‘Tholoana ea Moea’ e Tlotlisa Molimo
‘Tholoana ea Moea’ e Tlotlisa Molimo
“Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata.”—JOH. 15:8.
1, 2. (a) Re na le menyetla efe ea ho khothatsa batho ba bang? (b) Ke mpho efe eo Jehova a re fileng eona e re thusang hore re mo sebeletse?
NAHANA ka maemo ana a mabeli: Mosali oa Mokreste o hlokomela hore morali’abo rōna e mocha lilemong o bonahala a tšoenyehile. O etsa litokisetso tsa ho sebetsa le eena tšebeletsong ea tšimo. Ha ba ntse ba qoqa ba tloha ntlong e ’ngoe ba e-ea ho e ’ngoe, morali’abo rōna e mocha o qala ho mo bolella hore na o tšoenngoa ke eng. Hamorao letsatsing leo, morali’abo rōna e mocha oa rapela, o leboha Jehova ka hore ebe morali’abo rōna ea hōlileng o ile a bontša hore o mo thahasella ka lerato; ke sona seo a neng a hlile a se hloka. Sebakeng se seng, banyalani ba bang ba sa tsoa khutla naheng e ’ngoe moo ba neng ba bolela litaba tse molemo teng. ’Mokeng o mong ha ba ntse ba pheta liphihlelo tsa bona ba thabile, mora e mong oabo rōna e mocha lilemong o mametse ka hloko. Lilemo tse itseng hamorao, ha a ntse a itokisetsa ho ea naheng e ’ngoe eo a neng a abetsoe hore a ee ho eona, o nahana ka banyalani bao le moqoqo o ileng oa mo susumelletsa hore a batle ho ba moromuoa.
2 Mohlomong maemo ao a u hopotsa motho e mong ea ileng a u susumetsa hantle kapa motho eo uena u ileng ua mo susumetsa hantle. Ke ’nete hore hase kamehla moqoqo o le mong o ka fetolang bophelo ba motho, empa letsatsi le leng le le leng re ba le menyetla ea ho khothatsa batho ba bang le ho ba matlafatsa. A re re ho ne ho e-na le ntho e ka ntlafatsang bokhoni ba hao le makhabane a hao, ea etsa hore u thuse barab’eno haholoanyane u be u sebelisoe ke Molimo haholoanyane. Na eo e ne e ke ke ea e-ba ntho e ntle? Ha e le hantle, eo ke eona mpho eo Jehova a re fang eona—e leng moea oa hae o halalelang. (Luka 11:13) Ha moea oa Molimo o ntse o sebetsa bophelong ba rōna, o hlahisa litšobotsi tse ntle tse ntlafatsang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso eo re e etsetsang Molimo. Ruri ke mpho e babatsehang!—Bala Bagalata 5:22, 23.
3. (a) Ha re sebeletsa ho ba le ‘tholoana ea moea,’ seo se tlotlisa Molimo joang? (b) Re tla tšohla lipotso life?
3 Litšobotsi tseo moea o halalelang o li hlahisang ke setšoantšo sa botho ba Jehova Molimo, eo moea oo o tsoang ho eena. (Bakol. 3:9, 10) Jesu o bontšitse lebaka le ka sehloohong leo Bakreste ba lokelang ho loanela ho etsisa Molimo ka lona ha a ne a re ho baapostola ba hae: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata.” * (Joh. 15:8) Ha re ntse re sebeletsa ho ba le ‘tholoana ea moea,’ liphello tsa seo li bonahala ka ho hlaka tseleng eo re buang ka eona le eo re etsang lintho ka eona; ka lehlakoreng le leng, sena se tlotlisa Molimo oa rōna. (Mat. 5:16) Tholoana ea moea e fapane ka litsela life le litšobotsi tse mpe tsa lefatše la Satane? Re ka sebeletsa ho ba le tholoana ea moea joang? Ke hobane’ng ha re ka ’na ra thatafalloa ho etsa joalo? Re tla tšohla lipotso tsena ha re ntse re hlahloba litšobotsi tse tharo tse qalang tsa tholoana ea moea—e leng lerato, thabo le khotso.
Lerato le Thehiloeng Molao-motheong o Phahameng
4. Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba bontše lerato la mofuta ofe?
