Lula Mohaung oa Molimo le Har’a Liphetoho
Lula Mohaung oa Molimo le Har’a Liphetoho
NA HO na le liphetoho tse etsahalang bophelong ba hao? Na u thatafalloa ho amohela liphetoho tseo? Bongata ba rōna bo ’nile ba e-ba boemong boo kapa bo tla ba boemong boo. Mehlala e meng ea lintho tse etsahetseng nakong e fetileng e ka re thusa ho hlokomela litšobotsi tse tla re thusa.
Ka mohlala, nahana ka Davida le liphetoho tse ngata tseo a ileng a tlameha ho tobana le tsona. E ne e le molisana ea pala ha Samuele a ne a mo tlotsa hore e tle e be morena. Ha a sa ntse a le mocha, o ile a ithaopela ho loantša seqhenqha sa Mofilista se bitsoang Goliathe. (1 Sam. 17:26-32, 42) Davida eo e neng e sa le mohlankana, o ile a mengoa hore a lule lapeng la borena la Morena Saule, ’me o ile a khethoa hore e be hlooho ea lebotho. Tsena e ne e se liphetoho tseo a neng a nahana hore li ne li ka etsahala bophelong ba hae; ebile o ne a sa lebella se neng se tla etsahala ka mor’a moo.
Likamano li ile tsa senyeha hampe pakeng tsa Davida le Saule. (1 Sam. 18:8, 9; 19:9, 10) E le hore Davida a pholose bophelo ba hae, o ile a tlameha ho phela e le mophaphathehi ka lilemo tse ngata. Leha a se a busa e le morena oa Iseraele, maemo a hae a ile a fetoha haholo, haholo-holo ka mor’a hore a etse bofebe a be a leke ho pata sebe seo ka ho bolaea. Ka lebaka la libe tsa hae, o ile a oeloa ke litlokotsi lapeng la hae. Ka mohlala, Davida o ile a fetoheloa ke mora oa hae Absalome. (2 Sam. 12:10-12; 15:1-14) Leha ho le joalo, ka mor’a hore Davida a bakele sebe sa hae sa bofebe le sa ho bolaea, Jehova o ile a mo tšoarela ’me o ile a khutlela mohaung oa Molimo.
Le uena maemo a hao a ka ’na a fetoha. Ho kula, mathata a moruo kapa a lelapa—esita le liketso tsa rōna—li baka liphetoho bophelong ba rōna. Ke litšobotsi life tse ka re thusang hore re sebetsane ka katleho le liphetoho tseo?
Boikokobetso Boa re Thusa
Boikokobetso bo akarelletsa ho ipeha tlaase. Boikokobetso ba sebele bo re thusa hore re ipone kamoo re hlileng re leng kateng re be re bone ba bang kamoo ba leng kateng. Haeba re sa nyenyefatse makhabane a batho ba bang le katleho ea bona, re tla utloisisa hamolemo seo ba leng sona le seo ba se etsang. Ka ho tšoanang, boikokobetso bo ka ’na ba re thusa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha re hlahetsoe ke ntho e itseng le hore na re ka sebetsana le eona joang.
1 Sam. 15:28; 16:1, 12, 13) Ha Molimo a ne a khetha Davida hore e tle e be eena morena ea latelang oa Iseraele, o ile a behella Jonathane ka thōko. Ka tsela e itseng, litholoana tsa ho se mamele ha Saule li ile tsa beha Jonathane ka mosing. Le hoja Jonathane a ne a se na molato, o ne a ke ke a hlahlama ntat’ae. (1 Sam. 20:30, 31) Jonathane o ile a itšoara joang boemong boo? Na o ile a hlonama kaha monyetla o ne o mo phonyohile eaba o shoela Davida mōna? Che. Ho sa tsotellehe hore Jonathane o ne a le moholo ho Davida a bile a e-na le boiphihlelo bo fetang ba hae, o ile a tšehetsa Davida. (1 Sam. 23:16-18) Boikokobetso bo ile ba mo thusa hore a utloisise hore na ke mang ea neng a amoheloa ke Molimo, ’me ha aa ka a “inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.” (Bar. 12:3) Jonathane o ne a utloisisa hore na Jehova o ne a lebeletse’ng ho eena ’me o ile a amohela qeto ea Hae tabeng ena.
