Bophelo bo Qalile Joang?
U ne u ka qetella polelo ee e latelang joang?
BOPHELO BO BILE TENG . . .
KA HO IPHETOLA HA LINTHO
KA HO BOPTJOA
Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore motho ea ratang saense o tla khetha “ka ho iphetola ha lintho” ’me ea ratang bolumeli o tla khetha “ka ho boptjoa.”
Empa ha se kamehla seo se ka etsahalang.
’Nete ke hore batho ba bangata ba rutehileng, esita le litsebi tse ling tsa saense ha ba lumele hore lintho li iphetotse.
Nahana ka Ntate Gerard, e leng moprofesa oa thuto ea likokoanyana ea ileng a rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho k’holejeng. O re: “Ha ke ne ke ngola litlhahlobo, ke ne ke ngola likarabo tse batloang ke liprofesa tsa ka, empa ke ne ke sa lumele seo ke se ngotseng.”
Ke hobane’ng ha esita le batho ba ratang saense ba na le bothata ba ho lumela hore bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho? E le hore u arabe potso eo, nahana ka lipotso tse peli tse qakang bafuputsi ba bangata: (1) Bophelo bo qalile joang? le (2) Lintho tse phelang li bile teng joang?
Bophelo bo Qalile Joang?
SEO BATHO BA BANG BA SE BUANG. Bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng.
LEBAKA LEO BA BANG BA SA KHOTSOFATSOENG KE KARABO EO. Hona joale bo-rasaense ba utloisisa tsamaiso ea lintho tse phelang le sebopeho sa tsona ho feta leha e le neng pele, empa ba ntse ba sa khone ho fana ka tlhaloso e utloahalang ea hore na bophelo bo bile teng joang. Ho na le phapang e kholo pakeng tsa lintho tse sa pheleng le sele e nyenyane ka ho fetisisa e phelang.
Bo-rasaense ba hakanya feela hore na lefatše le ne le le joang lilemong tse libilione tse fetileng. Ba na le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea hore na bophelo bo qalile hokae; hore na bo qalile ha ho foqoha seretse se chesang kapa bo qalile ka tlas’a leoatle. Ba bang ba lumela hore bophelo bo qalile kae-kae sepakapakeng eaba bo oela mona lefatšeng. Leha ho le joalo, seo ha se arabe potso ea hore na bophelo bo qalile joang, empa se etsa hore ho be boima le ho feta ho utloisisa hore na bo qalile joang.
Bo-rasaense ba hakanya hore e ka ’na eaba ho na le limolek’hule tse ileng tsa fetoha liphatsa tsa lefutso tseo re li tsebang kajeno. Ba bolela hore limolek’hule tsena li itlhahetse ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng ’me li khona ho ikatisa. Empa ha ho bopaki ba saense bo bontšang hore ho kile ha e-ba le limolek’hule tse joalo, ’me le bo-rasaense ha ba e-s’o li hlahise lilaboratoring tsa bona.
Lintho tse phelang lia ikhetha ka tsela eo li fetisang boitsebiso le eo bo li bolokang ka eona. Lisele tse liphatseng tsa lefutso, li fetisa litaelo tse ka har’a tsona, lia li fetolela le ho li phetha. Bo-rasaense ba bang ba bapisa liphatsa tsa lefutso le lenaneo la k’homphieutha ’me tsela eo sele e bopehileng ka eona ba e bapisa le k’homphieutha ka boeona. Empa thuto ea ho iphetola ha lintho ha e hlalose hore na boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso bo tsoa hokae.
Limolek’hule tsa protheine lia hlokahala e le hore sele e phele. Molek’hule e le ’ngoe ea protheine e na le li-amino acid tse makholo tse kopaneng ka tsela e ikhethang. Ho phaella moo, molek’hule ea protheine e lokela ho ba le sebopeho se itseng e le hore e khone ho sebetsa hantle. Bo-rasaense ba bang ba bolela hore ke ntho e sa utloahaleng ho nahana hore molek’hule ea protheine e bile teng ka mohlolo. Setsebi sa fisiks e leng Paul Davies o re: “Kaha sele e hloka liprotheine tse sa tšoaneng tse likete e le hore e sebetse, ke ntho e sa utloahaleng ho nahana hore e bile teng ka mohlolo.”
SEO E LENG ’NETE. Le hoja bo-rasaense ba makaleng a fapaneng a saense ba qetile lilemo tse mashome ba etsa liphuputso, ’nete ke hore lintho tse phelang li bile teng ho tsoa ho tse ling tse phelang.
Lintho Tse Phelang li Bile Teng Joang?
SEO BATHO BA BANG BA SE BUANG. Ntho ea pele e phelang e ile ea fetoha hanyane ka hanyane hore e be mefuta e meng ea lintho tse phelang, tse akarelletsang batho, ka ho iphetola ha lintho.
