Jesu Kreste—Moromuoa ea Fetang Bohle
Jesu Kreste—Moromuoa ea Fetang Bohle
“Ke moemeli ea tsoang ho eena, ’me Eo o nthomile.”—JOH. 7:29.
1, 2. Moromuoa ke eng, ’me ke mang ea ka bitsoang Moromuoa ea fetang bohle?
U NAHANA ka’ng ha u utloa lentsoe “moromuoa”? Batho ba bang ba nahana ka baromuoa ba Bokreste-mōtoana, bao bongata ba bona bo itšunya-tšunyang litabeng tsa lipolotiki le tsa moruo tsa linaha tseo ba sebetsang ho tsona. Leha ho le joalo, kaha u e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ha ho pelaelo hore u nahana ka baromuoa ba rongoang ke Sehlopha se Busang hore ba e’o bolela litaba tse molemo linaheng tse fapa-fapaneng lefatšeng lohle. (Mat. 24:14) Ka ho hloka boithati, baromuoa bana ba tetse nako ea bona le matla e le hore ba etse mosebetsi o tlotlehang oa ho thusa batho hore ba atamele ho Jehova Molimo le hore ba be le kamano e khethehileng haholo le eena.—Jak. 4:8.
2 Mantsoe “moromuoa” le “baromuoa” ha a hlahe Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Leha ho le joalo, ho Baefese 4:11, Reference Bible mongolong o botlaaseng ba leqephe, e bolela hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “baevangeli” le ka boetse la fetoleloa e le “moromuoa.” Jehova ke eena Moevangeli ea fetang bohle, empa a ke ke a bitsoa Moromuoa ea fetang bohle, hobane ha ho mohla a kileng a rongoa ke mang kapa mang. Leha ho le joalo, mabapi le Ntate oa hae oa leholimong, Jesu Kreste o ile a re: “Ke moemeli ea tsoang ho eena, ’me Eo o nthomile.” (Joh. 7:29) E le ho bontša hore o rata batho haholo, Jehova o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng. (Joh. 3:16) Jesu a ka bitsoa Moromuoa ea fetang bohle, Moromuoa ea ka sehloohong, hobane lebaka le leng leo a ileng a romeloa lefatšeng ka lona e ne e le hore a “pakele ’nete.” (Joh. 18:37) O ile a atleha ka ho feletseng ha a ne a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me re sa ntse re rua molemo tšebeletsong ea hae. Ka mohlala, ha re le tšebeletsong re ka sebelisa mekhoa eo a neng a ruta ka eona, ebang re baromuoa kapa ha re bona.
3. Re tla tšohla lipotso life?
3 Seo Jesu a se entseng ha e le ’moleli se hlahisa lipotso tse kang tsena: Jesu o ile a hlaheloa ke lintho life lefatšeng? Ke hobane’ng ha a ne a atleha ho ruta? Hona ke eng e neng e atlehisa tšebeletso ea hae?
Moea oa Boithaopo Libakeng Tse Ncha
4-6. Liphetoho tse ling tseo Jesu a ileng a tšoanela ho li etsa ha a romeloa lefatšeng ke life?
4 Baromuoa ba kajeno le Bakreste ba bang ba fallelang libakeng tseo ho tsona ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata ba ka ’na ba lokela ho tloaela maemo le mokhoa oa bophelo o tlaase ho oo ba o tloaetseng. Empa ho thata hore re utloisise phapang e neng e le teng pakeng tsa maemo a Jesu a lefatšeng le a leholimong, moo a neng a phela le Ntate oa hae har’a mangeloi a neng a sebeletsa Jehova ka sepheo se setle. (Jobo 1:6; 2:1) Ho phela leholimong ho ne ho fapane hakaakang le ho phela har’a batho ba baetsalibe lefatšeng le bolileng! (Mar. 7:20-23) Jesu o ile a ba a tlameha ho sebetsa taba ea mōna o neng o le teng har’a barutuoa ba hae ba haufi. (Luka 20:46; 22:24) Ha e le hantle, o ile a sebetsa litaba ka mokhoa o phethahetseng linthong tsohle tseo a ileng a thulana le tsona lefatšeng.
5 Jesu ha aa ka a qala ho bua puo ea batho ka mohlolo; o ile a qala ho ithuta eona esale ngoana. Eo e ile ea e-ba phetoho e kaakang ha e bapisoa le ho laela mangeloi leholimong! Ha Jesu a ne a le lefatšeng, bonyane o ne a bua le leng la “maleme a batho.” Le ne le fapane ka ho feletseng le ‘maleme a mangeloi.’ (1 Bakor. 13:1) Leha ho le joalo, tabeng ea ho sebelisa mantsoe a monate, ha ho motho ea kileng a bua joaloka Jesu.—Luka 4:22.
