Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LITŠOANTŠO TSA MEHLENG EA KHALE

Joseph Priestley

Joseph Priestley

“Ho tenyetseha ha hae le maemo, mafolofolo a hae, matjato a hae le botho ba hae; ho qophella ha hae, linthong tsohle; tema eo a e khathileng litabeng tsa saense, tsa thuto ea bolumeli le tsa lipolotiki; kamano ea hae e sa tloaelehang mabapi le Liphetoho tsa puso ea [Fora] le pale ea hae e hlomolang ea ha a ne a hlokofatsoa ka sehlōhō, li ka ’na tsa mo etsa mohale oa lekholong la bo18 la lilemo.”—Rafilosofi, Frederic Harrison.

JOSEPH Priestley o finyeletse’ng e thahasellisang? Lintho tseo a li sibolotseng le tseo a li ngotseng li susumelitse tsela eo batho ba talimang ’muso ka eona, sebōpeho sa Molimo esita le moea oo re o hemang.

Priestley o ile a hana ho sebelisa lipale tse iqapetsoeng le lithuto tsa batho empa a tšoarella ’neteng, ho sa tsotellehe hore na o ne a ngola ka saense kapa ka bolumeli. A re boneng hore na o ile a etsa seo joang.

LIPATLISISO TSA HAE TSA HO BATLA ’NETE LITABENG TSA SAENSE

Ka mor’a hore a kopane le rasaense oa Moamerika, eleng Benjamin Franklin ka 1765, Joseph Priestley—eo ka nako eo a neng a etsa lintho tsa saense ka seoelo—o ile a qala ho etsa liteko tsa lintho tsa motlakase. Selemong se latelang, bo-rasaense ’moho le eena ba ne ba khahluoe ke mosebetsi oa hae hoo ba ileng ba mo khetha hore ebe setho sa Mokhatlo o neng o tumme oa Royal oa London.

Ka mor’a moo, Priestley o ile a qala ho sebetsana le lintho tsa k’hemistri. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, o ile a fumana mefuta e fapaneng ea likhase, ho akarelletsa ammonia le nitrous oxide (khase e tšehisang). O ile a boela a kopanya metsi le carbon dioxide, e leng se ileng sa hlahisa metsi a nang le asiti.

Ka 1774, ha Priestley a ntse a etsa liteko a le karolong e ka boroa ea Engelane, o ile a arola khase e hlollang e ileng  ea etsa hore likerese li ntše khanya e khōloanyane. Hamorao, o ile a tšela limililithara tse 60 tsa khase ka khalaseng e nang le toeba. Toeba eo e ile ea phela nako e telele ho feta kamoo e neng e ka phela ha e ne e le ka khalaseng e nang le moea o tloaelehileng feela! Priestley ka boeena o ile a hema khase eo ’me o ile a re “o utloa eka ho bonolo ho hema nakoana e itseng ka mor’a moo.”

Joseph Priestley o ile a fumana oksijene. * Qeto ea Priestley e ne e fosahetse, empa batho ba bangata ba ntse ba nka phuputso eo e le eona “e itlhommeng pele linthong tseo a li entseng bophelong ba hae.”

LIPATLISISO TSA HAE TSA HO BATLA ’NETE LITABENG TSA BOLUMELI

Fela joalokaha Priestley a ne a lumela hore lithuto tseo a neng a li lumela pele li ne li mo sitisa ho fumana ’nete litabeng tsa saense, o ile a etsa qeto ea hore tloaelo le lithuto tsa kereke li mo sitisa ho fumana ’nete litabeng tsa bolumeli. Ho makatsang ke hore, bophelong bohle ba hae ha a ntse a etsa lipatlisiso ka Bibeleng, Priestley o ile a sebelisa tse ling tsa likhopolo tse neng li hanyetsana le seo ha e le hantle Bibele e se rutang. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe ha a ka a lumela hore Bibele e bululetsoe ke Molimo ka mohlolo. Hape o ile a hana lithuto tsa Bibele tse mabapi le bophelo ba Jesu ba pele a tla lefatšeng.

“Haeba saense ke mocha oa ho batla ’nete, kahoo Priestley e ne e le rasaense oa sebele.”—Setsebi sa baeloji, Katherine Cullen,

Ka lehlakoreng le leng, Priestley o ile a pepesa lithuto tsa bohata tsa bolumeli tseo haesale li lumeloa ke batho ba malumeli a mangata. O ile a ngola hore linnete tseo Jesu le balateli ba hae ba neng ba li ruta li ile tsa senngoa hamorao ke lithuto tsa bohata—ho akarelletsa le thuto ea Boraro-bo-bong, tumelo e fosahetseng ea hore moea ha o shoe le borapeli ba litšoantšo, eo ha e le hantle li nyatsehang ka Bibeleng.

Maikutlo a Priestley le ho kenya letsoho ha hae liphetohong tsa mebuso ea Amerika le ea Fora a ile a halefisa Manyesemane a hahabo. Ka 1791, mokhopi o ile oa senya ntlo ea hae le laboratori ea hae ’me qetellong Priestley o ile a balehela United States. Le hoja ka ho khetheha Joseph Priestley a hopoloa ka lintho tsa saense tseo a li fumaneng, o ne a boetse a lumela hore ho ithuta ka Molimo le morero oa Hae e ne e le tsona “lintho tse hlomphehang ka ho fetisisa le tsa bohlokoa.”

^ ser. 10 Pejana, setsebi sa k’hemiste sa Moswedishe e leng Carl Scheele o ne a ile a arola oksijene, empa a hloleha ho ngola seo a se finyeletseng. Hamorao, setsebi sa k’hemiste sa Mofora e leng, Antoine-Laurent Lavoisier o ile a qapa lebitso lena la oksijene.