4 Lerato le hlahisoang ke moea o halalelang le fapane haholo le le tloaelehileng lefatšeng. Le fapana joang? Le thehiloe molao-motheong o Matheu 5:43-48.) O ile a bontša hore esita le baetsalibe ba latela leano la hore khalapa lia buseletsana, ba tšoara batho ba bang kamoo bona ba ba tšoarang kateng. “Lerato” le joalo ha le hloke hore motho a itele empa e le feela ho etsetsana lintho tse molemo. Haeba re batla ho ba ‘bara ba Ntat’a rōna ea leng maholimong,’ re tlameha ho ba batho ba fapaneng. Ho e-na le hore re tšoare batho ba bang kamoo ba re tšoarang kateng, re lokela ho ba talima kamoo Jehova a ba talimang kateng re be re ba tšoare kamoo a ba tšoarang kateng. Leha ho le joalo, ho ka khoneha joang hore re rate lira tsa rōna, joalokaha Jesu a re laetse?
phahameng. Jesu o ile a totobatsa phapang ena Thutong ea Thabeng. (Bala5. Re ka bontša joang hore re rata batho ba re hlorisang?
5 Nahana ka mohlala o mong o ka Bibeleng. Ha Pauluse le Silase ba ntse ba bolela litaba tse molemo Filipi, ba ile ba tšoaroa, ba tetekoa ba ba ba kenngoa chankaneng e ka hare, moo maoto a bona a ileng a kenngoa metšoasong. Nakong ena, e ka ’na eaba molebeli oa teronko le eena o ile a ba hlekefetsa. Ha ba ne ba lokolloa ka mohlolo ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše, na ba ile ba batla ho iphetetsa ho monna eo? Che. Kaha ba ne ba amehile ka boiketlo ba hae e le kannete—ba e-na le lerato le bontšang boitelo—seo se ile sa ba susumelletsa hore ba mo thuse ka potlako, e leng se ileng sa fa molebeli eo oa teronko le bohle ba ntlo ea hae monyetla oa hore e be balumeli. (Lik. 16:19-34) Ka tsela e tšoanang, barab’abo rōna ba bangata mehleng ea kajeno ba ’nile ba ‘hlohonolofatsa ba ba hlorisang.’—Bar. 12:14.
6. Re ka bontša ka litsela life hore re rata barab’abo rōna ka lerato le bontšang boitelo? (Sheba lebokose le leqepheng la 21.)
6 Lerato leo re ratang balumeli-’moho le rōna ka lona ha le felle moo. “Re tlamehile ho nehelana ka meea ea rōna bakeng sa barab’abo rōna.” (Bala 1 Johanne 3:16-18.) Leha ho le joalo, hangata re ka bontša lerato ka litsela tse nyenyane. Ka mohlala, haeba re bua kapa re etsa ntho e khopisang mor’abo rōna, re ka bontša lerato ka ho etsa boikhathatso ba ho bōpa khotso. (Mat. 5:23, 24) Re lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a re khopisa? Na re “itokiselitse ho tšoarela,” kapa ka linako tse ling re mo jara ka pelo? (Pes. 86:5) Lerato le matla haholo le hlahisoang ke moea o halalelang le ka re thusa hore re koahele litšito tse sa reng letho, re tšoarele batho ba bang ka bolokolohi ‘esita le joalokaha Jehova a ile a re tšoarela ka bolokolohi.’—Bakol. 3:13, 14; 1 Pet. 4:8.
7, 8. (a) Ho rata batho ho amana joang le ho rata Molimo? (b) Re ka rata Jehova ka lerato le matla joang? (Sheba setšoantšo se ka tlaase.)
7 Re ka loanela ho rata barab’abo rōna ka lerato le bontšang boitelo joang? Ka hore re rate Baef. 5:1, 2; 1 Joh. 4:9-11, 20, 21) Nako eo re e qetang re le bang le Jehova ha re ntse re bala Bibele, re thuisa re bile re rapela, e etsa hore re khothale re be re rate Ntate oa rōna ea leholimong le ho feta. Leha ho le joalo, re lokela ho ipha nako ea ho atamela haufi le Molimo.
Molimo ka lerato le matla. (8 Ka mohlala: A re re u ne u khona ho bala Lentsoe la Molimo, ho nahanisisa ka lona le ho rapela Jehova ka hora e itseng feela letsatsi ka leng. Na u ne u ke ke ua boulella nako eo e le hore ho se ke ha e-ba le letho le u sitisang ho qeta nako le Jehova? Ke ’nete hore ha ho na motho ea ka re thibelang ho rapela Molimo, ebile bongata ba rōna re ka bala Bibele neng kapa neng ha re batla. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore re nke mehato ea ho qoba hore mesebetsi ea letsatsi le letsatsi e kena-kenane le nako eo re e qetang le Molimo. Na letsatsi le letsatsi u ipha nako e ngata kamoo ho ka khonehang hore u atamele haufi le Jehova?
