NA E ENTSOE?
Tsela eo Nonyana ea Wandering Albatross e Fofang ka Eona
LINONYANA tse fofelang holimo haholo li khona ho qeta nako li le moeeng li sa etse boiteko bo bokaalo. Nonyana ea wandering albatross ke mohlala o ikhethang oa seo. Nonyana ena eo mapheo a eona a leng bolelele ba limithara tse 3,4 ha a phukaletse ’me e le boima ba lik’hilograma tse 8,5 e khona ho fofa lik’hilomithara tse likete e sebelisa matla a seng makae feela! Lebaka la sena ke tsela eo e ahehileng ka eona le eo e fofang ka eona.
Ak’u nahane: Ha albatross e fofa e sebelisa mesifa e khethehileng e etsang hore mapheo a lule a phukaletse, ’me mesifa e se ke ea khathala. Ntho e ’ngoe e thusang nonyana ena hore e qete nako e ngata e fofa, ke tsela eo e fofang ka eona ha e le ka holim’a leoatle.
Ha li-albatross li fofa ka holim’a leoatle li lula li nyoloha, li thinya li bile li theoha
Leseli lena le ka ’na la thusa baenjiniere ho etsa lifofane tse baballang mafura, mohlomong tse bileng li sa sebeliseng enjene.
U nahana’ng ka see? Na tsela eo nonyana ea albatross e fofang ka eona le tsela e ikhethang eo e ahehileng ka eona e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?