LITLALEHO TSA KHALE
Cyruse e Moholo
Bosiung ba la 5/6 October, 539 B.C.E. k’halendareng ea mehleng ena, ho ile ha etsahala ntho eo ho neng ho bonahala eka e ke ke ea etsahala Babylona, e leng motse-moholo oa ’Muso oa Babylona. Bosiung boo ba tlokotsi, motse oo o ile oa timetsoa ke mabotho a Bamede le Bapersia, a neng a laoloa ke Morena Cyruse oa Mopersia ea boetseng a bitsoa Cyruse e Moholo. Leqheka la hae le ne le le letle.
KAMOO CYRUSE A ILENG A HAPA BABYLONA
Buka ea Ancient World Leaders—Cyrus the Great e re, “Nakong ea ha Cyruse a etsa qeto ea ho hapa Babylona, e ne e se e ntse e le motse o hlomphehang haholo Bochabela bo Hare—mohlomong le lefatšeng lohle.” Nōka ea Eufrate e ne e le haufi le Babylona, ’me e boetse e fepela liforo tse pota-potileng marako a maholohali a motse—a neng a sirelelitse motse oo o neng o bonahala eka o ke ke oa hlaseloa.
Mabotho a Cyruse a ile a khelosa nōka ea Eufrate mohloling oa eona o Babylona, e leng se ileng sa etsa hore metsi a liforong tsa motse a qale ho fokotseha. Joale masole a ile a kena ka nōkeng ho leba lihekeng tsa motse tse neng li siiloe li butsoe, ’me a hapa motse oa Babylona ntle ho tšitiso. Ho ea ka bo-rahistori ba Magerike e leng Herodotus le Xenophon, Bababylona ba ne ba ikutloa ba sireletsehile ka marakong a motse oa bona hoo bosiung boo ba ileng ba hlaseloa ka bona, ba bangata ba neng ba keteka, ho akarelletsa le morena! (Sheba lebokose le reng “Mongolo o Leboteng.”) Ho feta moo, tlhōlo ea Cyruse e ile ea phethahatsa boprofeta bo hlollang ba Bibele.
Bibele e ile ea bolela esale pele hore Cyruse o tla hlōla Babylona
BOPROFETA BO HLOLLANG
Boprofeta ba Esaia bo ikhetha haholo hobane bo ngotsoe lilemo tse 200 esale pele—mohlomong lilemo tse 150 pele Cyruse a tsoaloa! Nahana ka lintlha tse latelang:
Monna ea bitsoang Cyruse o ne a tla hapa Babylona ’me a lokolle Bajuda.—Esaia 44:28; 45:1.
Metsi a nōka ea Eufrate a ne a tla psha, ’me a bulele mabotho a Cyruse tsela.—Esaia 44:27.
Liheke tsa motse li ne li tla siuoa li butsoe.—Esaia 45:1.
Masole a Babylona a ne a tla ‘khaotsa ho loana.’—Jeremia 51:30; Esaia 13:1, 7.
HO LOPOLLOA KA MOHLOLO
Mathoasong a 607 B.C.E., mabotho a Babylona a ile a ripitla Jerusalema ’me a isa baphonyohi botlamuoeng. Bajuda ba ne ba tla ba botlamuoeng ka nako e kae? Molimo o ile a re: “Etlare ha lilemo tse mashome a supileng li phethahetse ke tla batla boikarabello ho morena oa Babylona le ho sechaba seo . . . ’me ke tla e etsa lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Jeremia 25:12.
Joalokaha ho boletsoe, Cyruse o ile a hapa Babylona ka 539 B.C.E. Nakoana ka mor’a moo, o ile a lokolla Bajuda, ’me ba ile ba khutlela naheng ea habo bona ka 537 B.C.E.—lilemo tse 70 hantle ka mor’a hore ba be botlamuoeng. (Esdrase 1:1-4) Ha e le Babylona eona, e ile ea qetella e fetohile “lesupi”—e leng se boetseng se tiisa ho nepahala ha boprofeta ba Bibele.
KE HOBANE’NG HA TABA EE E LE EA BOHLOKOA?
Nahana ka taba ena: Bibele e ile ea bolela esale pele ka (1) ho ea botlamuoeng ha Bajuda ka lilemo tse 70, (2) ho hlōla ha Cyruse motse oa Babylona le maqheka ao a neng a tla a sebelisa le (3) ho timetsoa ha Babylona qetellong. Bokhoni boo ba ho tseba lintho esale pele bo ne bo ke ke ba itsoela ho batho feela ba tloaelehileng! Re ka phetha ka ho re: “Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo.” (2 Petrose 1:21) Ka sebele, re na le lebaka la ho hlahloba Bibele.
^ ser. 36 Lentsoe ka leng le ne le emela boleng ba chelete. E le hore u fumane tlhaloso e eketsehileng, sheba khaolo ea 7 bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.