Mora oa Saule ea bitsoang Jonathane ke mohlala o motle. Maemo a hae a ile a fetoloa ke liketsahalo tseo a neng a ke ke a li laola. Ha Samuele a ne a bolella Saule hore Jehova o ne a tla mo amoha ’muso, ha aa ka a re Jonathane e ne e tla ba eena morena. (Ha ho pelaelo hore liphetoho tse ngata li baka bothata bo itseng. Ka nako e itseng, Jonathane o ne a sebelisana le banna ba babeli bao a neng a e-na le kamano e haufi le bona. E mong e ne e le motsoalle oa hae Davida, eo e neng e tla ba morena ea neng a khethiloe ke Jehova. E mong e ne e le ntate oa hae Saule, eo Jehova a neng a mo lahlile empa a ntse a busa e le morena. E tlameha ebe boemo bona bo ne bo tšoenya Jonathane ha a ntse a leka ho lula mohaung oa Jehova. Liphetoho tseo re tlamehang ho thulana le tsona li ka ’na tsa re tšoenya tsa ba tsa re tšosa ka tsela e itseng. Empa ha re leka ho utloisisa pono ea Jehova, re tla tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi ha re ntse re sebetsana le liphetoho tseo.
Bohlokoa ba ho Inyenyefatsa
Boinyenyefatso bo akarelletsa hore motho a elelloe mefokolo ea hae. Ha rea lokela ho nka hore boinyenyefatso le boikokobetso ke ntho e le ’ngoe. Ho ka ’na ha etsahala hore motho ea ikokobelitseng a se ke a lemoha ka ho feletseng moo a fokolang teng.
Davida e ne e le motho ea inyenyefatsang. Le hoja Jehova a ne a mo khethile hore e tle e be morena, Davida o ile a qeta lilemo a sa khone ho lula teroneng. Bibele ha e bolele hore Jehova o ile a hlalosetsa Davida lebaka la sena se neng se bonahala e le tieho. Leha ho le joalo, le hoja boemo bona bo ne bo bonahala bo nyahamisa, ha boa ka ba mo tšoenya. O ne a elelloa mefokolo ea hae, ’me o ne a utloisisa hore litaba li ne li laoloa ke Jehova, eena ea neng a lumeletse boemo boo. Kahoo, Davida o ne a ke ke a sireletsa bophelo ba hae ka hore a bolaee Saule, ’me o ile a thiba mphato oa hae Abishai hore a se ke a mo bolaea.—1 Sam. 26:6-9.
Ka linako tse ling, ka phuthehong ho ka ’na ha hlaha boemo boo re sa bo utloisiseng kapa boo ponong ea rōna, bo ka ’nang ba bonahala bo sa sebetsoa ka tsela e molemo ka ho fetisisa kapa e hlophisehileng ka ho fetisisa. Na ka boinyenyefatso re tla ela hloko hore Jesu ke Hlooho ea phutheho le hore o sebetsa ka sehlopha sa baholo ba behiloeng hore ba etelle pele? Liprov. 11:2.
Na re tla inyenyefatsa, re tseba hore e le hore re lule mohaung oa Jehova, re lokela ho mo letela hore a etelle pele ka Jesu Kreste? Na re tla leta ka boinyenyefatso le hoja ho le thata ho etsa joalo?—Bonolo bo re Thusa Hore re be le Maikutlo a Matle
Bonolo ke ho laola maikutlo. Bo re thusa hore re mamelle ho utloisoa bohloko re sa fele pelo ’me sena re se etsa re sa khopehe, re sa hloname re bile re se na moea oa boiphetetso. Ho thata ho ba bonolo. Ho thahasellisang ke hore temaneng e ’ngoe ea Bibele, “ba bonolo ba lefatše” ba kōptjoa hore ba “batle bonolo.” (Sof. 2:3) Bonolo bo amana le boikokobetso le boinyenyefatso, empa hape bo akarelletsa litšobotsi tse ling tse kang molemo le bopelo-nolo. Motho ea bonolo o lumela ho rutoa ’me ka lebaka leo a ka tsoela pele moeeng.
Bonolo bo ka re thusa joang hore re sebetsane le liphetoho bophelong ba rōna? Mohlomong u hlokometse hore batho ba bangata ba na le maikutlo a mabe ka liphetoho. Ha e le hantle, liphetoho e ka ba menyetla ea hore Jehova a re koetlise ho ea pele. Sena se bonahala bophelong ba Moshe.
