Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele​—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng—​Karolo ea 5

Litaba Tse Molemo Bakeng sa Batho Bohle

Bibele​—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng—​Karolo ea 5

Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.

MOLAETSA oa Molimo o eang ho batho o fumanoa ka Bibeleng, ’me molaetsa oo ke litaba tse molemo. Ka lebaka leo, Jesu Kreste o ile a qeta nako e ngata a bolela “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Luka 4:43) Bibele e bontša hore ’Muso oa Molimo ke puso, ’me o tla felisa mebuso e hatellang ea batho, o tlise khotso le ho felisa lintho tsohle tse bakelang batho mahlomola. (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) Tseo ke litaba tse molemo e le kannete!

Ka sebele, litaba tse molemo joalo li ne li lokela ho bolelloa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Leha ho le joalo, ha Jesu a bolaoa, o ile a siea sehlopha se senyenyane feela sa balateli. Na molaetsa oa hae o ne tla shoa le eena? Bibele e ile ea bolela se fapaneng. E ile ea bolela esale pele se latelang: (1) Litaba tse molemo li ne li tla phatlalatsoa lefatšeng lohle. (2) Li ne li tla boleloa tlas’a khanyetso e matla. (3) Bakreste ba bohata ba ne ba tla khelosa ba bangata. A re hlahlobeng lintho tsena tse ileng tsa profetoa.

Litaba Tse Molemo li Lokela ho Boleloa Lichabeng Tsohle

Boprofeta:

“Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mareka 13:10) “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8.

Ho phethahala ha bona: Kapele ka mor’a lefu la Jesu ka 33 C.E., barutuoa ba hae ba ile ba tlatsa molaetsa oa ’Muso Jerusalema eohle. Ba ile ba hasana ho pholletsa le Judea le Samaria e haufi le eona, ’me ka lilemo tse 15, baromuoa ba Bakreste ba ne ba se ba rometsoe likarolong tse ling ’Musong oa Roma. Ka selemo sa 61 C.E., ho ne ho ka boleloa hore litaba tse molemo li se li boletsoe likarolong tse ngata tse “hōle-hōle” tsa lefatše.

 Seo histori e se senolang:

  • Libuka tseo eseng tsa Bibele tsa lekholong la bobeli la lilemo, li tiisa taba ea hore Bokreste ba pele bo ile ba hōla ka potlako. Rahistori oa Moroma, e leng Suetonius, o ile a bua ka tsela e sa tobang ka Bakreste, a bolela hore ba ne ba se ba ntse ba lula Roma ka selemo sa 49 C.E. Lengolong leo a ileng a le ngolla Moemphera Trajan hoo e ka bang ka 112 C.E., Pliny e Monyenyane e leng ’musisi oa Bithynia (Turkey ea kajeno), o bua ka Bokreste e le “boloetse bo tšoaetsanoang” bo “nametseng eseng feela litoropong tse khōlō, empa le metseng le libakeng tsa mahaeng.” Ha a hlahloba bopaki bo fumanoeng, rahistori e mong o ile a etsa qeto a re: “Lilemo tse ka tlaase ho tse lekholo ka mor’a mehla ea baapostola, libaka tsa Bakreste tsa borapeli li ne li ka bonoa metseng e ka sehloohong Pusong.”
  • Bukeng e reng The Early Church, Moprofesa Henry Chadwick o re: “Ho bonahala eka ho hōla ha kereke e ile ea e-ba ketsahalo e ikhethang le e sa lebelloang. Ho ne ho se motho ea neng a nahana hore e tla atleha.”

Litaba Tse Molemo Lia Hanyetsoa

Boprofeta:

“Batho ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me le tla otloa ka lisynagogeng ’me le emisoe ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona.”—Mareka 13:9.

Ho phethahala ha bona: Bakreste ba ile ba hlorisoa ke Bajuda le Baroma. Ba ile ba tšoaroa, ba kenngoa literonkong, ba shapuoa le ho bolaoa.

