Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso”?

Jesu o ile a ruta batho hore ba be le khotso le batho ba bang. Leha ho le joalo, ho na le nako eo a ileng a re ho baapostola ba hae: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng; ke tletse ho tlisa sabole, eseng khotso. Kaha ke tletse ho baka karohano, ho motho khahlanong le ntat’ae, le morali khahlanong le ’m’ae, le mosali e mocha khahlanong le ’m’ae matsale.” (Mat. 10:​34, 35) Ebe o ne a bolela’ng?

Jesu o ne a sa batle ho senya khotso ea malapa empa o ne a tseba hore lithuto tsa hae, li tla baka likarohano ka malapeng. Kahoo, batho ba neng ba batla ho ba balateli ba Kreste le ho kolobetsoa, ba ne ba lokela ho utloisisa hore ka linako tse ling litho tsa malapa a bona li ke ke tsa thabisoa ke qeto ea bona. Khanyetso e tsoang ho molekane eo e seng Mokreste kapa litho tse ling tsa lelapa, e ka etsa hore ho be thata ho bona ho mamela lithuto tsa Kreste.

Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba “be le khotso le batho bohle.” (Bar. 12:​18) Empa ka malapeng a mang, lithuto tsa Jesu li ka ba joaloka “sabole.” Sena se ka etsahala ha setho se seng sa lelapa se amohela lithuto tsa Jesu empa litho tse ling tsona li sa batle ho ithuta kapa li hanyetsa. Boemong boo, ba lelapa e e-ba “lira” tsa setho sa lelapa se ithutang.​—Mat. 10:36

Ka linako tse ling balateli ba Kreste ba phelang malapeng a arohaneng bolumeling ba tobana le maemo ao ho ’ona ba lokelang ho etsa qeto. Qeto eo e ka ba hore na ba tla thabisa Jehova le Jesu kapa litho tsa malapa a bona. Ka mohlala, litho tsa lelapa tseo e seng Bakreste li ka qobella Mokreste hore a be le bona ha ba keteka matsatsi a phomolo a bolumeli. Boemong boo, ba tla mamela mang? Jesu o ile a re: “Ea ratang ntate kapa ’mè ho mpheta ha a ntšoanele.” (Mat. 10:​37) Ho hlakile hore Jesu o ne a sa bolele hore motho o lokela hore a se ke a rata batsoali ba hae e le hore e be molateli oa hae. Empa o ne a ba ruta hore na ke joang ba ka khethang lintho tsa bohlokoa haholo bophelong. Haeba litho tsa lelapa tseo e seng Bakreste li re sitisa ho sebeletsa Jehova, re tsoela pele ho li rata empa re lokela ho rata Molimo le ho feta.

Ho utloisa bohloko ha ba lelapa ba hanyetsa. Empa balateli ba Jesu, ba lokela ho hopola mantsoe a hae a reng: “Mang kapa mang ea sa amoheleng thupa ea hae ea tlhokofatso ’me a ntšala morao ha a ntšoanele.” (Mat. 10:​38) Ka mantsoe a mang, Bakreste ba nka ho hanyetsoa ke ba lelapa e le karolo ea mathata ao ba ikemiselitseng ho a mamella. Ho ntse ho le joalo, ba tšepa hore tsela e ntle eo ba itšoereng ka eona e tla susumelletsa ba malapa a bona hore ba fetole maikutlo a bona ’me ba batle ho ithuta Bibele.​—1 Pet. 3:​1, 2.