Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ‘ho Lula re Lebetse’?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ‘ho Lula re Lebetse’?

“Ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—MAT. 24:42.

LIPINA: 136, 129

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko nako le se etsahalang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

HLANO, ’nè, tharo, peli, ’ngoe! Ha re bona lipalo tsena li hlaha sekrineng sa kopano, rea tseba hore joale ke nako ea hore re lule fatše re mamele ’mino oa selelekela o qalang lenaneo la kopano. Ke nako ea hore re mamele lehlaso le monate la ’mino o bapaloang ke sehlopha sa ’mino oa liletsa sa Watchtower, ’me habohlokoa le ho feta ke nako ea hore re lokise likelello le lipelo tsa rōna e le hore re mamele lipuo tse tla latela. Empa ho etsahala’ng haeba batho ba bang ba sa lule fatše, ba ea holimo le tlaase kapa ba bua le metsoalle, ba sa hlokomele hore lenaneo le se le qalile? Ho hlakile hore ha ba elelloe hore na ke nako mang le hore na ho etsahala’ng, ha ba lemohe hore molula-setulo o se a le sethaleng le hore ’mino oa selelekela o se o qalile ’me bamameli ba se ba lutse fatše. Boemo bona bo ka ’na ba re hopotsa ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta e haufi le ho etsahala, eo re lokelang ho lula re e lebeletse. Ketsahalo eo ke efe?

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re barutuoa ba hae ‘ba lule ba lebetse’?

2 Ha Jesu Kreste a ne a bua ka “qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a phehella barutuoa ba hae, a re: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.” O ile a ba eletsa ka makhetlo a re: “Le lule le lebetse.” (Mat. 24:3; bala Mareka 13:32-37.) Tlaleho ea Matheu le eona e bontša hore Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore ba lule ba falimehile, a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe. . . . Le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” O ile a boela a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—Mat. 24:42-44; 25:13.

3. Ke hobane’ng ha re nka ka ho teba temoso ea Jesu?

3 Rōna Lipaki Tsa Jehova, re nka temoso ea Jesu ka ho teba. Rea tseba hore re phela “nakong ea bofelo” le hore ho setse nako e khutšoanyane pele “matšoenyeho a maholo” a qala! (Dan. 12:4; Mat. 24:21) Lefatšeng ka bophara re bona lintoa, ho hlepha ha boitšoaro, tlōlo ea molao, pherekano ea malumeli, khaello ea lijo, mafu a seoa le litšisinyeho tsa lefatše. Rea tseba hore batho ba Jehova ba etsa mosebetsi o babatsehang oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. (Mat. 24:7, 11, 12, 14; Luka 21:11) Re lebeletse ka tjantjello ho tla ha Morena le ho phethahala ha morero oa Molimo.—Mar. 13:26, 27.

NAKO E NTSE E ATAMELA

4. (a) Ke hobane’ng ha re lumela hore hona joale Jesu oa tseba hore na Armagedone e tla tla neng? (b) Le hoja re sa tsebe hore na matšoenyeho a maholo a tla qala neng, re kholisehile ka eng?

4 Rea tseba hore lenaneo la kopano le na le nako eo le qalang ka eona. Leha ho le joalo, ha re tsebe selemo, letsatsi kapa hora eo matšoenyeho a maholo a tla qala ka eona. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Mat. 24:36) Empa ha Kreste a fihla leholimong, o ile a fuoa matla a hore a loantše lefatše la Satane. (Tšen. 19:11-16) Kahoo, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore hona joale Jesu oa tseba hore na Armagedone e tla tla neng. Empa rōna ha re tsebe. Re lokela ho lula re lebetse ho fihlela matšoenyeho a maholo a qala. Ke khale Jehova a tseba hore na a tla tla neng. O behile nako eo bofelo bo tla tla ka eona. Oa tseba hore na ho setse nako e kae pele matšoenyeho a maholo a qala, ’me a tla tla ka nako e loketseng! (Bala Habakuke 2:1-3.) Re tseba see joang?

