Ekaba ho Etsahetse’ng ka “Mosebetsi oa Bophelo Bohle”?
Ekaba ho Etsahetse’ng ka “Mosebetsi oa Bophelo Bohle”?
GRAHAM * o sebelelitse k’hamphani e khōlō ea Australia ka lilemo tse 37. Ha a se a habile lilemo tse 60, ka tšohanyetso o ile a tsebisoa hore ka mor’a libeke tse ’maloa litšebeletso tsa hae ha li sa tla hlokahala. Re ka utloisisa ho tsieleha ha hae, ho bontšang ho makala le ho ameha ka ho teba ka boiketlo ba hae nakong e tlang. Graham o ile a ipotsa, ‘Ekaba ho etsahetse’ng ka “mosebetsi [oa ka] oa bophelo bohle,” oo ke neng ke nahana hore o sireletsehile ho fihlela ke fihla lilemong tsa ho ea pensheneng?’
Ke ’nete hore ho lahleheloa ke mosebetsi ho tloaelehile, ebile hase ntho e ncha. Leha ho le joalo,
ho ja setsi ha ho lahleheloa ke mosebetsi lefatšeng ka bophara ke ntho e ncha molokong ona oa joale oa bahiruoa. Ntle ho pelaelo, ho na le mabaka a mangata a etsang hore mosebetsi o fele, empa le ka sehloohong ho bonahala e le la ho fokotsa basebetsi. Ho fokotsa basebetsi ke eng, ’me ho bile teng joang?Ho Fetoha ha Sebaka sa Mosebetsi
Kajeno taba ea ho fokotsa litšenyehelo e fetohile ea lefatše lohle ka ho eketsehileng. Sena se ile sa hlokomeloa haholo-holo United States mafelong a bo-1970 ha lik’hamphani tse ngata li lemoha hore batho ba bangata ba ne ba reka likoloi, thepa ea elektronike le thepa e ’ngoe e ngata e hlahisoang mose ho maoatle.
Moo li lekang ho hlōlisana le tse ling le ho fokotsa litšenyehelo, lik’hamphani tsa Amerika li ile tsa qala ho fokotsa palo ea basebetsi le ho ntlafatsa mekhoa ea tšebetso le thepa. Mokhoa o ileng oa sebelisoa ho theola palo ea batho ba sebetsang o ile oa tsebahala e le ho fokotsa basebetsi. Mokhoa ona o ’nile oa hlalosoa e le ho “fokotsa palo ea batho ba sebetsang femeng, hangata ho sebelisoa phokotso, ho khothalletsa basebetsi hore ba tlohele mosebetsi pele nako ea bona e fihla, ho ba isa makaleng a mang le ho fokotseha ha basebetsi ho tlang ka litsela tsa tlhaho.”
Ka lilemo tse ngata, ba sebetsang mosebetsi o boima oa matsoho ke bona ba neng ba angoa haholo ke ho fokotsoa hona. Empa mafelong a lilemo tsa bo-1980 le mathoasong a bo-1990, sena se ile sa akarelletsa palo e hōlang ea batho ba sebetsang liofising, haholo-holo baokameli ba maemong a mahareng. Ka potlako tloaelo ena e ile ea ama lichaba tsohle tse tsoetseng pele indastering. ’Me ha khatello ea lichelete e tsoela pele, mebuso le bahiri ba bang ba ile ba batla mekhoa ea ho fokotsa litšenyehelo ka ho fokotsa basebetsi hape.
Ho basebetsi ba bangata, mosebetsi ha o sa sireletsehile. Ofisiri e ’ngoe ea mokhatlo oa basebetsi e re: “Batho ba ’nileng ba sebetsa ka botšepehi lilemo tse 10, 15, 20, ba ’nile ba bona ha konteraka ea bona e sa belaetseng e senngoa ’me ba lelekoa mosebetsing ba sa lebella.” Bukeng ea hae ea Healing the Downsized Organization, Delorese Ambrose o hlalosa hore ka 1956 mantsoe ana a reng “motho ea iphaphathang le litekanyetso tsa mokhatlo” a ileng a qaptjoa ho hlalosa mohiruoa. Oa phaella: “Ebang ke mosebetsi femeng e itseng kapa ke mookameli, o tella feme boiketlo ba hae ba lichelete, bophelo ba hae ba boithabiso le botšepehi ba hae hore feela a fumane tšireletseho—mosebetsi oa bophelo bohle. Ka ho hlakileng, tumellano ena ha e sa lateloa lifemeng tsa kajeno.”
