Tsa Mona le Mane
Tsa Mona le Mane
Ho bana ba leshome ba Jeremane, ba supileng ba se ba ntse ba e-na le boitsebiso bo kentsoeng Inthaneteng. Batsoali ba bulela bana ba bona liak’haonte Inthaneteng le ho ba etsetsa aterese ea e-mail kapa ba kenya lifoto tsa bona le litšoantšo tsa ultrasound moo. Leha ho le joalo, litsebi li lemosa hore lifoto tseo tse kentsoeng Inthaneteng, li tla khomarela ngoana bophelo bohle ba hae.—BABY UND FAMILIE, JEREMANE.
Ho ea ka lipalo-palo tse fumanoeng phuputsong e entsoeng ke ’muso, selemo le selemo ho shoa basali ba 14 000 Russia, ka lebaka la tlhekefetso ea malapeng.—RIA NOVOSTI, RUSSIA.
Lehloa le khethehang Mount Everest e bophahamo ba limithara tse 6 858 ho ea ho tse 7 752, le na le k’hemik’hale ea arsenic le ea cadmium eo ho nkoang hore e kotsi metsing a nooang. Ho nkoa hore sesosa sa bothata bona ke tšilafalo e bakiloeng ke batho.—SOIL SURVEY HORIZONS, U.S.A.
K’hamphani e le ’ngoe feela e lumeletsoeng ho hatisa Libibele Chaena, e sa tsoa fihlela kakaretso ea limilione tse 80 ea tseo e li hatisitseng. K’hamphani ena e hatisa Libibele tse milione e le ’ngoe ka khoeli—e leng kotara ea tseo hona joale li hatisoang lefatšeng lohle.—XINHUA, CHAENA.
“Batho ba baholo ba ka etsang karolo e fetang leshome ba Amerika (karolo ea 10,1) ba tlohetse kereke ea K’hatholike le hoja ba hōlisitsoe e le Mak’hatholike.”—NATIONAL CATHOLIC REPORTER, U.S.A.
Likoluoa Tsa Tlhaho Tse Bileng Teng ka 2010
K’hamphani e itlhommeng pele ea inshorense e tlalehile hore ho ile ha e-ba le likoluoa tsa tlhaho tse 950 lefatšeng ka bophara ka 2010, ’me li feta tse bileng teng lilemo tse leshome tse fetileng tseo ka karolelano li neng li e-ba 785 selemo le selemo. Likoluoa tse hlano tse mpe ka ho fetisisa ke tsa ho sisinyeha ha lefatše ho bileng teng Chaena, Chile le Haiti; meroallo e ileng ea koahela Pakistan ka metsi le leqhubu la mocheso Russia, moo batho ba likete tse mashome ba ileng ba shoa ka lebaka la mocheso oo le moea o silafetseng. Molora o ileng oa e-ba teng ka mor’a ho foqoha ha seretse Iceland, ha oa ka oa baka tšenyo e kaalo karolong e ka leboea ea Europe, empa o ile oa batla o sitisa sephethephethe sa lifofane. Ho ile ha e-ba le sefefo se tsamaeang le sefako ka makhetlo a mabeli Australia, ’me sa baka tšenyo e fetang liranta tse libilione tse ka holimo ho 13,7. Koranta ea London ea The Telegraph, e re: “Tahlehelo e bileng teng moruong, e akarelletsang lintho tse sa kenngoang inshorenseng, e nyolohetse lidolareng tse libilione tse 130 [liranta tse libilione tse 891,3] ho tloha lidolareng tse libilione tse 50 [liranta tse libilione tse 343,1] selemong se fetileng.”
Na Maneanderthale a ne a Tšoana le Rōna?
Makasine ea New Scientist e re: “Ka nako e telele batho ba ne ba nahana hore Maneanderthale a ne a sa tšoane le batho, empa pono eo e ile ea fetoha kaha le ’ona a ne a etsa lintho tse tšoanang le tseo batho ba li etsang.” Lintho tse sibolotsoeng morao tjena li bontša hore Maneanderthale a ne a haha libaka tsa bolulo le maifo, a besa mollo, a apara liaparo, a pheha lijo, a etsa lithulusi ’me a etsa sekhomaretsi e le hore a khomaretse mofeng motsung oa lerumo. Ho boetse ho na le bopaki ba hore a ne a hlokomela batho ba kulang, a apara mekhabiso ’me a pata le bafu. Ho ea ka Erik Trinkaus, e leng moprofesa oa thuto e mabapi le batho Univesithing ea Washington, St. Louis, Missouri, U.S.A., “Maneanderthale e ne e le batho joaloka rōna, ’me mohlomong a ne a e-na le bokhoni ba ho nahana joaloka rōna.”