Na U ne U Tseba?
Batho ba Mehleng ea ha ho ne ho Ngoloa Bibele ba ne ba Tseba Joang ha e le Qalong ea Selemo Kapa Qalong ea Khoeli?
NAKONG eo Baheberu ba neng ba le Naheng e Tšepisitsoeng, selemo sa bona se ne se qala ha ho ne ho lengoa ebile ho jaloa, e leng nako eo hona joale e leng September kapa October.
Batho ba ne ba ipapisa le potoloho ea khoeli ho fumana hore na khoeli e tla ba le matsatsi a makae, hore na a tla ba 29 kapa 30. Ba ne ba sheba letsatsi ho fumana hore na selemo se tla ba selelele hakae. Leha ho le joalo, selemo se baloang ho ipapisitsoe le potoloho ea khoeli se se khutšoanyane ho feta selemo se baloang ho ipapisitsoe le letsatsi. Kahoo, ba ne ba lokela ho fumana tsela ea ho etsa hore mekhoa ena e ’meli ea ho bala nako e lumellane. Ba ne ba etsa joalo ka hore mohlomong qetellong ea selemo, ba eketse matsatsi kapa ka linako tse ling ba eketse khoeli ea bo-13. Ka tsela eo, k’halendara e ne e tla bapa le linako tsa ho lema le ho kotula.
Leha ho le joalo, mehleng ea Moshe Molimo o ile a bolella batho ba hae hore selemo sa bona se ne se lokela ho qala ka khoeli ea Abibe kapa Nisane, e leng nako eo hona joale e leng March kapa April. (Ex. 12:2; 13:4) Mokete o neng o etsoa ka khoeli ena o ne o amana le ho kotuloa ha harese.—Ex. 23:15, 16.
Setsebi se seng se re ho ne ho le bonolo ho tseba hore na khoeli ea bo-13 e lokela ho kenngoa neng k’halendareng. Se boetse se re: “Paseka e neng e ketekoa ha khoeli e tolokile ka khoeli ea Nisane (la 14 Nisane), e ne e tlameha ho ketekoa nakong ea selemo letsatsi ka mor’a letsatsi leo bosiu le motšehare li lekanang . . . Haeba ho elella mafelong a selemo ho ne ho hlokomeloa hore Paseka e tla ba pele ho letsatsi leo bosiu le motšehare li lekanang, Bajuda ba ne ba eketsa khoeli e ’ngoe ea bo-13 pele ho Nisane.”
Lipaki Tsa Jehova li sebelisa mokhoa ona ho fumana letsatsi la ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Letsatsi lena le ba ka March kapa April ’me le bapa le la 14 Nisane k’halendareng ea Bajuda. Liphutheho lefatšeng lohle li tsebisoa ka letsatsi lena esale pele. a
Empa Baheberu ba ne ba tseba joang ha khoeli e ’ngoe e fela ’me ho qala e ’ngoe? Mehleng ena ho bonolo hobane u ka sheba k’halendara e pampiring kapa e fonong ea hao. Leha ho le joalo, mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ho ne ho se bonolo joalo.
Mehleng ea Moroallo oa Metsi, khoeli e ne e nkoa e e-na le matsatsi a 30. (Gen. 7:11, 24; 8:3, 4) Hamorao mehleng ea Baheberu, e ne e se likhoeli tsohle tse nang le matsatsi a 30. Khoeli ea Baheberu e ne e qala ha khoeli e thoasa e le lenala. Khoeli e ne e thoasa matsatsi a 29 kapa a 30 ka mor’a hore khoeli e fetileng e qale.
Ka lekhetlo le leng, Davida le Jonathane ba ile ba bua ka ho qala ha khoeli e ncha ba re: “Hosasane khoeli ea thoasa.” (1 Sam. 20:5, 18) Kahoo, ho bonahala hore mehleng ea bona ho ne ho se ho ntse ho tsebahala hore na khoeli e tla qala neng. Empa Baiseraele ba ne ba tseba joang ha khoeli e ncha e qalile? Pokello ea melao le meetlo ea Bajuda e leng Mishnah, e fana ka leseli. E hlalosa hore ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babylona, Sanhedrine (lekhotla le phahameng la Bajuda) le ne le etsa qeto ea hore na khoeli e qala neng. Likhoeling tse supileng tseo mekete e neng e tšoaroa ka tsona, lekhotla le ne le kopana letsatsing la bo-30 la khoeli. Banna ba lekhotla ke bona ba neng ba etsa qeto ea hore na khoeli e hlahlamang e tla qala neng. Ba ne ba etsa qeto ba ipapisitse le eng?
Balebeli ba neng ba behoa libakeng tse phahameng tsa Jerusalema, ba ne ba sheba sepaka-paka bosiu ho bona hore na khoeli e ncha e hlaha neng. Ha ba ne ba e bona, kapele ba ne ba bolella lekhotla la Sanhedrine. Ha banna ba lekhotla ba ne ba lumela hore ba na le bopaki bo lekaneng ba hore khoeli e ncha e bonoe, ba ne ba phatlalatsa
hore khoeli e ncha e qalile. Empa ho ne ho etsahala joang haeba balebeli ba sa khone ho bona khoeli e ncha ka lebaka la maru kapa moholi? Ho ne ho nkoa nako ea khoeli e le matsatsi a 30 ’me ka mor’a moo, khoeli e ncha e ne e tla qala.E le ho phatlalatsa hore khoeli e ncha e qalile, ho ne ho besoa mollo ka holim’a Thaba ea Mehloaare e haufi le Jerusalema. Hape libakeng tse ling tse phahameng Iseraele ho ne ho besoa mollo ho tsebisa sechaba hore khoeli e ncha e qalile. Ha nako e ntse e ea, ho ile ha rongoa batho hore ba fetise molaetsa. Ka tsela eo, Bajuda ba neng ba le Jerusalema le libakeng tse ling, ba ne ba tseba ha khoeli e ncha e qala. Batho bohle ba ne ba ka khona ho tšoara mekete ka nako e tšoanang.
Chate e latelang e tla u thusa ho utloisisa likhoeli, mekete le linako tsa selemo tsa mehleng ea Baiseraele.
a Sheba Molula-Qhooa oa February 15, 1990, leq. 15, le “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa Senyesemane oa June 15, 1977.