Na U Tla Mamela Litemoso Tse Hlakileng Tsa Jehova?
Na U Tla Mamela Litemoso Tse Hlakileng Tsa Jehova?
“Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—ESA. 30:21.
1, 2. Satane o ikemiselitse ho etsa’ng, ’me Lentsoe la Molimo le re thusa joang?
LETŠOAO la tsela le supileng hosele ha le lahle batho feela empa le ka ba kotsi. Nka hore motsoalle oa hao o u lemositse hore ho na le motho ea khopo ea fetotseng letšoao la tsela ka boomo e le hore a ka lematsa batsamai ba sa hlokomelang. Na u ne u tla hlokomoloha temoso eo?
2 Bonneteng, Satane ke sera se khopo se ikemiselitseng ho re khelosa. (Tšen. 12:9) Lintho tsohle tseo re buileng ka tsona sehloohong se fetileng tse ka re susumelletsang ho etsa se sebe li tsoa ho eena, ’me morero oa hae ke ho re faposa tseleng e isang bophelong bo sa feleng. (Mat. 7:13, 14) Rea thaba hore ebe Molimo oa rōna ea mosa o re lemosa hore re se ke ra latela ‘matšoao a Satane’ a re khelosang tsela. A re tšohleng lintho tse ling tse tharo tseo Satane a ka re qhekellang ka tsona. Ha re ntse re tšohla kamoo Lentsoe la Molimo le re thusang kateng hore re se ke ra khelosoa, e se eka re ka bona ka mahlo a kelello ha Jehova a tsamaea ka mor’a rōna a re supisa tsela e nepahetseng, a re: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” (Esa. 30:21) Ha re nahana ka litemoso tse hlakileng tsa Jehova, seo se tla matlafatsa qeto ea rōna ea ho mo mamela.
Le se ke la Latela “Mesuoe ea Bohata”
3, 4. (a) Mesuoe ea bohata e tšoana joang le liliba tse psheleng? (b) Hangata mesuoe ea bohata e tsoa hokae, hona e batla’ng?
3 Ak’u nahane u le leetong naheng e ommeng. U bona seliba hojana ’me u leba ho sona ka tšepo ea hore u tla fumana metsi ’me u tlose lenyora. Leha ho le joalo, ha u fihla ho sona, u fumana hore se pshele. U ne u tla soetseha hakaakang! Mesuoe ea bohata e tšoana le liliba tse psheleng. Ruri mang kapa mang ea batlang metsi a ’nete ho tsona o tla soetseha. Jehova o sebelisitse moapostola Pauluse le moapostola Petrose hore ba re lemose ka mesuoe ea bohata. (Bala Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1-3.) Mesuoe ee ke efe? Mantsoe a bululetsoeng a baapostola bana ba babeli a re thusa ho bona hore na mesuoe ea bohata e tsoa hokae le hore na e sebetsa joang.
4 Pauluse o ile a re ho baholo ba phutheho ea Efese: “Har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng.” Ha Petrose a ngolla Bakreste-’moho le eena o ile a re: “Ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna.” Kahoo, mesuoe ea bohata e tsoa hokae? E ka ’na ea hlaha ka phuthehong. Mesuoe eo ke bakoenehi. * Ba batla eng? Ha ba khotsofalle feela hore ba tlohele mokhatlo ona oo mohlomong ba neng ba o rata. Pauluse o hlalosa hore sepheo sa bona ke hore “ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” Barutuoa bana bao Pauluse a buang ka bona, ke barutuoa ba Kreste. Ho e-na le hore bakoenehi ba tsamaee ba e’o iketsetsa barutuoa, ba batla ho utsoa barutuoa ba Kreste. Mesuoe ena ea bohata e tšoana le “liphiri tse harolang” linku, kaha e batla ho senya tumelo ea litho tsa phutheho tse sa belaelleng batho ba bang ebile e batla hore li lahle ’nete.—Mat. 7:15; 2 Tim. 2:18.
5. Mesuoe ea bohata e sebelisa mekhoa efe?
5 Mesuoe ea bohata e sebetsa joang? Mekhoa ea eona e bontša hore ke balotsana. Bakoenehi ba “tlisa ka lenyele” maikutlo a senyang phutheho. Ba etsisa limokolara tse kenyang lintho ka mokunyata ka har’a naha, kaha ba kenya likhopolo tsa bokoenehi ka bolotsana. Feela joalokaha senokoane se etsa litokomane tsa mokunyata, bakoenehi 2 Pet. 2:1, 3, 13; 3:16) Ho hlakile hore bakoenehi ha ba re lakaletse katleho. Ntho feela eo re tla e kotula ha re ba latela, ke ho fapoha tsela e isang bophelong bo sa feleng.
le bona ba sebelisa “mantsoe a iqapetsoeng,” kapa mabaka a bohata, moo ba lekang hore likhopolo tseo ba iqallang tsona li utloahale eka ke ’nete. Ba jala ‘lithuto tse thetsang,’ ba ‘sotha Mangolo’ hore a lumellane le likhopolo tsa bona. (6. Bibele e re fa keletso efe e hlakileng mabapi le mesuoe ea bohata?
