Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TLILE JOANG HORE EBE BIBELE E NTSE E LE TENG?

Pale ea Bohlokoa

Pale ea Bohlokoa

Ha ho na buka leha e le efe ea bolumeli e tšoanang le Bibele. E ’nile ea susumetsa lintho tseo batho ba li lumelang ka nako e telele. Hape ha ho buka eo batho ba kileng ba e hlahlobisisa le ho e nyatsa ho feta Bibele.

Ho etsa mohlala, litsebi tse ling tsa Bibele li belaella taba ea hore Libibele tseo re li sebelisang mehleng ena li nepahetse joaloka tsa mehleng ea pele. Setsebi se seng sa bolumeli se re: “Ha re na bonnete ba hore Libibele tsa mehleng ena li tšoana hantle le tsa ha Bibele e ne e qala ho ngoloa. Libibele tsa rōna li na le liphoso tse ngata ’me boholo ba tsona li ngotsoe lilemo tse makholo ka mor’a hore tsa pele li ngoloe, kahoo li fapane hōle.”

Batho ba bang ha ba lumele lintho tse ngotsoeng Bibeleng ka lebaka la seo ba se rutiloeng bolumeling ba bona. Ho etsa mohlala, lelapa la habo Faizal leo eseng la Bokreste le ile la mo ruta hore Bibele ke buka e halalelang empa e ile ea fetoloa. Faizal o re: “Kahoo, ke ne ke e-ba lesisitheho ha motho a batla ho bua le ’na ka Bibele. Haholo hobane ba ne ba se na Bibele ea mehleng ea pele. E ne e le e fetotsoeng!”

Empa na hoa tsotelleha hore na Bibele e fetotsoe kapa che? Nahana ka lipotso tsena: Na u ka lumela seo Bibele e se tšepisang ka bokamoso haeba u sa tsebe hantle hore na tšepiso eo ea hlaha le Bibeleng ea mehleng ea khale kapa che? (Baroma 15:4) Na u ne u ka sebelisa melao-motheo ea Bibele ha u etsa liqeto tsa bohlokoa tse kang ho batla mosebetsi, liqeto tse amang lelapa kapa borapeli haeba Bibele e ne e le buka feela e ngotsoeng ke batho e bileng e tletseng liphoso?

Le hoja Libibele tsa mehleng ea pele li se li le sieo, ho ntse ho e-na le meqolo ea Bibele e mengata ea mehleng ea khale. Ho tlile joang hore ebe meqolo eo ha ea ka ea bola ’me e ntse e le teng le ka mor’a hore batho ba e hanyetse le ho leka ho e fetola? Taba ea hore ebe meqolo eo e ntse e le teng e ka u thusa joang hore u tšepe Bibele ea mehleng ee? Likarabo tsa lipotso tseo li hlaha sehloohong se latelang.