Ha Moshe a ne a le lilemo li 40, o ne a se a ntse a e-na le litšobotsi tse ipabolang. O ne a bontšitse hore o hlokomela litlhoko tsa batho ba Molimo a bile a bontšitse moea oa boitelo. (Baheb. 11:24-26) Leha ho le joalo, pele Jehova a mo fa mosebetsi oa hore a etelle Baiseraele pele ha ba tsoa Egepeta, Moshe o ile a tlameha ho tobana le liphetoho tse ileng tsa ntlafatsa bonolo ba hae. O ile a tlameha ho baleha Egepeta ’me a e’o lula naheng ea Midiane ka lilemo tse 40, moo a neng a sebetsa e le molisana, a se a sa hlahella. Litholoana tsa see e ile ea e-ba life? Phetoho ena e ile ea etsa hore e be motho ea molemo le ho feta. (Num. 12:3) O ile a ithuta hore a etelletse thato ea Jehova ka pele ho ea hae.
E le mohlala oa hore Moshe o ne a le bonolo, a re hlahlobeng se ileng sa etsahala ha Jehova a ne a bolela hore o batla ho lahla sechaba sa Hae se neng se sa mamele ’me a etse hore litloholo tsa Moshe e be sechaba se seholo haholo. (Num. 14:11-20) Moshe o ile a buella sechaba. Mantsoe a hae a bontša hore o ne a amehile ka botumo ba Molimo le boiketlo ba barab’abo, eseng boiketlo ba hae. Ho ne ho hlokahala motho ea bonolo joaloka Moshe e le hore e ka ba moeta-pele oa sechaba le ’muelli oa sona. Miriame le Arone ba ile ba korotla ka eena, leha ho le joalo tlaleho ea Bibele e bolela hore Moshe o ne “a le bonolo haholo ho feta batho bohle.” (Num. 12:1-3, 9-15) Ho bonahala eka Moshe o ile a mamella linyeliso tsa bona ka bonolo. Ebe ho ka be ho ile ha etsahala joang hoja Moshe o ne a se bonolo?
Ka lekhetlo le leng, moea oa Jehova o ile oa theohela ho banna ba itseng, oa etsa hore ba profete. Mohlanka oa Moshe, e leng Joshua, o ne a nahana hore Baiseraele bana ba ne ba etsa ntho e sa lokelang. Ka bonolo, Moshe eena o ne a sheba Num. 11:26-29) Haeba Moshe a ne a se bonolo, na a ka be a ile a amohela phetoho ee tokisetsong ea Jehova?
litaba joaloka Jehova ’me o ne a sa tšoenyeha ka taba ea ho nkeloa matla. (Bonolo bo ile ba thusa Moshe hore a sebelise hantle matla a maholo ao a neng a a filoe le hore a phethe hamolemo mosebetsi oo Molimo a neng a mo file oona. Jehova o ile a kōpa hore a nyolohele Thabeng ea Horebe ’me a eme ka pel’a sechaba. Molimo o ile a bua le Moshe ka lengeloi eaba o mo khetha hore e be ’muelli oa selekane. Bonolo ba Moshe bo ile ba mo thusa hore a amohele phetoho ena e khōlō e mabapi le bolaoli empa a ntse a lutse mohaung oa Molimo.
Rōna re lokela ho etsa’ng? Bonolo ke ba bohlokoa haholo khōlong ea rōna ka bomong. Bohle ba filoeng boikarabelo le matla har’a batho ba Molimo ba lokela ho ba bonolo. Bo re thibela ho ikhohomosa ha re tobane le liphetoho ’me bo re nolofalletsa ho sebetsana le maemo ka maikutlo a nepahetseng. Tsela eo re itšoarang ka eona ke ea bohlokoa. Na re tla amohela phetoho? Na re tla e nka e le monyetla oa hore re ntlafatse? E ka ’na ea e-ba monyetla o ikhethang oa hore re ithute ho ba bonolo!
Kamehla re tla tobana le liphetoho bophelong. Ka linako tse ling ha ho bonolo ho utloisisa hore na lintho li etsahala ka lebaka lefe. Mefokolo ea rōna hammoho le ho imeloa maikutlong li ka ’na tsa re thatafaletsa ho sheba lintho kamoo Jehova a li shebang kateng. Leha ho le joalo, litšobotsi tse kang boikokobetso, boinyenyefatso le bonolo li tla re thusa hore re amohele liphetoho re be re lule mohaung oa Molimo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Boikokobetso ba sebele bo re thusa hore re ipone kamoo re hlileng re leng kateng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Bonolo ke ba bohlokoa haholo khōlong ea rōna ka bomong
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Moshe o ile a tlameha ho tobana le mathata a ileng a ntlafatsa bonolo ba hae