6 Re ka itšireletsa joang hore mesuoe ea bohata e se ke ea re lematsa? Bibele e fana ka keletso e hlakileng ea hore na re sebetsane le eona joang. (Bala Baroma 16:17; 2 Johanne 9-11.) Lentsoe la Molimo le re: “Le ba qobe.” Liphetolelo tse ling li beha polelo ena ka ho re, “le ba sesefe,” “le ba furalle,” e ’ngoe e re “le suthele hōle le bona!” Keletso ena e bululetsoeng e hlakile. Nka hore ngaka e u boleletse hore u qobe motho ea tšoeroeng ke boloetse bo tšoaetsanoang, bo bolaeang. U ne u tla utloisisa seo ngaka e se bolelang ’me u latele keletso ea eona kahohle-hohle. Bakoenehi ba “kula kelellong” ’me ba batla ho tšoaetsa batho ba bang lithuto tsa bona tsa ho se tšepahale. (1 Tim. 6:3, 4) Jehova, Ngaka e Khōlō, o re bolella hore re ba qobe. Re tseba seo a se bolelang, empa na re ikemiselitse ho mamela temoso ea hae maemong ’ohle?
7, 8. (a) Ke lintho life tse bontšang hore re qoba mesuoe ea bohata? (b) Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho ema u tiile khahlanong le mesuoe ea bohata?
7 Ke lintho life tse bontšang hore re qoba mesuoe ea bohata? Ha re e amohele matlung a rōna ebile ha re e lumelise. Hape, ha re bale lingoliloeng tsa eona, ha re e shebelle thelevisheneng, ha re bale lintho tseo e li ngotseng Inthaneteng ebile ha re arabisane le eona Inthaneteng. Ke hobane’ng ha re ema re tiile joalo? Re ema re tiile ka lebaka la lerato. Re rata “Molimo oa ’nete,” kahoo ha re thahaselle lithuto tse sothiloeng tse hanyetsang Lentsoe la hae la ’nete. (Pes. 31:5; Joh. 17:17) Re boetse re rata mokhatlo oa Jehova o re rutileng linnete tse hlollang—tse akarelletsang lebitso la Jehova le seo le se bolelang, morero oa Molimo ka lefatše, boemo boo bafu ba leng ho bona le tšepo ea tsoho. Na ua hopola hore na u ile ua ikutloa joang ha u qala ho ithuta linnete tsee esita le linnete tse ling tsa bohlokoa? Kahoo, u se ke ua lumela hore mesuoe ea bohata e u furallise mokhatlo o u rutileng linnete tsena.—Joh. 6:66-69.
8 Ho sa tsotellehe hore na mesuoe ea bohata e re’ng, re ke ke ra e latela! Ha re na lebaka la ho mamela batho ba tšoanang le liliba tse psheleng hobane ho etsa joalo ho ka fella ka hore re qhekelloe re be re soetsehe. Ho e-na le hoo, a re ikemisetseng ho lula re tšepahala ho Jehova hammoho le mokhatlo oo e leng khale o tima lenyora la rōna ka metsi a hloekileng le a nyorollang a ’nete, a tsoang Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo.—Esa. 55:1-3; Mat. 24:45-47.
Le se ke la Latela “Lipale Tsa Bohata”
9, 10. Pauluse o ile a fa Timothea temoso efe mabapi le “lipale tsa bohata,” ’me mohlomong Pauluse o ne a nahanne ka eng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
9 Ka linako tse ling, ho ka ba bonolo ho lemoha hore ho na le motho ea sentseng letšoao la 1 Timothea 1:3, 4.) E le hore re se ke ra kheloha tseleng e isang bophelong, re lokela ho fumana karabo ea potso ena, Lipale tsa bohata ke life, hona re ka qoba ho li ela hloko joang?