6 Nahana ka litsela tse ling tseo ka tsona lintho li ileng tsa fetoha haholo ha Mora oa Molimo a tla lefatšeng. Le hoja Jesu a sa ka a futsa sebe ho Adama, E ile ea e-ba motho oa nama joaloka bao hamorao e neng e tla ba “barab’abo,” kapa balateli ba hae ba tlotsitsoeng. (Bala Baheberu 2:17, 18.) Bosiung ba ho qetela ba Jesu e le motho oa lefatšeng, o ile a ithiba hore a se ke a kōpa Ntate oa hae oa leholimong hore a mo romelle “lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi.” Empa nahana feela hore na ke mangeloi a makae ao a neng a a laela ha e ne e le Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong! (Mat. 26:53; Juda 9) Ka sebele Jesu o ile a etsa mehlolo; empa seo a se entseng ha a ne a le lefatšeng se bile senyenyane ha se bapisoa le seo a ka beng a ile a se etsa ha a ne a le leholimong.
7. Bajuda ba ile ba itšoara joang mabapi le Molao?
7 Pele Jesu e e-ba motho oa nama, ha e ne e le “Lentsoe,” mohlomong e ne e le ’Muelli oa Molimo ea ileng a tataisa Baiseraele lefeelleng. (Joh. 1:1; Ex. 23:20-23) Leha ho le joalo, ba ne ba ‘amohetse Molao joalokaha o ne o fetisitsoe ke mangeloi empa ba sa o boloka.’ (Lik. 7:53; Baheb. 2:2, 3) Ha e le hantle, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlōloa ho lemoha hore na Molao o ne o hlile o etselitsoe eng. Ka mohlala, nahana ka molao oa Sabatha. (Bala Mareka 3:4-6.) Bangoli le Bafarisi ba ne ba ‘hlokomoloha litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.’ (Mat. 23:23) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a tela eaba o tlohela ho bolela ’nete.
8. Ke hobane’ng ha Jesu a ka re thusa?
8 Jesu e ne e le motho ea nang le boikemisetso. O ne a susumetsoa ke ho rata batho ’me o ne a e-na le takatso e matla ea ho ba thusa. Ha aa ka a felloa ke moea oa boevangeli. Hape, ka lebaka la botšepehi ba hae ho Jehova ha a ntse a le lefatšeng, Jesu o ile a ‘ikarabella bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.’ Ho feta moo, “ka hore o utloile bohloko ha a ntse a lekoa, o khona ho phallela [batho ba kang rōna ba] ntseng ba lekoa.”—Baheb. 2:18; 5:8, 9.
Mosuoe ea Neng a Koetlisitsoe Hantle
9, 10. Jesu o ile a koetlisoa joang pele a romeloa lefatšeng?
9 Pele Bakreste ba mehleng ena ba romeloa hore e be baromuoa, Sehlopha se Busang se lokisetsa hore ba koetlisoe. Na Jesu Kreste le eena o ile a koetlisoa? E, empa ha aa ka a kena likolo tsa bo-rabi pele a tlotsoa hore e be Mesia; ebile ha aa ka a rutoa ke baeta-pele ba hlaheletseng ba bolumeli. (Joh. 7:15; bapisa le Liketso 22:3.) Kahoo, ke hobane’ng ha Jesu e ne e le mosuoe ea tšoanelehang hakaale?
10 Ho sa tsotellehe hore na mohlomong Jesu o ne a ithutile eng ho ’mè oa hae Maria, le ntate oa hae ea mo hōlisitseng, Josefa, Jehova ke eena ea ileng a mo koetlisetsa tšebeletso haholo. Tabeng ena Jesu o ile a re: “Ha kea bua ka tšusumetso e tsoang ho ’na, empa Ntate ea nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua.” (Joh. 12:49) Hlokomela hore Mora o ile a fuoa litaelo tse qaqileng mabapi le seo a neng a lokela ho se ruta. Pele Jesu a tla lefatšeng, ha ho pelaelo hore o ile a qeta nako e telele a mametse taeo e tsoang ho Ntate oa hae. Na ho na le koetliso e molemo ho feta ee eo a neng a ka e fumana?
