Hana Mashano a Satane
SERA sa hao, e leng Satane, se u hlasela ka sebetsa se kotsi. Sebetsa see ke sefe? Ke mashano ao Satane a a hasang. O sebelisa mashano ana ho etsa hore re nahane ka tsela eo eena a batlang.
Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore na mashano ana a Satane a kotsi hakae. Empa Bakreste-’moho le eena ha baa ka ba hlokomela. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba phutheho ea Korinthe ba ne ba itšepa ho tlola, ba nahana hore kamano ea bona le Jehova e ke ke ea senyeha. (1 Bakor. 10:12) Kahoo, Pauluse o ile a ba hlokomelisa a re: “Ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong e lokelang Kreste.”—2 Bakor. 11:3.
Mantsoe ana a Pauluse aa bontša hore ha rea lokela ho itšepa ho tlola. U lokela ho hlokomela hore na mashano a kotsi hakae ’me u itšireletse khahlanong le ’ona e le hore u a hane.
MASHANO A KOTSI HAKAE?
Mashano aa ke’ng? Sehloohong sena, mashano a hlalosoa e le litaba tseo e seng ’nete tse bolelloang batho ka sepheo sa ho ba thetsa e le ho etsa hore ba nahane le ho etsa lintho ka tsela e fapaneng. Buka e bitsoang Propaganda and Persuasion e re mashano “a fosahetse, a kotsi ’me batho ba a buang ha ba na toka.” Batho ba bang ba re motho ea buang mashano “o sotha litaba, oa qhekella ebile o isa batho le khongoana holimo ka ho etsa hore ba nahane lintho ka tsela eo eena a e batlang. Mashano a joalo a ka ferekanya batho.”
Mashano a kotsi hakae? Ho bonolo hore re ee le khongoana holimo re sa hlokomele. Leshano le ka tšoana le khase e kotsi e fokang moeeng eo motho a ka e hemang empa a sa e
hlokomele. Ntate Vance Packard, e leng setsebi sa boitšoaro ba batho, o re: “Boholo ba rona rea thetsoa ’me hangata ha re hlokomele ho hang.” Bukeng e bitsoang Easily Led—A History of Propaganda, setsebi se seng se ile sa re: “Batho ba bangata ba entse lintho tse ngata tse mpe tse kang ho bolaea, ho loantšana le ho hloeana hobane feela ba lumetse mashano ao ba a boleletsoeng.”Joale haeba batho ba khona ho re thetsa, u se u ka inahanela hore na Satane eena a ka re thetsa hakae. Haesale Satane a tseba tsela eo batho ba etsang lintho ka eona ho tloha ha ba qala ho boptjoa. O busa “lefatše lohle.” A ka thetsa motho ofe kapa ofe mona lefatšeng. (1 Joh. 5:19; Joh. 8:44) Satane o atlehile ho ‘foufatsa likelello’ tsa batho hoo hona joale a seng a bile a ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (2 Bakor. 4:4; Tšen. 12:9) U ka hana mashano a hae joang?
IKATELE
Jesu o fane ka leqheka lena le ka re thusang ho hana mashano a Satane: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Ha lesole le le ntoeng, le lokela ho tseba hore na le fumana litaba tse nepahetseng mohloling ofe e le hore ba lireng ba se ke ba le fa litaba tse fosahetseng. Le rona Jehova o re file Bibele e le mohloli oa litaba tsa ’nete tse ka re thusang ho hana mashano a Satane.—2 Tim. 3:16, 17.
Satane, raleshano e moholo, oa tseba hore litaba tse ka Bibeleng ke ’nete. Kahoo, o sebelisa batho ho re nyahamisa e le hore re se ke ra bala Bibele le ho ithuta eona. Le ka mohla u se ke oa kholoa mashano a hae. (Baef. 6:11) “Utloisisa” Bibele “ka ho phethahetseng.” (Baef. 3:18.) Ke ’nete hore u tla lokela ho itela e le ho etsa joalo. Empa nahanisisa ka mantsoe ana ao ntate Noam Chomsky a ileng a a bua: “U se ke oa lebella hore ’nete e itlise ho uena. U lokela ho iphumanela eona.” Kahoo, khothalla ho “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng” e le hore u iphumanele litaba tseo e leng ’nete.—Lik. 17:11.