“Thabo ea Moea o Halalelang”
9. Thabo e hlahisoang ke moea o halalelang e joang?
9 Ntho e ikhethang ka tholoana ea moea ke hore ea tšoarella. Thabo, e leng tšobotsi ea bobeli eo re tla e tšohla, ke mohlala oa ho tšoarella hona. Thabo e tšoana le semela se mamellang se ka atlehang le maemong a thata. Lefatšeng lohle, bahlanka ba bangata ba Molimo ba ‘amohetse lentsoe tlas’a matšoenyeho a mangata ka thabo ea moea o halalelang.’ (1 Bathes. 1:6) Ba bang ba tobana le mathata ebile ba haelloa ke lintho tseo ba li hlokang. Leha ho le joalo, Jehova o ba matlafatsa ka moea oa hae hore ba “mamelle ka botlalo ’me [ba] tiisetse ka thabo.” (Bakol. 1:11) Thabo ee e tsoa hokae?
10. Thabo eo re nang le eona e tsoa hokae?
10 Ho fapana le ‘maruo a sa tsitsang’ a lefatše la Satane, matlotlo a moea ao Jehova a re fileng ’ona aa tšoarella. (1 Tim. 6:17; Mat. 6:19, 20) O re file tšepo e thabisang ea ho ba le bokamoso bo sa feleng. Re thabela hore ebe re karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste oa lefatšeng ka bophara. Ka holim’a tsohle, thabo ea rōna e thehiloe kamanong eo re nang le eona le Molimo. Re ikutloa joaloka Davida, eo le hoja a ile a tlameha ho phela e le mophaphathehi, a ileng a rorisa Jehova ka ho mo binela, a re: “Kahobane mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo, molomo oa ka o tla u babatsa. Ka hona ke tla u boka ha ke sa ntse ke phela.” (Pes. 63:3, 4) Esita leha re tobana le mathata, lipelo tsa rōna li rorisa Molimo ka thabo.
11. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebeletse Jehova ka thabo?
11 Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste, a re: “Kamehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!” (Bafil. 4:4) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba sebeletse Jehova ka thabo? Ka lebaka la taba eo Satane a ileng a e hlahisa mabapi le bobusi ba Jehova. Satane o bolela hore ha ho na motho ea sebeletsang Molimo hobane a rata. (Jobo 1:9-11) Haeba re ne re ka sebeletsa Jehova hobane feela re phetha molao empa re sa thaba, sehlabelo sa rōna sa thoriso e ne e tla ba se sa fellang. Ka lebaka leo, re leka ka matla ho mamela keletso ea mopesaleme e reng: “Sebeletsang Jehova ka thabo. Kenang ka pel’a hae ka mohoo oa nyakallo.” (Pes. 100:2) Ha re etsa tšebeletso ea rōna ka thabo le ka boithatelo, seo se tlotlisa Molimo.
12, 13. Re ka etsa’ng e le hore re hlōle ho sithabela maikutlo?
12 Leha ho le joalo, ’nete ke hore ka linako tse ling esita le bahlanka ba Jehova ba ikitlaetsang ba tla nyahama ba be ba thatafalloe ke ho talima lintho ka tsela e nepahetseng. (Bafil. 2:25-30) Re ka thusoa ke’ng linakong tse joalo? Baefese 5:18, 19 e re: “Le ’ne le tlale moea, le buisane ka lipesaleme le lithoriso ho Molimo le lipina tsa moea, le binele Jehova ’me le tsamaisane le ’mino ka lipelong tsa lōna.” Re ka sebelisa keletso eo joang?
13 Ha re sithabetse maikutlo, re ka rapela Jehova ka tieo ra ba ra leka ka matla ho nahanisisa ka lintho tse lokeloang ke thoriso. (Bala Bafilipi 4:6-9.) Batho ba bang ba hlokometse hore ho binela lipina tse rekotiloeng tsa ’Muso ka marameng ho ba tsosa molota ebile ho ba thusa hore ba nahane lintho tse molemo. Mora e mong oabo rōna ea neng a tobane le teko e bohloko, eo hangata e neng e etsa hore a ikutloe a ferekane a bile a nyahame, o re: “Ho phaella tabeng ea ho rapela ka tieo kamehla, ke ile ka tšoara lipina tse ’maloa tsa ’Muso ka hlooho. Ho bina lipina tsena tse monate tse rorisang Jehova, ebang ke ka lentsoe le phahameng kapa ka pelong, ho ne ho etsa hore ke be le khutso. Ho phaella moo, hoo e ka bang ka eona nako eo ho ile ha lokolloa buka ea Atamela ho Jehova. Ke ile ka e bala ka makhetlo a mabeli selemong se latelang. E ne e tšoana le ntho e monate e thobang pelo. Kea tseba hore Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba ka.”
