lena le laoloang ke Satane. Kaha litaba tse molemo li boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, hase balumeli-’moho le rōna feela bao hona joale ba tšelisoang ke Mangolo, empa le batho ba siameng ba amohelang molaetsa oa ’Muso ba fumana matšeliso.
Ho Tšelisa Balumeli-’moho le Rōna
7. (a) Ke hobane’ng ha re ke ke ra lebella hore Jehova a tlose maemo ’ohle a bakang matšoenyeho hona joale? (b) Re tseba joang hore ho ka khoneha hore re mamelle liteko le mahloriso?
7 Lefatšeng lena le tletseng bokhopo le mahlomola, joang kapa joang re tla thulana le maemo a bakang matšoenyeho. Re ke ke ra lebella hore pele Molimo a timetsa tsamaiso ena ea lintho, a felise lintho tsohle tse hlokisang batho thabo kapa tse etsang hore ba utloe bohloko. Ho ntse ho le joalo, ha re thulana le mahloriso ao ho boletsoeng ka ’ona esale pele, ho tla hlokahala hore re bontše hore na re tšepahala ho Jehova ebile re tšehetsa bobusi ba hae ba bokahohleng kapa che. (2 Tim. 3:12) Leha ho le joalo, ha re thusoa re bile re tšelisoa ke Ntate oa rōna ea leholimong, re ka tšoana le Bakreste ba tlotsitsoeng ba Thesalonika ea boholo-holo ba ileng ba bontša mamello le tumelo ha ba ne ba thulana le liteko le mahloriso.—Bala 2 Bathesalonika 1:3-5.
8. Ke bopaki bofe ba Mangolo bo bontšang hore Jehova o tšelisa bahlanka ba hae?
8 Ha ho pelaelo hore Jehova o fa bahlanka ba hae matšeliso ao ba a hlokang. Ka mohlala, ha Mofumahali Jezebele ea khopo a ne a batla ho bolaea moprofeta Elia, moprofeta eo o ile a felloa ke sebete eaba oa baleha, a ba a re o batla ho shoa. Empa ho e-na le hore Jehova a khalemele Elia ka matla, o ile a mo tšelisa a ba a mo fa sebete e le hore a tsoele pele ka mosebetsi oa hae oa boprofeta. (1 Mar. 19:1-21) Mohlala o mong o bontšang hore Jehova o tšelisa batho ba hae, ke se ileng sa etsahalla phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Ka mohlala, re bala ka nako eo ka eona “phutheho ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela [e ileng] ea kena nakong ea khotso, e ntse e hahoa.” Ho feta moo, “ha e ntse e tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang ea ’na ea tsoela pele ho ata.” (Lik. 9:31) Ruri le rōna rea thaba hore ebe re na le ‘matšeliso a moea o halalelang’!
9. Ke hobane’ng ha ho ithuta ka Jesu ho ka re tšelisa?
9 Kaha re Bakreste, re tšelisoa ke ho ithuta ka Jesu Kreste le ka ho tsamaea mehatong ea hae. Jesu o ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Ha re ithuta ka tsela e matlafatsang eo Jesu a neng a tšoara batho ba bang ka eona re bile re latela mohlala oa hae o molemo, seo se ka re thusa haholo hore re fokotse ho tšoenyeha hoo re ka bang le hona.
10, 11. Ke bo-mang ba ka tšelisang ba bang ka phuthehong?
10 Re ka boela ra tšelisoa ke Bakreste-’moho le rōna. Ka mohlala, nahana kamoo baholo ba phutheho ba thusang batho ba thulanang le matšoenyeho kateng. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang [moeeng] har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle.” Litholoana tsa seo e tla ba life? “Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.” (Jak. ) Litho tse ling tsa phutheho le tsona li ka fana ka matšeliso. 5:14, 15
11 Hangata basali ba nolofalloa ho bua le basali ba bang ka mathata a fapa-fapaneng. Ka ho khetheha, baralib’abo rōna ba hōlileng ba nang le boiphihlelo, ba ka fa baralib’abo rōna ba bacha keletso e molemo. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste bana ba hōlileng ba ’nile ba thulana le maemo a tšoanang bophelong ba bona. Ka ho mamela le ho bontša kutloelo-bohloko ba ka thusa baralib’abo rōna ba bacha haholo. (Bala Tite 2:3-5.) Ke ’nete hore baholo esita le ba bang le bona ba lokela ho ‘bua ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng’ e har’a rōna. (1 Bathes. 5:14, 15) Hape, ke hantle ho hopola hore Molimo oa re ‘tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna, e le hore re ka khona ho tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe.’—2 Bakor. 1:4.
12. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be teng libokeng tsa Bokreste?
12 Tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho fumana matšeliso, ke hore re be teng libokeng tsa Bokreste moo re khothatsoang ke ha ho tšohloa Bibele. Bibele e re Judase le Silase ba ile “ba khothatsa barab’abo rōna ka lipuo tse ngata ’me ba ba matlafatsa.” (Lik. 15:32) Pele ho liboka le ka mor’a tsona, litho tsa phutheho li buisana ka tsela e khothatsang. Kahoo, le haeba re utloa bohloko ka lebaka la boemo bo itseng bo tšoenyang, a re se keng ra itšehla thajana, kaha ho etsa joalo ho ke ke ha ntlafatsa maemo. (Liprov. 18:1) Ho e-na le hoo, e ka ba hantle hore re latele keletso ena ea moapostola Pauluse e bululetsoeng e reng: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheb. 10:24, 25.