5. Fana ka mohlala o bontšang hore boprofeta ba Jehova bo phethahala ka nako eo a e boletseng.

5 Boprofeta ba Jehova bo ’nile ba phethahala ka nako eo a e boletseng! Ka mohlala, o ile a bolela esale pele nako e tobileng eo Baiseraele ba neng ba tla lokolloa ka eona Egepeta. Ha Moshe a bua ka la 14 Nisane, 1513 pele ho mehla ea Kreste, o ile a re: “Eitse bofelong ba lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi lena mabotho ’ohle a Jehova a tsoa naheng ea Egepeta.” (Exoda 12:40-42) ‘Lilemo tseo tse makholo a mane le mashome a mararo’ li qalile ha selekane seo Jehova a se entseng le Abrahama se qala ho sebetsa ka 1943 pele ho mehla ea Kreste. (Bagal. 3:17, 18) Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a re ho Abrahama: “Tseba hore ruri peō ea hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ea eona, e tla lokela ho ba sebeletsa, ’me ka sebele ba tla e hlorisa ka lilemo tse makholo a mane.” (Gen. 15:13; Lik. 7:6) ‘Lilemo tseo tse makholo a mane’ tsa ho hlorisoa li qalile ka 1913 pele ho mehla ea Kreste ha Ishmaele a ne a soma Isaka ha a khoesoa, ’me tsa fela ha Baiseraele ba tsoa Egepeta ka 1513 pele ho mehla ea Kreste. (Gen. 21:8-10; Bagal. 4:22-29) Ha e le hantle, Jehova o ile a bolela nako eo a neng a tla lokolla batho ba hae ka eona, lilemo tse makholo a mane esale pele!

6. Ke hobane’ng ha re kholisehile hore Jehova o tla sireletsa batho ba hae?

6 Joshua ea neng a le har’a Baiseraele ba ileng ba lokolloa Egepeta, o ile a hopotsa sechaba sa habo, a re: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” (Josh. 23:2, 14) Le rōna re ka kholiseha hore tšepiso ea Jehova ea ho re sireletsa matšoenyehong a maholo e tla phethahala. Empa haeba re batla ho phonyoha timetso ea tsamaiso ena ea lintho, re lokela ho lula re lebetse.

RE LOKELA HO LULA RE LEBETSE E LE HORE RE PHOLOHE

7, 8. (a) Mosebetsi oa molebeli e ne e le ofe mehleng ea boholo-holo, hona re ithuta’ng ho see? (b) Fana ka mohlala oa se ka ’nang sa etsahala haeba balebeli ba ka robala mosebetsing.

7 Se neng se etsahala mehleng ea boholo-holo, se bontša bohlokoa ba ho lula re lebetse. Mehleng eo, metse e meholo joaloka Jerusalema, e ne e pota-potiloe ke marako a phahameng. Marako ao a ne a sireletsa motse ho ba lireng ebile e le tora ea balebeli. Ba ne ba ema moo bosiu le motšehare, ha ba bang ba eme lihekeng tsa motse. Ba ne ba lemosa baahi ka boemo leha e le bofe bo kotsi bo ka ’nang ba e-ba teng. (Esa. 62:6) E ne e le taba ea lefu le bophelo, kahoo balebeli ba ne ba lokela ho lula ba falimehile likabelong tsa bona.—Ezek. 33:6.

8 Rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus o re ka selemo sa 70 mabotho a Roma a ile a hapa Tora ea Antonia e neng e haheletsoe marakong a motse oa Jerusalema, hobane balebeli ba ne ba robetse. Ka mor’a moo, Baroma ba ile ba ea tempeleng ’me ba e chesa, e leng se ileng sa etsa hore Jerusalema ho be le matšoenyeho a maholo ao Bajuda ba neng ba e-s’o ka ba a bona.