“Tlamo e Kopanyang ea Khotso”
14. Ke eng e ikhethang ka khotso e hlahisoang ke moea o halalelang?
14 Likopanong tsa rōna tsa machaba, batho ba litso tse fapa-fapaneng ba bang teng ho tsona ba thabela ho kopana le bara le barali babo bona ba Bakreste. Liketsahalo tse joalo li totobatsa khotso eo batho ba Molimo ba nang le eona kajeno—e leng bonngoe boo re nang le bona lefatšeng lohle. Batho ba re shebileng ba atisa ho hlolloa ha ba bona batho bao ba neng ba lebeletse hore e be lira ba ‘leka ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.’ (Baef. 4:3) Ruri bonngoe bona boa hlolla, haholo-holo ha re nahana ka lintho tseo bongata ba bona ba ileng ba lokela ho li hlōla.
15, 16. (a) Petrose o ne a hōtse joang, hona seo se ile sa mo bakela bothata bofe? (b) Jehova o ile a thusa Petrose hore a fetole tsela eo a neng a ikutloa ka eona joang?
15 Ho etsa hore batho ba litso tse fapaneng ba be bonngoeng ha ho bonolo. E le ho re thusa ho utloisisa hore na ho hlokahala hore ho hlōloe’ng hore ho finyelloe bonngoe bo joalo, a re hlahlobeng mohlala oa lekholong la pele la lilemo, e leng oa moapostola Petrose. Tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka Balichaba ba neng ba sa bolla e bontšoa ke mantsoe ao a a buileng, a Lik. 10:24-29; 11:1-3) Tumellanong le maikutlo a neng a atile nakong eo, ho bonahala eka Petrose o ne a hōtse a lumela hore Molao o ne o mo tlama hore a rate Bajuda ba habo feela. E ka ’na eaba o ne a nka hore ke ntho e tloaelehileng feela hore a talime Balichaba e le lira tse neng li lokela ho hlouoa. *
reng: “Le tseba hantle kamoo ho sa lumelloeng ke molao hore Mojuda a ikopanye le motho oa morabe o mong kapa a mo atamele; leha ho le joalo Molimo o mpontšitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse kapa ha aa hloeka.” (16 Nahana feela hore na e tlameha ebe Petrose o ne a sa phutholoha hakaakang ha a ne a kena lapeng la Korneliase. Na motho eo pele a neng a nyatsa Balichaba o ne a tla ke a ‘kopanngoe hammoho le bona ka tumellano’ ke “tlamo e kopanyang ea khotso”? (Baef. 4:3, 16) Ho joalo, hobane matsatsi a seng makae feela pele ho moo, moea oa Molimo o ne o butse pelo ea Petrose, oa mo thusa hore a qale ho fetola maikutlo a hae le ho hlōla khethollo eo a neng a e-na le eona. Jehova o ile a mo hlakisetsa ka pono hore tsela eo Molimo a talimang batho ka eona ha ea itšetleha ka hore na ke ba morabe ofe kapa ke ba sechaba sefe. (Lik. 10:10-15) Ke kahoo Petrose a neng a ka re ho Korneliase: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Lik. 10:34, 35) Petrose o ile a fetoha, ’me ruri o ile a ba bonngoeng le “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.”—1 Pet. 2:17.
17. Bonngoe boo batho ba Molimo ba nang le bona bo hlolla ka tsela efe?
17 Se ileng sa etsahalla Petrose se re thusa hore re utloisise phetoho e khōlō e etsahalang har’a batho ba Molimo kajeno. (Bala Esaia 2:3, 4.) Batho ba limilione ba ‘tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle’ ba fetotse tsela eo ba nahanang ka eona e le hore e lumellane le “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Tšen. 7:9; Bar. 12:2) Ka nako e ’ngoe bongata ba bona ba ne ba susumetsoa ke lehloeo, bora le likarohano tsa lefatše la Satane. Empa ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka thuso ea moea o halalelang, ba ithutile ho ‘phehella lintho tse tlisang khotso.’ (Bar. 14:19) Bonngoe bo bang teng bo tlotlisa Molimo.