Basebetsi ba limilione lefatšeng ka bophara ba ’nile ba lahleheloa ke mosebetsi oa bona ka lebaka la ho fokotsoa ha basebetsi, ’me ha ho na sehlopha sa bahiruoa se sa angoang ke sena. United States feela, palo ea bahiruoa ba amehileng ho sena e bile khōlō, ea fella ka hore ba limilione ba lahleheloe ke mesebetsi ea bona e tsitsitseng. Ho fokotsa basebetsi ho tšoanang ho etsahetse le linaheng tse ling tse ngata. Empa lipalo-palo tsena tse sehlōhō ka botsona ha li senole mahlomola ao li a bakelang batho.
Liphello Tse Bohloko
Graham ea boletsoeng qalong ea sehlooho sena o itse: “U hlokofatsoa ke bohloko ba sebele bo bang teng maikutlong.” O ile a bapisa ho lelekoa ha hae le “boloetse kapa ho tetetseha ’meleng.”
Ha botšepehi bo sa putsoe, batho ba ikutloa ba ekiloe ka hore ebe boitelo boo ba bo etselitseng k’hamphani ha bo nkoe e le ba bohlokoa. Ba felloa ke tšepo, haholo-holo ha ba bangata ba maemong a phahameng a botsamaisi bona ba fumana meputso e hlamatsehang ka lebaka la ho fokotsa basebetsi k’hamphaning. Ho phaella moo, ho hlōleha ha motho ho lefa sekoloto sa ntlo, ho lefa mekitlane, ho lefa litšenyehelo tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle lithong tsa lelapa, ho lefella sekolo, le hore motho a se hlole a tsoela pele ka tsela eo a neng a phela ka eona, ho se hlole a etsa lintho tseo a neng a tloaetse ho intša bolutu ka tsona le ho felloa ke letlotlo la hae, ho ka baka bothata haeba ka tšohanyetso a lahleheloa ke chelete eo a neng a e fumana kamehla. Sena se fella ka hore motho a felloe ke tšepo le hore a ikutloe a se na thuso.
Kaha mosebetsi o tsitsitseng, o nang le morero o tlatsetsa haholo bakeng sa hore motho a ikutloe a e-na le thuso, nahana hore na ho hloka mosebetsi ho na le phello e bohloko hakae ho batho ba likooa, ba se nang tsebo e itseng kapa ba seng ba hōlile lilemong. Phuputso e ’ngoe ea Australia e senotse hore batho ba pakeng tsa lilemo tse 45 le tse 59 ke bona ba shebiloeng haholo bakeng sa ho lelekoa. Ha e le hantle, ke bona batho ba lilemo tsena ba ho fumanang ho le thata haholo ho ikamahanya le phetoho eo.
Na ho na le boikhethelo bo bong? Ka sebele batho ba khetha ho fumana mosebetsi oa nakoana kapa o lefang chelete e tlaase ho e-na le ho se sebetse ka ho feletseng. Leha ho le joalo, seo se ka fella
ka boemo bo tlaase ba bophelo. ’Me ho fumanoe hore ke hoo e ka bang karolo ea boraro feela ea basebetsi ba fokolitsoeng e qetellang e fumane mosebetsi o lefang ka tsela e tšoanang le ea pele. Sena se eketsa khatello bophelong ba lelapa.Esita le mosebetsi oa hona joale o ntse o ka siea kelello e sa phomola. Sena se etsoa ke hore maikutlo a hore mosebetsi o ka ’na oa fela nakong e tlang a patehile empa a na le phello e senyang. Buka ea Parting Company e re: “Ho lebella ho felloa ke mosebetsi ho tšoana le ho khetha tsela e molemo ea ho thuloa ke teraka. Ke ka seoelo u lekang likhopolo tse bohlale ka ho fetisisa, hobane hangata ha u ke u bona teraka—kapa ho fokotsoa—ho fihlela ha u hatikeloa.”
Ho hloka mosebetsi ho ama bacha joang? Ka mor’a hore ba lekala la thuto le saense ba etse phuputso, ho ile ha hlokomeloa sena: “Ntho e ’ngoe e bonahalang, e pakang hore motho o se a le moholo e ne e le ho fumana mosebetsi oa nako e tletseng, e leng oona o neng o bontša ho qaleha ha bophelo ‘ba sebele’ ba motho e moholo, lefatšeng la batho ba baholo le litekanyetsong tsa bona tse tsamaisanang le ho itaola licheleteng.” Ka hona, haeba ho nkoa hore ho sebetsa ke letšoao la qaleho ea bophelo ba sebele ba motho e moholo, ho hloka mosebetsi ho ka nyahamisa bacha haholo.