Satane o batla hore u be le maikutlo a fosahetseng ka litaba tsa ’nete tseo u ithutang tsona ka Bibeleng le hore u se ke oa li utloisisa. Hobane’ng? Buka e bitsoang Media and Society in the Twentieth Century e re ke hobane “ha motho a e-na le maikutlo a fosahetseng ka ntho e itseng, a ka ea le khongoana holimo Liprov. 14:15) Kahoo, sebelisa kelello ea hao le bohlale boo u bo fuoeng ho matlafatsa tumelo ea hao Bibeleng.—Liprov. 2:10-15; Bar. 12:1, 2.
habonolo feela ha a bolelloa leshano ka eona.” Kahoo, u se ke oa potlakela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang empa u sa nahanisisa ka eona. Jehova o u file kelello le bohlale ba hore u iketsetse liqeto tse nepahetseng.(LULA U E-NA LE KHOTSO LE BAKRESTE-’MOHO LE UENA
Masole a ka ’na a se ke a batla ho ea ntoeng, a loantšana kapa hona ho ikarola lebothong hobane feela a lumetse mashano ao a a boleletsoeng. Mookameli e mong oa sesole oa Lejeremane o lumela hore masole a Jeremane a ile a hloloa Ntoeng ea Pele ea Lefatše hobane a ile a lumela mashano ao a ileng a a bolelloa. Satane le eena o sebelisa leqheka leo la mashano e le ho leka ho etsa hore u qabane le Bakreste-’moho le uena kapa hore u khoehlise liketane hobane feela ho na le ntho eo Mokreste-’moho le uena a e entseng e sa u tšoarang hantle.
U se ke oa kholoa mashano a Satane. Mamela keletso ea Bibele. Ka mohlala, Bibele e re khothalletsa ho “tšoarelana ka bolokolohi” le ho rarolla liqabang pakeng tsa rona le Bakreste-’moho le rona hang-hang. (Bakol. 3:13, 14; Mat. 5:23, 24) E boetse e re khothalletsa hore re se ke ra ‘itšehla thajana.’ (Liprov. 18:1) Itlhahlobe e le ho bona hore na u ikatetse hakae khahlanong le mashano a Satane ka ho ipotsa: ‘Ke ile ka itšoara joang lekhetlo la ho qetela ha Mokreste-’moho le ’na a ne a nkhatile torong? Na ke ile ka etsa lintho ka tsela e ileng ea thabisa Molimo kapa Satane?—Bagal. 5:16-26; Baef. 2:2, 3.
LULA U TŠEPILE JEHOVA
Lesole le ke ke la khona ho ikitlaetsa ha le le ntoeng haeba le sa tšepe molaoli oa lona. Kahoo, masole a lireng a bua mashano e le ho etsa hore masole ao a a loantšang a se ke a tšepa molaoli oa ’ona. Ba lireng ba re masole ao a se ke a tšepa molaoli oa ’ona hobane o tla a bakela mathata, ba bile ba qhekella masole ao ka ho qolla tse ling tsa liphoso tseo molaoli oa ’ona a li entseng. Satane le eena o etsa joalo. O lula a leka ho etsa hore u se ke oa tšepa Jehova.
U lokela ho etsa’ng? Ikemisetse ho lula u tšepahalla Jehova ’me u ikokobeletse batho 1 Bathes. 5:12, 13) Ha bakoenehi kapa batho ba bang ba bolotsana ba hasa mashano ka mokhatlo oa Molimo, esita le haeba lintho tseo ba li buang li ka ’na tsa bonahala li utloahala, u se ke oa ‘sisinngoa kapele monahanong oa hao.’ (2 Bathes. 2:2; Tite 1:10) Mamela keletso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea ka hore “u tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona” ’me u lule u hopola “hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe.” (2 Tim. 3:14, 15) Ho na le lintho tse ngata tse tla u kholisa hore u tšepe “lekhoba le tšepahalang le le masene” leo esale Jehova a le sebelisa ka lilemo tse ka bang lekholo ho re thusa ho ba le kamano e ntle le eena.—Mat. 24:45-47; Baheb. 13:7, 17.