9. Batho ba bangata kajeno ha ba lemohe eng?

9 Linaheng tse ngata kajeno ho na le batho ba paterolang meeling ea naha le ba lebelang ka lik’hamera. Ba katile hore ho se be le batho ba kenang naheng ea habo bona kapa hore ba lireng ba se ke ba hlasela. Leha ho le joalo, “balebeli” bao ba khona ho lemoha feela hore mebuso ea linaha tse itseng kapa batho ba itseng ba ka ’na ba hlasela. Ha ba lemohe hore Kreste o se a ntse a busa leholimong le hore haufinyane o tla timetsa mebuso ea batho. (Esa. 9:6, 7; 56:10; Dan. 2:44) Ka lehlakoreng le leng, haeba re falimehile moeeng ebile re lebetse, re tla lula re itokiselitse ho tla ha letsatsi leo ho sa tsotellehe hore na le tla neng.—Pes. 130:6.

ELA HLOKO LINTHO TSE KA U SITISANG HO LULA U LEBETSE

10, 11. (a) Ke’ng seo re lokelang ho se qoba, hona hobane’ng? (b) Ke’ng e u bontšang hore Diabolose o etsa hore batho ba se ke ba ela hloko boprofeta ba Bibele?

10 Nahana ka molebeli ea lutseng a falimehile bosiu bohle. Ha a se a le haufi le ho chaisa, oa khathala ’me a ka ’na a qala ho otsela. Ka ho tšoanang ha re ntse re atamela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho, ho ba thata le ho feta hore re lule re falimehile. Ruri ho ka ba kotsi haeba re ka hlōleha ho lula re lebetse! A re ke re hlahlobeng lintho tse tharo tse ka re sitisang ho lula re falimehile haeba re se hlokolosi.

11 Diabolose o koeetsa batho. Nakoana pele Jesu a bolaoa, o ile a lemosa barutuoa ba hae ka makhetlo a mararo hore ba ele hloko “’musi oa lefatše lena.” (Joh. 12:31; 14:30; 16:11) Jesu o ne a tseba hore Diabolose o tla foufatsa likelello tsa batho e le hore ba se ke ba lemoha hore seo Molimo a se profetileng se haufi le ho phethahala. (Sof. 1:14) Satane o sebelisa bolumeli ba bohata ho foufatsa batho likelello. U hlokometse eng ha u ntse u buisana le batho tšimong? Na hase ’nete hore Diabolose o se a ntse ‘a foufalitse likelello tsa ba sa lumelang,’ hore ba se ka ba lumela hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho boa tla le hore Kreste o se a ntse a busa ’Musong oa Molimo? (2 Bakor. 4:3-6) Ke hangata hakae u kopana le batho ba sa thahaselleng? Ba bangata ha ba mamele ha re ba bolella ka bofelo ba lefatše lena.

12. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella Diabolose hore a re thetse?

12 U se ke ua khaotsa ho lula u lebetse hobane feela ba bang ba sa mamele molaetsa oa rōna. Ua tseba hore bofelo boa tla. Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena, a re: “Le tseba hantle hore letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu.” (Bala 1 Bathesalonika 5:1-6.) Jesu o ile a re lemosa, a re: “Le lule le [itokisitse], hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.” (Luka 12:39, 40) Haufinyane, Satane o tla isa batho le khongoana holimo hore ba nahane hore ho na le “khotso le tšireletseho.” O tla etsa hore ba nahane hore lintho li tsamaea hantle lefatšeng. Rōna? Haeba ‘re lula re falimehile ’me re hlaphohetsoe kelellong,’ letsatsi la kahlolo ha le na ho ‘re fihlela joalokaha le ne le tla fihlela masholu.’ Kahoo, re lokela ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng ’me re thuise ka seo Jehova a re bolellang sona.

13. Moea oa lefatše o ama batho joang, hona re ka o qoba joang?

13 Moea oa lefatše le oona o koeetsa batho. Batho ba bangata ba tšoarehile ka ho batla lintho tse tloaelehileng tsa bophelo ’me ha ‘ba ele hloko tlhoko ea bona ea moea.’ (Mat. 5:3) Ba phathahane ka lintho tsa lefatše lena le susumetsoang ke “takatso ea nama le takatso ea mahlo.” (1 Joh. 2:16) Indasteri ea boithabiso e entse hore batho ba bangata ‘ba rate menyaka,’ ’me boitšoaro bo ntse bo hlepha le ho feta. (2 Tim. 3:4) Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a bolella Bakreste hore ha baa lokela ho “rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama,” e leng se ka ba koeetsang moeeng.—Bar. 13:11-14.