Ho Tsoela Pele le Bophelo Tlas’a ho Hloka Mosebetsi
Ho sebetsana le ho lahleheloa ke mosebetsi ho ’nile ha tšoantšoa le ho tsamaea sebakeng seo ho chehiloeng libomo ho sona. Buka ea Parting Company e khetholla maikutlo a tloaelehileng haholo e le bohale, lihlong, tšabo, tlhomoho le ho ikhauhela. Ho thata ho sebetsana le lintho tsena. Sengoli sea hlokomela: “U filoe kabelo e thata—ea ho rera bokamoso ba hao. Ha ua kōpa kabelo ena, mohlomong ha u tsebe hore na u sebetsane le eona joang, ’me ka tšohanyetso u ka ikutloa u lahliloe kherehloa.” ’Me ho hlalosetsa malapa a bona ka ho lelekoa mosebetsing ha tšohanyetso ke bo bong ba mathata a boimahali ao ba hlokang mosebetsi ba tobanang le ’ona.
Leha ho le joalo, ho na le litsela tse molemo tsa ho sebetsana le khatello ea ho fokotsoa mosebetsing. Mohato oa pele ke hore ka potlako u fokotse mokhoa oo u phelang ka oona ka ho rera le ho phela bophelo bo bonolo ho feta boo u neng u tloaetse ho bo phela nakong e fetileng.
Tse latelang ke tse ling tsa litlhahiso tse ka u thusang hore u sebetsane le boemo, le haeba bo sa rarollohe ka ho feletseng. Ntlha ea pele, hlokomela hore matsatsing ana ho lahleheloa ke mosebetsi u sa lebella ke ntho ea sebele. Ka hona, ho sa tsotellehe lilemo tsa hao le phihlelo eo u nang le eona, lokisetsa esale pele bakeng sa ha seo se ka etsahala bophelong ba hao.
Ntlha ea bobeli, e-ba seli tabeng ea ho nka sekoloto se bitsang sa thepa eo e seng ea bohlokoa bakeng sa lintho tsa ho iphelisa le liaparo. Phela ka seo u nang le sona ’me u se ke ua nahana hore u tla lefa likoloto ka chelete eo u e lebeletseng ea ha u phahamisetsoa boemong bo itseng kapa ha moputso o tloaelehileng o eketsoa. Khopolo ea moruo oa kajeno ke hore ho ka ’na ha se be le bokamoso bo tšoarellang boo ho ka itšetlehoang ka bona.
Ntlha ea boraro, batla litsela tseo ka tsona u ka nolofatsang bophelo ba hao le ho fokotsa lintho tseo u seng u itlamme ka tsona tsa lichelete. Sena se bolela ho khaotsa likoloto tsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa hore u phele bophelo bo itekanetseng ka ho utloahalang.
Ntlha ea bone, hlahloba lipakane tsa hao tsa seo u batlang ho se etsa bophelong ba hao bohle, tsa moea le tsa nama, ’me u etse liphetoho moo li hlokahalang teng. Joale u ka hlahloba liqeto tsohle u ipapisitse le lipakane tsa hao ’me ua lekanya hore na li tla ama bophelo ba hao joang.
Ntlha ea ho qetela, u se ke ua khalla tsela ea bophelo ea ba bang motseng oa heno ba iphelelang hamonate ba ntse ba sa re baa baballa, esere ua qala ho lakatsa lintho tseo ba nang le tsona ’me ua hokeha tseleng ea bona ea bophelo.
Tsena ke litlhahiso tse ’maloa tse ka ’nang tsa thusa uena le lelapa la hao hore le qobe leraba la ho itšetleha ka maruo a sa tsitsang a lefatše lena le sa tsitsang le hore le ipoloke le sa angoa ke matšoenyeho a mangata a bakoang ke tsela ea bophelo eo le e phelang.
Eo e kileng ea e-ba rabanka oa lichelete tsa matsete, Felix Rohatyn, o qotsoa moo a reng: “Ho na le ntho e fosahetseng ka ho feletseng sechabeng sa rōna, ha ho hloka mosebetsi ha motho e mong ho eketsa leruo la motho e mong.” Ka hona, ho fosahetseng ka ho feletseng ke tsamaiso ena eo haufinyane e tla nkeloa sebaka ke lefatše leo ho lona polelo “mosebetsi oa bophelo bohle” e tla bolela se fetang seo re se nahanang kajeno.—Esaia 65:17-24; 2 Petrose 3:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Lebitso le fetotsoe.