18, 19. (a) E mong le e mong oa rōna a ka kenya letsoho joang hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
18 E mong le e mong oa rōna a ka kenya letsoho joang hore ho be le khotso le bonngoe har’a batho ba Molimo? Liphuthehong tse ngata ho na le batho ba tsoang linaheng tse ling. E ka ’na eaba ba bang ba na le litloaelo tse fapaneng le tsa rōna kapa mohlomong ha ba tsebe puo ea rōna hantle. Na re etsa boiteko ba ho ba tseba? Sena ke seo Lentsoe la Molimo le se khothalletsang. Ha Pauluse a ne a ngolla phutheho ea Roma, e neng e e-na le balumeli ba Bajuda le ba Balichaba, o ile a re: “Amohelanang, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela, ka tebello ea khanya ho Molimo.” (Bar. 15:7) Na phuthehong ea heno ho na le motho eo u ka etsang boiteko ba ho mo tseba haholoanyane?
19 Ke eng hape eo re ka e etsang ho lumella hore moea o halalelang o re tataise bophelong? Sehloohong se latelang ho tla tšohloa potso ena, ha re tla be re hlahloba litšobotsi tse setseng tsa tholoana ea moea.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 3 Litholoana tseo Jesu a neng a bua ka tsona li akarelletsa ‘tholoana ea moea’ le “litholoana tsa melomo” tseo Bakreste ba li nyehelang ho Molimo ha ba etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—Baheb. 13:15.
^ ser. 15 Levitike 19:18 e re: “U se ke ua iphetetsa kapa ua jara bara ba batho ba heno ka pelo; ’me u rate oa heno joalokaha u ithata.” Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba lumela hore ha ho ne ho thoe “bara ba batho ba heno” le “oa heno” ho ne ho buuoa ka Bajuda feela. Molao o ne o hloka hore Baiseraele ba lule ba arohile lichabeng tse ling. Leha ho le joalo, o ne o sa tšehetse maikutlo a neng a khothalletsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba lekholong la pele la lilemo, e leng a hore batho bohle bao e neng e se Bajuda e ne e le lira ’me ba ne ba lokela ho hlouoa.
U ka Araba Joang?
• Re ka bontša joang hore re rata barab’abo rōna ka lerato le nang le boitelo?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebeletse Molimo ka thabo?
• Re ka kenya letsoho joang hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Lebokose le leqepheng la 21]
“Bana ke Bona Bakreste ba ’Nete”
Buka ea Between Resistance and Martyrdom—Jehovah’s Witnesses in the Third Reich e bua ka mantsoe a motšoaruoa e mong oa Mojuda e mocha lilemong, moo a hlalosang se ileng sa etsahala ha a ne a qala ho kopana le Lipaki Tsa Jehova ka mor’a hore a fihle kampong ea mahloriso ea Neuengamme:
“Hang feela ka mor’a hore rōna Bajuda ba neng ba e-tsoa Dachau re fihle mohahong o mong kampong eo, Bajuda ba bang ba ile ba qala ho pata lintho tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona e le hore ba tle ba se ke ba re fa letho. . . . Ka ntle [ho kampo ea mahloriso], re ne re tloaetse ho thusana. Empa ha re le mona, moo motho a ka ’nang a shoa kapa a phela, ntho ea pele eo motho e mong le e mong a e nahanang ke ho ipholosa ’me o lebala ba bang. Empa nahana hore na Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa’ng. Nakong eo, li ne li sebetsa ka thata haholo, li lokisa lipeipi tsa metsi. Ho ne ho bata ’me li ne li ema letsatsi lohle ka har’a metsi a batang po! Ha ho motho ea neng a utloisisa hore na li ne li khona ho mamella sena joang. Li ne li bolela hore Jehova o li fa matla. Le tsona li ne li hloka bohobe ba tsona haholo kaha li ne li lapile joaloka rōna. Empa li ile tsa etsa’ng? Li ile tsa bokella bohobe bohle boo li neng li e-na le bona, eaba li nka halofo ea bona ’me halofo e ’ngoe li e fa balumeli-’moho le tsona ba neng ba sa tsoa fihla ba e-tsoa Dachau. Li ile tsa ba amohela ka mofuthu eaba lia ba aka. Pele li e-ja li ile tsa rapela. Ka mor’a moo, kaofela ha tsona li ne li khotsofetse ’me li thabile. Li ile tsa bolela hore li ne li se li sa lapa. Ke hona moo ke ileng ka nahana: Bana ke bona Bakreste ba ’nete.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Na letsatsi le letsatsi u reka nako mesebetsing e meng e le hore u atamele haufi le Jehova?