LEBAKA LEO BA BANG BA SA KHOTSOFATSOENG KE KARABO EO. Lisele tse ling li rarahane ho feta tse ling. Buka e ’ngoe e re, hangata ho thata hore thuto ea ho iphetola ha lintho e hlalose hore na bophelo bo qalile joang le hore na ho tla joang hore lisele tse nyenyane ka ho fetisisa li fetohe lisele tse ling tse ngata tse rarahaneng.
Bo-rasaense ba fumane hore ka har’a sele ka ’ngoe, ho na le limolek’hule tse ngata tsa protheine tse sebetsang hammoho ho etsa mesebetsi e rarahaneng. Mesebetsi ena e akarelletsa ho isa limatlafatsi likarolong tsohle tsa ’mele, ho nchafatsa likarolo tsa sele le ho fetisa melaetsa ka har’a sele. Na ketsahalo ee e rarahaneng e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Batho ba bangata ba thatafalloa ho utloisisa taba eo.
E le hore liphoofolo le batho ba be teng, ho hlokahala lehe le emolisitsoeng. Ka har’a lehe lena, lisele lia ikatisa le ho fetoha likarolo tse ikhethang, ebe li fetoha libopeho tse itseng le ho sebetsa ka litsela tse fapaneng ho bopa litho tsa ’mele. Thuto ea ho iphetola ha lintho e sitoa ho hlalosa hore na sele ka ’ngoe e “tseba” joang hore e lokela ho fetoha eng le hore na e lokela ho ea likarolong life tsa ’mele.
Bo-rasaense ke hona ba elelloang hore e le hore mofuta o itseng oa phoofolo o fetohe o mong, ho lokela hore ho be le liphetoho tse etsahalang ka har’a sele. Kaha bo-rasaense ba sitoa ho hlalosa hore na ke joang ho iphetola ha lintho ho ka hlahisang leha e le sele “e le ’ngoe,” na ke ho utloahalang ho lumela hore ho iphetola ha lintho ke hona ho entseng mefuta e fapaneng ea liphoofolo lefatšeng? Ha ntate Michael Behe e leng moprofesa oa thuto ea baeloji a hlalosa tsela eo liphoofolo li entsoeng ka eona, o bontša hore le hoja liphuputso “li fumane lintho tse hlollang hakana, bo-rasaense ba ntse ba sa utloisise hore na ke joang lintho tse rarahaneng joalo li ka itlhahelang feela ka mohlolo.”
Batho ba tseba seo ba leng sona, ba khona ho nahana le ho itlhalosa ’me ba boetse ba na le litšobotsi tse ntle tse kang ho fana, ho itela le ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng. Thuto ea ho iphetola ha lintho e sitoa ho hlalosa hore na ke’ng e etsang hore motho a be le litšobotsi tseo tse ikhethang.
SEO E LENG ’NETE. Le hoja batho ba bangata ba tsitlella hore thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete e ke keng ea qojoa, ba bang ha ba khotsofatsoe ke tsela eo e hlalosang hore na bophelo bo qalile joang.
Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang
Ka mor’a ho hlahloba bopaki, batho ba bangata ba entse qeto ea hore ho na le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea bopileng lintho tse phelang. Nahana ka mohlala oa ntate Antony Flew, e leng moprofesa oa filosofi eo a kileng a tšehetsa khopolo ea hore Molimo ha a eo. Ntate Flew o ile a fetola maikutlo ka mor’a hore a ithute ka tsela e hlollang eo bophelo bo rarahaneng ka eona le ka melao ea bokahohle. Ha a qotsa seo bo-rafilosofi ba nakong e fetileng ba ileng ba se bua, o ile a ngola a re: “Re lokela ho amohela qeto e entsoeng ka mor’a liphuputso le hoja re sa lumellane le eona.” Ho ea ka Moprofesa Flew, liphuputso li bontšitse hore ho na le ’Mopi.
Ntate Gerard, eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, o ile a fihlela qeto e tšoanang. Le hoja a rutehile haholo ’me a e-na le phihlelo thutong ea likokoanyana, o ile a re: “Ha kea fumana bopaki bo bontšang hore bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng. Tsela eo lintho tse phelang li hlophisehileng le ho rarahana ka eona, e ile ea nkholisa hore e tlameha ebe ho na le Mohlophisi le Moqapi.”
Feela joalokaha motho a ka ithuta ka setaki se itseng ka ho hlahloba mosebetsi oa sona, ntate Gerard o ile a lemoha litšobotsi tsa ’Mopi ka ho hlahloba popo ea hae. O ile a boela a ipha nako ea ho ithuta buka e buang ka ’Mopi e leng Bibele. (2 Timothea 3:16) Ka har’a eona o ile a fumana likarabo tse khotsofatsang mabapi le hore na moloko oa batho o tsoa hokae le hore na batho ba ka rarolla mathata ao ba tobanang le ’ona joang. Ka lebaka leo, o ile a kholiseha hore Bibele le eona e ngotsoe ke motho ea bohlale ka ho fetisisa.
Joalokaha ntate Gerard a hlokometse, ke habohlokoa ho hlahloba likarabo tsa Bibele. Re u khothalletsa hore u ke u li hlahlobe.