11. Jesu o ile a bonahatsa maikutlo a Ntate oa hae hakae mabapi le batho?
11 Ho tloha ha Mora a ne a bōptjoa, o ile a utloana haholo le Ntate oa hae. Pele Jesu e e-ba motho oa nama, o ile a lemoha maikutlo a Molimo ka batho ha a bona kamoo Jehova a neng a sebelisana le bona kateng. Lerato la Molimo ho Liprov. 8:22, 31.
batho le ne le bonahala ho Mora eo joaloka bohlale bo mothofalitsoeng, a neng a ka re: “Lintho tseo ke neng ke li rata li ne li le ho bara ba batho.”—12, 13. (a) Jesu o ile a ithuta eng ka ho shebella kamoo Ntate oa hae a neng a sebelisana le Baiseraele kateng? (b) Jesu o ile a sebelisa joang koetliso eo a e fumaneng?
12 Tsela eo Mora a ileng a koetlisoa ka eona e ne e boetse e akarelletsa ho shebella hore na Ntate o sebetsa maemo a thata joang. Ka mohlala, nahana kamoo Jehova a ileng a sebelisana kateng le Baiseraele ba neng ba sa mamele. Nehemia 9:28 e re: “Hang ha ba phomotse, ba ne ba boela ba etsa se sebe ka pel’a hao [Jehova], ’me u ne u ba tlohela matsohong a lira tsa bona, tse neng li ba hatakela. Joale ba ne ba khutla ’me ba hoeletsa ho uena ho kōpa thuso, ’me u ne u utloa u le maholimong ’me u ba lopolla tumellanong le mohau oa hao o mongata, nako le nako.” Ka lebaka la ho sebetsa le Jehova le ho mo shebella, Jesu o ile a bontša qenehelo e tšoanang ho batho ba neng ba le libakeng tseo a neng a tsamaea ho tsona.—Joh. 5:19.
13 Jesu o ile a sebelisa thuto ena ha a ntse a sebelisana ka qenehelo le barutuoa ba hae. Bosiung ba pele a e-shoa, baapostola bohle bao a neng a ba rata haholo ba ile “ba mo tlohela ’me ba baleha.” (Mat. 26:56; Joh. 13:1) Moapostola Petrose o bile a latola Kreste ka makhetlo a mararo! Leha ho le joalo, Jesu o ile a bula monyetla oa hore baapostola ba hae ba khutlele ho eena. O ile a re ho Petrose: “Ke u etselitse thapeli hore tumelo ea hao e se ke ea fela; ’me uena, hang feela ha u khutlile, u matlafatse barab’eno.” (Luka 22:32) Iseraele ea moea e thehiloe ka katleho holim’a “baapostola le baprofeta,” ’me majoe a motheo a lerako la Jerusalema e Mocha a na le mabitso a baapostola ba tšepahalang ba 12 ba Konyana, Jesu Kreste. Le kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona e inehetseng ea “linku tse ling,” ba atleha haholo e le mokhatlo oa baboleli ba ’Muso o laoloang ke letsoho le matla la Molimo le o tlas’a boeta-pele ba Mora ea ratoang oa hae.—Baef. 2:20; Joh. 10:16; Tšen. 21:14.
Mokhoa oa Jesu oa ho Ruta
14, 15. Tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e fapane joang le ea bangoli le Bafarisi?
14 Jesu o ile a sebelisa seo a ithutileng sona joang ha a ruta balateli ba hae? Ha re bapisa tsela ea Jesu ea ho ruta le ea baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda, re bona ka ho hlaka hore tsela ea Jesu ea ho ruta e ne e phahame ka ho fetisisa. Bangoli le Bafarisi ba ne ba “entse lentsoe la Molimo lefeela ka lebaka la neano ea [bona].” Ha ho bapisoa, Jesu o ne a sa bue seo a iqallang sona; kamehla o ne a ruta lentsoe la Molimo, kapa molaetsa oa Molimo. (Mat. 15:6; Joh. 14:10) Le rōna re lokela ho etsa joalo.
15 Ho na le ntlha e ’ngoe hape e neng e khetholla Jesu ka ho feletseng ho baeta-pele ba bolumeli. O ile a bua tjena ka bangoli le Bafarisi: “Lintho tsohle tseo ba le bolellang tsona, le li etse ’me le li boloke, empa le se ke la etsa ho ea ka liketso tsa bona, kaha baa bua empa ha ba etse.” (Mat. 23:3) Jesu o ne a etsa seo a neng a se ruta. A re tšohleng mohlala o bontšang hore sena ke ’nete.