14. Ke temoso efe eo re e fuoang ho Luka 21:34, 35?

14 Ho e-na le ho amohela moea oa lefatše, re latela tataiso ea moea o halalelang oo Jehova a re fileng oona hore re utloisise ka ho hlaka liketsahalo tse larileng ka pele. [1] (1 Bakor. 2:12) Leha ho le joalo, rea lemoha hore lintho tse tloaelehileng tsa bophelo li ka etsa hore re otsele moeeng haeba re li lumella hore li re sitise tšebeletsong ea rōna. (Bala Luka 21:34, 35.) Ba bang ba ka ’na ba re soma ha re lula re lebetse, empa seo ha sea lokela ho re nyahamisa. (2 Pet. 3:3-7) Ho e-na le hoo, re lokela ho bokana hammoho kamehla le Bakreste-’moho le rōna libokeng, moo ho renang moea oa Molimo.

Na u etsa sohle se matleng a hao ho lula u lebetse? (Sheba serapa sa 11-16)

15. Ho ile ha etsahala’ng ka Petrose, Jakobo le Johanne, ’me seo se ka re etsahalla joang?

15 Ho se phethahale ha rōna ho ka fokolisa boikemisetso ba rōna ba ho lula re falimehile. Jesu o ne a tseba hore batho ba sa phethahalang ba na le tšekamelo ea ho laoloa ke bofokoli ba nama. Nahana ka se ileng sa etsahala bosiung ba pele Jesu a bolaoa. O ne a lokela ho kōpa Ntate oa hae ea leholimong hore a mo thuse ho lula a tšepahala. Jesu o ile a kōpa Petrose, Jakobo le Johanne hore ba lule ba falimehile ha a ntse a rapela. Leha ho le joalo, ba ne ba sa lemohe bohlokoa ba se neng se tla tloha se etsahala. Ho e-na le ho lebela Monghali oa bona, ba ile ba hlōloa ke bofokoli ba nama eaba baa robala. Le hoja Jesu a ne a khathetse, o ne a falimehile ’me a rapela Ntate oa hae ka tieo. Sena ke seo metsoalle ea hae e neng e lokela ho se etsa.—Mar. 14:32-41.

16. Ho Luka 21:36 Jesu o ile a re laela hore re etse’ng?

16 Ho ‘lula re falimehile’ ho bolela ho fetang feela ho ba le maikutlo a matle. Matsatsi a seng makae pele ho ketsahalo eo ea serapeng sa Gethesemane, Jesu o ile a bolella barutuoa bao hore ba etse thapeli ho Jehova. (Bala Luka 21:36.) E le hore re lule re lebetse moeeng le rōna re lokela ho falimeha mabapi le lithapelo.—1 Pet. 4:7.

IKEMISETSENG HO LULA LE LEBETSE

17. Re ka netefatsa joang hore re itokiselitse liketsahalo tse larileng ka pele?

17 Kaha Jesu o boletse hore bofelo bo tla tla “ka hora eo [re] sa e nahaneng,” ena hase nako ea ho otsela moeeng, kapa ea ho lelekisa lintho tsa lefeela tseo Satane le lefatše la hae a re nonosang tsona le tseo re li khallang. (Mat. 24:44) Bibele e re bolella lintho tseo Molimo le Kreste ba tšepisang ho re etsetsa tsona haufinyane le hore na ke joang re ka lulang re lebetse. Re lokela ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova, ’me re etelletse pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Re lokela ho elelloa nako le liketsahalo e le hore re lule re itokiselitse se larileng ka pele. (Tšen. 22:20) Bophelo ba rōna bo kotsing!

^ [1] (serapeng sa 14) Sheba khaolo ea 21 bukeng ea ’Muso oa Molimo oa Busa!