PONO EA BIBELE
Litšoantšo
Batho ba limilione ba rapela litšoantšo. Leha ho le joalo, na Bibele e lumellana le seo? Na seo se thabisa Molimo?
Na Bajuda ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ne ba rapela litšoantšo?
“U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse.”—Exoda 20:4, 5.
Ha ho moo Mangolo a Seheberu, a tsejoang e le Testamente ea Khale a lumellanang le ho rapeloa ha litšoantšo
SEO BATHO BA SE BUANG
Ho ea ka New Catholic Encyclopedia, Bajuda ba ne ba e-na le litšoantšo tse ngata, tseo ba neng ba li rapela “’me ba ne ba li tlotla le ho li hlompha.” * Encyclopedia eo e etsa mohlala ka litšoantšo tse betliloeng tsa litholoana, lipalesa le liphoofolo tse neng li khabisitse tempele e Jerusalema.—1 Marena 6:18; 7:36.
SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
Ho fapana le seo New Catholic Encyclopedia e se buang, Bajuda ba tšepahalang ba ne ba sa rapele litšoantšo tse betliloeng tse neng li le tempeleng. Ha e le hantle, ha ho moo Bibele e bolelang hore ho na le Moiseraele ea tšepahalang ea neng a rapela setšoantšo.
SEO BIBELE E SE BUANG
Molimo o ile a re ho moprofeta Esaia: “Nke ke ka fa e mong khanya ea ka, kapa ka fa litšoantšo tse betliloeng thoriso ea ka.”—Esaia 42:8.
Na Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa litšoantšo borapeling ba bona?
“Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . Le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”—2 Bakorinthe 6:16, 17.
“Bakreste ba pele ba ne ba ke ke ba amohela ho beha litšoantšo ka likerekeng ’me ba ne ba nka ho li khumamela kapa ho rapela ka pel’a tsona ho tšoana le ho rapela melimo ea litšoantšo.”—History of the Christian Church
SEO BATHO BA SE BUANG
New Catholic Encyclopedia, e re: “Hona joale re ke ke ra re Bakreste ba pele ba ne ba sa sebelise litšoantšo. Mabitla a Bakreste ba pele ke pontšo ea sebele ea hore ba ne ba sebelisa litšoantšo. . . . Esita le litšoantšo tsa batho ba litšōmong li khabisitse likamore tse halalelang tsa borapeli le tsa mapato.” *
SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
Litšoantšo tsa khale ka ho fetisisa tse fumanoeng mabitleng ana, ke tsa morao koana lilemong tsa bo-200. E leng lilemo tse ka bang 200 ka mor’a hore Jesu a shoe. Kahoo, seo New Catholic Encyclopedia e se bitsang “borapeli ba Bakreste ba pele,” hase borapeli ba Bokreste ba qalong—bo neng bo lateloa ke balateli ba lekholong la pele le boo ho buuoang ka bona ka Mangolong a Segerike a Bakreste, a tsejoang e le Testamente e Ncha. Taba ea hore litšoantšo tse joalo li ile tsa fumanoa mabitleng, e bontša hore lilemong tsa bo-200, batho ba neng ba ipitsa Bakreste ba ne ba se ba etsa meetlo ea bohetene ea ho sebelisa litšoantšo ’me e ka ’na eaba ba ne ba etsa seo hore ba hohele batho hore ba ba latele. *
SEO BIBELE E SE BUANG
“Le balehele borapeli ba litšoantšo.”—1 Bakorinthe 10:14.
Na litšoantšo li ka re thusa ha re rapela?
“Le itebele litšoantšong tse rapeloang.”—1 Johanne 5:21.
Ho rapela litšoantšo ke ketso ea bolumeli ’me Bibele ha e e tšehetse. Ke kahoo Lipaki Tsa Jehova li sa rapeleng litšoantšo kapa hona ho ba le tsona malapeng kapa libakeng tsa tsona tsa borapeli.
SEO BATHO BA SE BUANG
New Catholic Encyclopedia, e re: “Kaha borapeli bo etsetsoang setšoantšo bo lebisoa ho motho ea itseng ’me bo fella ho eena feela, borapeli bona boo bo ka lebisoa setšoantšong se emelang motho eo.”
SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
Ha Jesu a ne a ruta balateli ba hae ho rapela, ha aa ka a re ba sebelise litšoantšo. Ha ho kae kapa kae ka Mangolong a Segerike a Bakreste moo ho khothalletsoang batho hore ba sebelise litšoantšo ha ba rapela Molimo oa ’nete.
SEO BIBELE E SE BUANG
“Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.”—Matheu 4:10.
^ ser. 7 New Catholic Encyclopedia e hlalosa hore ho tlotla ho bolela “ketso ea bolumeli kapa ea borapeli.”
^ ser. 13 Mona litšoantšo li akarelletsa litšoantšo tse toroiloeng, liemahale, matšoao le ntho leha e le efe e rapeloang.
^ ser. 14 Batho ba bangata ba boholo-holo ba ne ba tloaetse ho sebelisa litšoantšo, ho akarelletsa le ba neng ba lula Egepeta, Greece le India.