bao a ba khethileng hore ba li hule nthau ka har’a mokhatlo oa hae ho sa tsotellehe liphoso tseo ba li etsang. (U SE KE OA BA BOI
Ha se kamehla Satane a tla pata mohoasa ho u thetsa. Ka linako tse ling a ka sebelisa batho ho u tšosa. Buka e bitsoang Easily Led—A History of Propaganda e re: “Lena ke leqheka leo esale le sebelisoa ho tloha mehleng ea khale.” Ka mohlala, ntate Philip M. Taylor oa Brithani, eo e leng setsebi, o re Baassyria ba ile ba hlola lira tsa bona ka “ho ba tšosa le ho ba bolella mashano.” Satane a ka etsa hore u tšabe batho. Ka mohlala, a ka etsa hore u tlohele ho sebeletsa Jehova ka ho etsa hore batho ba u tšose ka hore ba tla u hlorisa kapa ba u bolaee.—Esa. 8:12; Jer. 42:11; Baheb. 2:15.
U se ke oa lumella hore Satane a etse hore u khaotse ho tšepahalla Jehova ka ho u tšosa feela. Jesu o ile a re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele ’me ka mor’a moo ba sa khone ho etsa letho le fetang moo.” (Luka 12:4) Tšepa Jehova ha a re o tla u sireletsa, a u fe “matla a fetang se tloaelehileng” a be a u thuse hore u be sebete neng kapa neng ha batho ba u tšosa.—2 Bakor. 4:7-9; 1 Pet. 3:14.
Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka hlaheloa ke maemo a ka etsang hore u tšohe kapa u lahleheloe ke tšepo. Empa hopola mantsoe ana ao Jehova a ileng a a bua ha a ne a khothatsa Joshua: “U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”(Josh. 1:9) Hang ha u qala ho tšoha, rapela Jehova ’me u mo bolelle lintho tse u tšoenyang. Thapelo e tla u thusa ho kholiseha hore ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello’ e le hore u tle u khone ho hana mashano ’ohle a Satane.—Bafil. 4:6, 7, 13.
Na u sa hopola mashano ao Rabshake, lenqosa la Baassyria, a ileng a a bolella batho ba Molimo? O ile a re ha ho letho le tla ba sireletsa ha Baassyria ba ba hlasela, ebile le Molimo oa bona Jehova, o ne a ke ke a ba thusa. O ile a ba a re: ‘Jehova o itse re *felise naha ena.’ Empa Jehova o ile a re: “U se ke ua tšoha ka lebaka la mantsoe ao u a utloileng ao bahlanka ba morena oa Assyria ba ’nyefotseng ka ’ona.” (2 Mar. 18:22-25; 19:6) Ka mor’a moo, o ile a romela lengeloi le ileng la bolaea Baassyria ba 185 000 ka bosiu bo le bong.—2 Mar. 19:35.
HLOKOMELA MASHANO A SATANE ’ME U LULE U MAMELA JEHOVA
Na u kile oa shebella filimi eo ho eona motho e mong a sa hlokomeleng hore o ntse a bolelloa mashano a matala ebile o ntse a qhekelloa? E ka ’na eaba u ile oa iphumana u se u ntse u re ka pelong: ‘U se ke oa mo kholoa. O ntse a u thetsa.’ Joale, nahana ka mangeloi a ntse a re ho uena: ‘U se ke oa kholoa mashano a Satane.’
Kahoo, u se ke oa lumella Satane ho u isa le khongoana holimo. (Liprov. 26:24, 25) Mamela Jehova ’me u mo tšepe maemong ’ohle. (Liprov. 3:5-7) Mo mamele ha a u eletsa a re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka.” (Liprov. 27:11) Ha u etsa joalo, u tla atleha ho hana mashano a Satane.