tsela le hore le supile hosele, empa ka linako tse ling, ha ho bonolo. Hoa tšoana le ka lintho tseo Satane a ka li sebelisang ho re susumelletsa ho etsa se sebe, tse ling li totobetse empa tse ling li poteletse. Moapostola Pauluse o re lemosa ka bomenemene bo bong ba Satane ’me bona ke “lipale tsa bohata.” (Bala10 Temoso eo Pauluse a faneng ka eona mabapi le lipale tsa bohata ke karolo ea lengolo la hae la pele le eang ho Timothea, eo e neng e le molebeli oa Mokreste ea filoeng taelo ea hore a boloke phutheho e hloekile le hore a thuse balumeli-’moho le eena hore ba lule ba tšepahala. (1 Tim. 1:18, 19) Pauluse o sebelisa lentsoe la Segerike le ka bolelang tšōmo, taba eo e seng ea ’nete kapa ea bohata. Ho ea ka The International Standard Bible Encyclopaedia, lentsoe lena le bolela “pale (ea bolumeli) ea ntho e sa kang ea etsahala.” Mohlomong Pauluse o ne a nahanne ka mashano a bolumeli a neng a ntšetsoa pele ka lipale kapa litšōmo tsa boholo-holo tse thahasellisang. * Lipale tsena li ‘hlahisa lipotso bakeng sa phuputso’—ke hore, li tsosa lipotso tsa lefeela tse batlang hore motho a etse phuputso e se nang thuso. Lipale tsa bohata ke leqheka la moqhekelli e moholo, Satane, ea sebelisang mashano a bolumeli le litšōmo tsa batho ba sa tšabeng Molimo ho sitisa batho ba sa belaelleng letho ho etsa lintho tsa bohlokoa. Keletso ea Pauluse e hlakileng e re, Le se ke la ela hloko lipale tsa bohata!
11. Satane o sebelisitse bolumeli ba bohata ka bohlale joang hore a khelose batho, ’me a ke ke a re khelosa haeba re mamela temoso efe?
11 Lipale tse ling tsa bohata tse ka ’nang tsa khelosa ba sa falimehang ke life? Ha e le hantle, poleloana e reng “lipale tsa bohata” e hlalosa leshano le leng le le leng la bolumeli le ka etsang hore re ee “hōle le ’nete.” (2 Tim. 4:3, 4) Satane, ea iketsang eka ke “lengeloi la leseli,” o khelositse batho ka bohlale a sebelisa bolumeli ba bohata. (2 Bakor. 11:14) Ka mohlala, malumeli a Bokreste-’mōtoana a bolela hore a latela Kreste, empa a ruta mashano a kang thuto ea Boraro-bo bong, ea mollo oa lihele le ea hore moea oa motho ha o shoe, e leng lithuto tse atileng litšōmong le lipaleng tsa bohata. Malumeli a Bokreste-’mōtoana a boetse a buella matsatsi a phomolo, a kang Keresemese le Easter, a nang le meetlo e bonahalang e sa fosahala, le hoja bonneteng e simolohile litumelong tsa bohata le boheteneng. Ha re mamela temoso ea Molimo ea hore re tsoe har’a bona ’me re “khaotse ho ama ntho e sa hloekang,” re ke ke ra khelosoa ke lipale tsa bohata.—2 Bakor. 6:14-17.
12, 13. (a) Satane o jetse mashano afe, ’me ’nete ke efe mabapi le le leng le le leng la ’ona? (b) Re ka qoba ho khelosoa ke lipale tsa bohata tsa Satane joang?
12 Satane o jetse mashano a mang a ka ’nang a re khelosa haeba re sa hlokomele. Nahana ka mehlala e kang ena. Etsa seo u se ratang—motho le motho oa ikhethela. Taba ke hore na uena u ikutloa joang. Maikutlo ana a buelloa mecheng ea phatlalatso ’me a bonahala boithabisong. Maikutlo ana a sothehileng ao batho ba nang le ’ona ka melao ea Molimo a re hatella hore ho hang re se ke ra ba le boitšoaro. Empa ’nete ke hore litabeng tsa boitšoaro, ruri re hloka tataiso eo re ka e fuoang ke Molimo feela. (Jer. 10:23) Molimo ha a na taba le lintho tse etsahalang lefatšeng. Ha re susumetsoa ke maikutlo ana a ho phelela kajeno feela, re ka fetoha “ba sa sebetseng kapa ba sa beheng.” (2 Pet. 1:8) ’Nete ke hore letsatsi la Jehova le tla ka potlako, ’me re tlameha ho lula re le lebeletse. (Mat. 24:44) Molimo ha a u tsotelle. Ho lumela leshano lena la Satane ho ka etsa hore re behe meja fatše, re nahane hore ha ho mohla re ka tšoaneloang ke lerato la Molimo. ’Nete ke hore Jehova o rata barapeli ba hae ka bomong ebile o ba nka e le ba bohlokoa.—Mat. 10:29-31.