16. Ke hobane’ng ha u ka bolela hore Jesu o phetse tumellanong le mantsoe a hae a tlalehiloeng ho Matheu 6:19-21?
16 Jesu o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba “ipolokele matlotlo leholimong.” (Bala Matheu 6:19-21.) Na Jesu ka boeena o ile a phela tumellanong le keletso eo? Hantle haholo hobane kannete o ne a ka ipolela tjena: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Luka 9:58) Jesu o ne a phela bophelo bo itekanetseng. O ne a tšoarehile haholo ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, ’me o ile a bontša hore na ke ntho e joang ho lokoloha matšoenyehong a bakoang ke ho bokella matlotlo lefatšeng. Jesu o ile a bontša hore na ho molemo hakaakang ho boloka matlotlo leholimong, “moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.” Na u latela keletso ea Jesu ea ho boloka matlotlo leholimong?
Litšobotsi Tse Neng li Etsa Hore Batho ba Rate Jesu
17. Ke litšobotsi life tse ileng tsa etsa hore Jesu e be moevangeli ea ikhethang?
17 Ke litšobotsi life tse ileng tsa etsa hore Jesu e be moevangeli ea ikhethang? E ’ngoe e ne e le maikutlo a hae ka batho bao a neng a ba thusa. Har’a litšobotsi tse ntle tsa Jehova tseo Jesu a neng a li etsisa e ne e le boikokobetso, lerato le qenehelo. Hlokomela kamoo litšobotsi tsena li neng li hulela batho ba bangata kateng ho Jesu.
18. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jesu o ne a ikokobelitse?
18 Ha Jesu a se a lumetse hore o tla tla lefatšeng, “o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho.” (Bafil. 2:7) Ketso ena e ne e bontša boikokobetso. Ho feta moo, Jesu o ne a sa halale batho. O ne a se na maikutlo a ho re, ‘ke tsoa maholimong, ka lebaka leo, le lokela ho ’mamela.’ Ho fapana le bo-mesia ba bohata ba maiketsetso, Jesu ha aa ka a tsamaea a phatlalatsa boemo ba hae ba hore ke Mesia oa ’nete. Ka linako tse ling o ne a bolella batho hore ba se ke ba bolella ba bang hore na ke mang kapa hore na o entse’ng. (Mat. 12:15-21) Jesu o ne a batla hore batho ba iketsetse qeto ea ho mo latela ka lebaka la seo ba se boneng ka bobona. Ka sebele barutuoa ba hae ba ile ba khothala haholo ke hore Morena oa bona o ne a sa lebella hore ba tšoane le mangeloi a phethahetseng ao a neng a phela le ’ona leholimong!
19, 20. Lerato le qenehelo li ile tsa susumetsa Jesu joang hore a thuse batho?
19 Jesu Kreste o ile a boela a bontša lerato leo e leng tšobotsi e ka sehloohong ea Ntate oa hae oa leholimong. (1 Joh. 4:8) Jesu o ne a ruta bamameli ba hae ka lerato. Ka mohlala, nahana kamoo a ileng a ikutloa kateng ka ’musi e mong e mocha. (Bala Mareka 10:17-22.) Jesu o ile “a ikutloa a mo rata” ’me o ne a batla ho mo thusa, empa ’musi enoa e mocha ha aa ka a tela matlotlo a hae a mangata e le hore e be molateli oa Kreste.
20 Tšobotsi e ’ngoe e ratehang ea Jesu ke qenehelo eo a neng a e-na le eona. Joaloka batho bohle ba sa phethahalang, batho ba neng ba nka khato ka seo a se rutang, ba ne ba imetsoe ke mathata. Kaha Jesu o ne a tseba taba ena, o ne a ba ruta ka qenehelo le ka khauho. Ho tea mohlala: Ka lekhetlo le leng, Jesu le baapostola ba hae ba ne ba phathahane hoo ba neng ba se na le nako ea ho ja feela. Leha ho le joalo, Jesu o ile a etsa’ng ha a bona hore bongata bo bokane? O ile “a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. A qala ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mar. 6:34) Jesu o ile a hlokomela hore boemo ba batho ba libaka tseo a neng a tsamaea ho tsona boa haula, eaba o itella ho ba ruta le ho ba etsetsa mehlolo e ba thusang. Ba bang ba ile ba khahloa ke litšobotsi tsa hae tse ntle, ba susumetsoa ke mantsoe a hae, eaba e ba barutuoa ba hae.
21. Sehloohong se latelang re tla tšohla eng?
21 Ho na le ho hongata haholo hoo re ka ithutang hona ka tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša. Re ka etsisa Jesu Kreste, Moromuoa ea fetang bohle, ka litsela life?
U ka Araba Joang?
• Jesu o ile a koetlisoa joang pele a tla lefatšeng?
• Tsela ea Jesu ea ho ruta e ne e phahametse ea bangoli le Bafarisi joang?
• Batho ba ne ba rata Jesu ka lebaka la litšobotsi life?
[Lipotso tsa sehlooho se ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o ne a ruta matšoele joang?