Seo histori e se senolang:

  • Buka ea Flavius Josephus, e leng rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo, e tlaleha ka ho bolaoa ha moen’a Jesu, e leng Jakobo matsohong a baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Bibele e tlaleha hore Gamaliele, eo e neng e le setho se hlomphehang lekhotleng le phahameng la Bajuda, o ile a kōpa hore lekhotla le be kelo-hloko ha le ahlola barutuoa ba Jesu. (Liketso 5:34-39) Libuka tsa litsebi li tiisa hore Gamaliele o kile a ba teng le hore o ile a bontša bohlale.
  • Baemphera ba Baroma e leng Nero (ea bontšitsoeng ka letsohong le letona), Domitian, Marcus Aurelius le Diocletian, ba ile ba hlohlelletsa ho hlorisoa ha Bakreste ba pele

  • Bo-rahistori ba re bolella hore ho tloha ka Moemphera Nero ka 64 C.E., baemphera ba Baroma ba ne ba hlorisa Bakreste khafetsa. Mangolo ao Moemphera Trajan le Pliny e Monyenyane ba neng ba a ngollana, a bua ka likotlo tse neng li tl’o fuoa Bakreste ba hanang ho lahla tumelo ea bona.
  • Moprofesa Chadwick ea qotsitsoeng pejana o re: “Ho e-na le hore mahloriso a etse hore Bakreste ba kopane ka sekhukhu, a ne a etsa se fapaneng.” Ha Bakreste baleha mahloriso, ba ile ba isa molaetsa oa bona libakeng tse ncha. (Liketso 8:1) Hangata ba ne ba mamella le ha ba ne ba khesoa ke ba malapa le metsoalle. Sena sea hlolla hobane balateli ba Jesu, e ne e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng,” ba sa susumetsoe ke lipolotiki. (Liketso 4:13) Bo-rahistori baa lumellana hore “har’a barekisi le bo-rakhoebo ba banyenyane, . . . Kosepele e ne e nama habonolo.”

Ha litsebi li ithuta histori ea Bakreste ba pele, li makatsoa ke kamoo sehlopha seo se senyenyane se ileng sa jala Bokreste ka potlako e khōlō kateng le har’a mahloriso a matla. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolela esale pele liketsahalo tseo tse ikhethang pele li etsahala. Mangolo a ile a boela a bolela esale pele hore mosebetsi oa ho bolela o ne tla sitisoa.

Ho ne ho Tla ba le Bakreste ba Bohata

Boprofeta:

“Liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa,  ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Liketso 20:29, 30) “Ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna. E tla tlisa ka lenyele maquloana a timetsang . . . , ’me ka lebaka la eona tsela ea ’nete e tla nyefoloa.”—2 Petrose 2:1, 2.

Ho phethahala ha bona: Phutheho ea Bokreste e ile ea senngoa ke batho ba khopo, ba qhekellang le ba nyoretsoeng matla.

Seo histori e se senolang:

  • Ka mor’a lefu la balateli ba pele ba Jesu, hanyane ka hanyane, Bokreste ba ’nete bo ile ba susumetsoa ke banna ba hlaheletseng ka phuthehong ’me ba silafatsa lithuto tsa Bokreste ka filosofi ea Bagerike. Ka mor’a moo, ho ile ha e-ba le lihlopha tsa baruti ’me tsa qala ho ba le matla le maruo a kang a babusi ba lipolotiki. Ho ea ka bo-rahistori, nakong eo “Bokreste” bo neng bo nkoa e le bolumeli ba ’Muso oa Roma, ha ho le e ’ngoe ea liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo e ileng ea sala.
  • Ho theosa le lilemo tse makholo, Bokreste bona ba bohata bo ’nile ba e-ba le tlaleho ea liketso tse mabifi le meharo. Ho e-na le hore ba ipake e le balateli ba Jesu, baruti ba ne ba hlorisa ba neng ba etsisa mokhoa oa Jesu oa ho bolela le ba neng ba leka ho hatisa Bibele ka lipuo tseo batho ba li buang.

Ho theosa le lilemo tse makholo, ha Bokreste ba bohata bo ne bo le matla, ho ile ha bonahala eka ha ho sa na batho ba bolelang litaba tse molemo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša hore litaba tse molemo li ne li tla tsosolosoa matsatsing a ho qetela. O ile a bapisa nako eo le kotulo moo Bakreste ba bohata, ba tšoantšoang le mofoka o neng o tla aroloa ho Bakreste ba ’nete, ba tšoantšoang le koro. (Matheu 13:24-30, 36-43) Ka nako eo, boprofeta bo mabapi le ho boleloa ha litaba tse molemo, bo ne bo tla phethahala ka ho feletseng. (Matheu 24:14) Makasineng e latelang letotong la lihlooho tsena, re tla tšohla boprofeta boo bo thabisang.