Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha 2 Samuele 21:7-9 e re Davida o ile a bontša Mefiboshethe ‘qenehelo’ empa a ile a fana ka Mefiboshethe hore a bolaoe?

Batho ba sa kang ba bala tlaleho ena ka kelo-hloko ba botsa potso eo. Empa ho ea ka litemana tsena, ho ne ho e-na le bo-Mefiboshethe ba babeli ’me ho na le hoo re ka ithutang hona ka ho hlahloba se ileng sa etsahala.

Morena Saule oa Iseraele o ne a e-na le bara ba supileng le barali ba babeli. Mora oa Saule oa letsibolo e ne e le Jonathane. Hamorao serethe sa Morena Saule e leng Rizpa se ile sa mo tsoalla mora eo lebitso la hae e neng e le Mefiboshethe. Ho thahasellisang ke hore Jonathane le eena o ne a e-na le mora ea bitsoang Mefiboshethe. Kahoo, Morena Saule o ne a e-na le mora le setloholo bao ka bobeli e neng e le bo-Mefiboshethe.

Ho na le nako eo Morena Saule a ileng a hloea Bagibeone ’me a leka ho ba bolaea kaofela. Ho bonahala ba bangata ba ile ba bolaoa. Ho etsa joalo ho ne ho fosahetse. Hobane’ng? Hobane mehleng ea Joshua, marenana a Iseraele a ne a ile a etsa selekane sa khotso le Bagibeone.​—Josh. 9:3-27.

Selekane seo se ne se ntse se sebetsa le mehleng ea Morena Saule. Empa morena o ile a tsoa selekane seo tlaase ’me o ile a leka ho felisa Bagibeone. Ka lebaka leo, ho ile ha qetella “ho na le molato oa mali ho Saule le ho ntlo ea hae.” (2 Sam. 21:1) Hamorao Davida e ile ea e-ba morena. Bagibeone ba sa kang ba bolaoa ba ile ba bua le eena ka phoso eo e kholo. Davida o ile a botsa Bagibeone hore na ho etsoe’ng ho koahela sebe seo Saule a ileng a se etsa e le hore Jehova a ka hlohonolofatsa sechaba. Ho e-na le ho kopa chelete, Bagibeone ba ile ba kopa ho fuoa bara ba supileng ba monna ea ileng a ‘rera ho ba timetsa’ e le hore ba ba bolaee. (Num. 35:30, 31) Davida o ile a amohela kopo ea bona.​—2 Sam. 21:2-6.

Ka nako eo, Saule le Jonathane ba ne ba bolaetsoe ntoeng. Empa mora oa Jonathane e leng Mefiboshethe o ne a ntse a phela. O ile a holofala a sa le monyane ka lebaka la kotsi e ileng ea mo hlahela ’me ha aa ka a kenella ha ntate moholo oa hae a ne a hlasela Bagibeone. Davida o ne a ile a etsa selekane le Jonathane ’me se ne se tla tsoela bana ba Jonathane molemo, ho akareletsa le mora oa hae Mefiboshethe. (1 Sam. 18:1; 20:42) Tlaleho ea Bibele e re: “Morena [Davida] a qenehela Mefiboshethe mora oa Jonathane mora oa Saule ka lebaka la kano ea Jehova e neng e le pakeng tsa bona.”​—2 Sam. 21:7.

Ho ntse ho le joalo, Davida o ile a fa Bagibeone seo ba neng ba se kopile. O ile a ba fa bara ba babeli ba Saule ’me e mong oa bona o ne a bitsoa Mefiboshethe, a ba a ba fa le litloholo tse hlano tsa Saule. (2 Sam. 21:8, 9) Ketso eo ea Davida e ile ea felisa molato oa mali sechabeng.

Tlaleho ena ha se pale feela tjena. Molao oa Jehova o ne o hlakile. O ne o re: “Bana ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bo-ntate.” (Deut. 24:16) Jehova o ne a ke ke a lumella hore litloholo tse hlano tsa Saule le bara ba hae ba babeli ba bolaoe haeba ba ne ba se na molato. Molao oo o ile oa tsoela pele hore: “E mong le e mong a bolaeloe sebe sa hae.” Ho bonahala eka litloholo tsa Saule le bara ba hae ba ileng ba bolaoa, ba ne ba kentse letsoho ha Saule a leka ho felisa Bagibeone. Ka lebaka leo, ba ile ba bolaeloa phoso ea bona.

Tlaleho ena e bontša hore motho a ke ke a re ha a na molato haeba a entse ntho e mpe hobane feela a re o ne a latela litaelo tseo a li fuoeng. Ho na le maele a reng: “Batalatsa tsela ea leoto la hao, ’me e se eka litsela tsohle tsa hao li ka tiisoa ka thata.”​—Liprov. 4:24-27; Baef. 5:15.