Fumana Matšeliso Lentsoeng la Molimo
13, 14. Bontša hore na Mangolo a ka re tšelisa joang.
13 Ebang re Bakreste ba kolobelitsoeng kapa re batho ba sa tsoa qala ho ithuta ka Molimo le merero ea hae, re ka fumana matšeliso a maholo Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng. Pauluse o ile a ngola a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Bar. 15:4) Mangolo a Halalelang a ka re tšelisa ’me a etsa hore re ‘tšoanelehe ka botlalo, re hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Tim. 3:16, 17) Ho tseba ’nete ka merero ea Molimo le ho ba le tšepo ea sebele ka bokamoso ho ka re tšelisa haholo. Kahoo, a re sebeliseng Lentsoe la Molimo ka botlalo hammoho le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse ka re tšelisang tsa ba tsa re tsoela molemo ka litsela tse ngata.
14 Jesu o re behetse mohlala o motle ka ho sebelisa Luka 24:32) Ha a etsisa mohlala oa Jesu o babatsehang, moapostola Pauluse o ile ‘a beha mabaka ka Mangolo.’ Ha a le Berea, bamameli ba hae ba ile ba “amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng.” (Lik. 17:2, 10, 11) Ruri ke habohlokoa hore re bale Bibele letsatsi le leng le le leng, re rue molemo ho eona hammoho le lingoliloeng tsa Bokreste tseo morero oa tsona e leng ho re tšelisa le ho re fa tšepo linakong tsena tse likhathatso!
Mangolo ho ruta ba bang le ho ba tšelisa. Ka mohlala, ho le leng la makhetlo ao a ileng a hlaha ho barutuoa ba hae ka ’ona ka mor’a tsoho ea hae, o ile a “bulela [barutuoa ba hae ba babeli] Mangolo ka botlalo.” Ha a ntse a bua le bona ba ile ba ameha lipelo haholo. (Litsela Tse Ling Tsa ho Tšelisa ba Bang
15, 16. Ke lintho life tseo re ka li etsang ho thusa le ho tšelisa Bakreste-’moho le rōna?
15 Re ka thusa le ho tšelisa Bakreste-’moho le rōna ka litsela tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, re ka ela balumeli-’moho le rōna ba hōlileng kapa ba kulang mabenkeleng. Re ka ’na ra thusa ba bang ka mesebetsi ea bona ea lapeng, ’me ka tsela eo ra bontša hore rea ba thahasella. (Bafil. 2:4) Mohlomong re ka babatsa balumeli-’moho le rōna ka litšobotsi tsa bona tse ntle tse kang lerato, ho ba mahlahahlaha, ho ba sebete le ho ba le tumelo.
16 Ha re batla ho tšelisa batho ba hōlileng, re ka ba etela ’me ra ba mamela ka hloko ha ba re phetela liphihlelo tsa bona tsa nako e fetileng le ka tsela eo Jehova a ba hlohonolofalitseng ka eona tšebeletsong ea hae. Ha e le hantle, sena se ka re khothatsa sa ba sa re tšelisa! Re ka ’na ra balla batho bao re ba etetseng Bibele kapa lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Mohlomong re ka hlahloba sehlooho se ithutoang Thutong ea Molula-Qhooa ea bekeng eo kapa boitsebiso bo tla tšohloa Thutong ea Bibele ea Phutheho ea beke eo. Re ka ’na ra shebella le bona DVD e buang ka taba e itseng ea Mangolo. Hape, re ka ’na ra ba balla kapa ra ba phetela liphihlelo tse khothatsang tse ka har’a lingoliloeng tsa rōna.
17, 18. Kaha re bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore o tla re tšehetsa a be a re tšelise?
17 Haeba re hlokomela hore morapeli-’moho le rōna o hloka matšeliso, re ka mo rapella ha re rapela boinotšing. (Bar. 15:30; Bakol. 4:12) Ha re ntse re sebetsana le mathata a bophelo ’me re etsa boiteko bo matla ba ho tšelisa ba bang, re ka ba le tumelo le kholiseho e tšoanang le ea mopesaleme ea ileng a bina a re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova. O tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” (Pes. 55:22) Ka sebele, kamehla Jehova o tla re tšelisa a be a re tšehetse kaha re bahlanka ba hae ba tšepahalang.
18 Ha a bua le barapeli ba hae ba boholo-holo Molimo o ile a re: “’Na—ke ’na Ea le tšelisang.” (Esa. 51:12) Jehova o tla re etsetsa se tšoanang ’me o tla hlohonolofatsa lipolelo hammoho le liketso tsa rōna tse ntle ha re ntse re tšelisa batho ba siameng. Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, e mong le e mong oa rōna a ka tšelisoa ke mantsoe ao Pauluse a ileng a a bolella Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng ka moea ha a ne a re: “E se eka Morena oa rōna Jesu Kreste le Molimo Ntate, ba ileng ba re rata eaba ba fana ka matšeliso a sa feleng le tšepo e molemo ka mosa o sa tšoanelang, ba ka tšelisa lipelo tsa lōna le ho le tiisa ketsong e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le lentsoeng le leng le le leng le molemo.”—2 Bathes. 2:16, 17.
Na U sa Hopola?
• Mosebetsi oa rōna oa ho tšelisa ba siameng o atile hakae?
• Ke lintho life tseo re ka li etsang ho tšelisa ba bang?
• Ke bopaki bofe ba Mangolo bo bontšang hore Jehova o tšelisa batho ba hae?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Na u tšelisa ba siameng?
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Batho ba baholo le ba bacha ba ka khothatsa ba bang