13 Re lokela ho lula re itebetse, ho seng joalo, 2 Pet. 1:16.
menahano le mekhoa ea lefatše la Satane e ka bonahala e utloahala ha re e habanya ka holimo feela. Leha ho le joalo, u hopole hore Satane ke setsebi sa ho thetsa. Ntho feela e ka re thusang hore re se ke ra khelosoa ke “lipale [tsa Satane] tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene” [kapa “litšōmo tse entsoeng ka mano,” Bibele ea Sesotho] ke ho mamela keletso ea Lentsoe la Molimo le likhopotso tsa lona.—Le se ke la ‘Latela Satane’
14. Pauluse o ile a fa bahlolohali ba bang ba banyenyane temoso efe, hona ke hobane’ng ha ho hlokahala hore kaofela ha rōna re nke mantsoe ao ka botebo?
14 Nahana u bona letšoao la tsela le reng, “Nka Tsela Ena Hore U Latele Satane.” Ke mang ho rōna ea neng a ka latela letšoao leo? Leha ho le joalo, Pauluse o re lemosa ka litsela tse ngata tseo ka tsona Bakreste ba inehetseng ba ka ‘khelosoang hore ba latele Satane.’ (Bala 1 Timothea 5:11-15.) Mantsoe ana a Pauluse a tobisitsoe ho “bahlolohali [ba bang] ba banyenyane,” empa melao-motheo eo a buang ka eona e sebetsa ho rōna kaofela. Mohlomong basali bao ba Bakreste ba lekholong la pele lilemo ba ne ba nahana hore ha ba latele Satane, empa liketso tsa bona li ne li lumellana le hore baa mo latela. Re ka itebela joang e le hore re se ke ra latela Satane re sa lemohe? A re hlahlobeng temoso ea Pauluse mabapi le lesebo le kotsi.
15. Sepheo sa Satane ke sefe, ’me Pauluse o re hlokomelisa hore maqiti a Satane ke afe?
15 Sepheo sa Satane ke hore re se ke ra bua ka tumelo ea rōna—e leng hore re khaotse ho bolela litaba tse molemo. (Tšen. 12:17) E le hore a finyelle seo, o leka ho re tšoasa ka hore re lulele ho etsa lintho tse senyang nako kapa tse bakang likarohano. Bona kamoo Pauluse a re hlokomelisang maqiti a Satane. O re ke: ‘Ho se tšoarehe ka letho le ho chalaka.’ Mehleng ena ea theknoloji, ho bonolo hore re senye nako ea rōna le ea ba bang, ka mohlala, re romellana li-e-mail tse sa hlokahaleng kapa tse jalang mashano. “Basebi.” Lesebo le kotsi le ka tsoala liketselletso, tseo hangata li bakang likhang. (Liprov. 26:20) Ebang baa hlokomela kapa che, batho ba etselletsang ba bang ka lintho tse kotsi ba etsisa Satane Diabolose. * “Ba kena-kenanang le litaba tsa batho ba bang.” Ha re na tokelo ea ho bolella batho ba bang hore na ba phele joang. Mekhoa ena kaofela e bontšang ho hloka mosebetsi le e bakang likhathatso e ka re sitisa mosebetsing oo Molimo a re fileng oona oa ho bolela ka ’Muso. Haeba re khaotsa ho tšehetsa mosebetsi oa Jehova ka mafolofolo, re latela Satane. Re ke ke ra tšehetsa mahlakore a mabeli ka nako e le ’ngoe.—Mat. 12:30.
16. Ke keletso efe eo ha re e mamela re ke keng ra ‘khelosoa hore re latele Satane’?
16 Ho mamela keletso ea Bibele ho ka re thusa e le hore re se ke ra ‘khelosoa ’me ra latela Satane.’ Nahana ka keletso e ’ngoe ea Pauluse e bohlale. E-bang le “ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Bakor. 15:58) Ha re phathahane mosebetsing oa ’Muso, re tla sireletseha mathateng ao motho a kenang ho ’ona ha a hloka mosebetsi le ha a luletse ho etsa lintho tse senyang nako. (Mat. 6:33) Bua se “molemo bakeng sa ho haha.” (Baef. 4:29) Ikemisetse hore u ke ke ua mamela lesebo le kotsi ebile u ke ke ua le jala. * Ithute ho tšepa balumeli-’moho le uena le ho ba hlompha. Ka tsela eo, re tla tloaela ho bua lintho tse hahang ho e-na le lintho tse senyang botumo ba batho ba bang. “Sepheo sa lōna e be . . . ho hlokomela litaba tsa lōna.” (1 Bathes. 4:11) Bontša hore u thahasella batho ba bang, empa u etse seo ka litsela tse bontšang hore ha u kena-kenane le litaba tsa bona le hore ha u ba tlose seriti. Hape, u hopole hore ha rea lokela ho qobella batho ba bang hore ba ee ka maikutlo a rōna litabeng tseo ba lokelang ho iketsetsa liqeto ho tsona.—Bagal. 6:5.
17. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a re lemosa mabapi le lintho tseo re sa lokelang ho li latela? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng mabapi le tsela eo Jehova a batlang hore re tsamaee ka eona?
17 Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o re bolella ka ho hlaka hore na ke eng eo re sa lokelang ho e latela! Leha ho le joalo, le ka mohla re se ke ra lebala hore Jehova o re file litemoso tse tšohliloeng sehloohong sena le se fetileng hobane a re rata haholo. O batla ho re phemisa mahlomola le bohloko bo bakoang ke ho latela ‘matšoao a tsela’ a khelosang a entsoeng ke Satane. E ka ’na eaba tsela eo Jehova a batlang hore re tsamaee ka eona e moqotetsane, empa e re lebisa pakaneng e molemo ka ho fetisisa—e leng ea bophelo bo sa feleng. (Mat. 7:14) E se eka re ka ikemisetsa ka tieo hore re tla mamela temoso ea Jehova, e reng: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—Esa. 30:21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 4 “Bokoenehi” ke ho fetohela borapeli ba ’nete, ho bo furalla, ho kheloha, bohlabaphio, borabele.
^ ser. 10 Ka mohlala, buka ea Tobit (Tobias) ea mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele, e ngotsoeng hoo e ka bang lekholong la boraro la lilemo B.C.E. le e neng e le teng mehleng ea Pauluse, e tletse tumela-khoela le lipale tse sa utloahaleng tsa boselamose le boloi tse ngotsoeng joalokaha eka ke ’nete.—Sheba Insight on the Scriptures, Buka ea 1, leqepheng la 122.
^ ser. 15 Lentsoe la Segerike di·aʹbo·los, le bolela “moetselletsi.” Ke lona le hlalosang hore na moetselletsi ea ka sehloohong e leng Satane, ke motho oa mofuta ofe.—Joh. 8:44; Tšen. 12:9, 10.
^ ser. 16 Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Ho Hasa Masiba Moeeng.”
U ka Araba Joang?
U ka sebelisa litemoso tse mangolong a latelang joang?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Ho Hasa Masiba Moeeng
Pale ea boholo-holo ea Bajuda e bontša hantle liphello tsa ho jala lesebo le kotsi. Le hoja pale ena e phetoa ka mekhoa e sa tšoaneng, moko-taba oa eona ke o latelang.
Motho e mong o ile a tsamaea a etselletsa monna eo motseng oa habo ho tsejoang hore o bohlale. Hamorao, mosebi enoa ea lonya o ile a hlokomela phoso ea hae eaba o ea ho monna eo ea bohlale ho ea kōpa tšoarelo, a mo bolella hore a ka etsa eng kapa eng e hlokahalang hore a lokise taba eo. Monna ea bohlale o ile a kōpa mosebi eo ntho e le ’ngoe: Hore a tsamaee ’me a tle le mosamo oa masiba, a o bule ebe o hasa masiba ao moeeng. Le hoja mosebi enoa a ile a makatsoa ke kōpo eo, o ile a etsa kamoo a laetsoeng kateng eaba o khutlela ho monna ea bohlale.
O ile a botsa monna ea bohlale: “Na see se bolela hore u ntšoaretse?”
Ha a mo araba o ile a re: “Tsamaea u e’o bokella masiba ane kaofela.”
“Ke tla a bokella joang? Moea o se o a fefotse.”
“Joalokaha ho le thata ho bokella masiba, ho thata ho lokisa tšenyo eo mantsoe a hao a e entseng.”
Thuto e hlakile. Lentsoe ha le khutle e se monoana, ’me ho ka ba thata ho folisa bohloko boo le bo bakileng. Pele re seba batho ba bang esita le hanyenyane feela, ke bohlale ho hopola hore, ha e le hantle, ho tšoana le ha re hasa masiba moeeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ba bang ba ka kenya bakoenehi ka matlung a bona joang?