Na o Tla Rarolla Diqabang Mme o Phehelle Kgotso?
JEHOVA MODIMO o kgothalletsa Bakreste hore ba rate kgotso, ba be ba etse hore kgotso e be karolo ya bohlokwa bophelong ba bona. Haeba re le batho ba phehellang kgotso re etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong. Sena se etsa hore phutheho ya Bokreste e kgahle batho ba bang.
Ka mohlala, ngaka e nngwe ya setso e dulang Madagascar, e ile ya hlokomela kamoo Dipaki Tsa Jehova di utlwanang kateng. E ile ya ipolella ya re: ‘Haeba ka le leng nka batla ho kena kereke, e tla ba yona ena.’ Ha nako e ntse e ya, o ile a tlohela bongaka, a nka dikgwedi a ntlafatsa boitshwaro ba hae le ho lokisa boemo ba hae ba lenyalo bo neng bo le kgahlanong le mangolo mme ya e ba morapedi wa Jehova, Modimo wa kgotso.
Jwaloka monna eo, selemo ka seng batho ba dikete ba tlang ka phuthehong ba fumana kgotso eo e leng kgale ba e labalabela. Leha ho le jwalo, Bibele e bontsha ka ho hlaka hore ho ka ba le mathata a tebileng haeba ka phuthehong ho na le “poulelo e feteletseng le ho rata dikgang.” (Jak. 3:14-16) Ho thabisang ke hore Bibele e re fa keletso e ka re thusang ho qoba mathata ao le ho eketsa kgotso eo re nang le yona. Pele re bua ka keletso eo, a re ke re hlahlobeng a mang a maemo a ka hlahang bophelong mme a re sitisa ho ba le kgotso.
MATHATA LE THAROLLO
“Ke ne ke sa utlwane le morabo rona e mong eo ke neng ke sebetsa le yena. Ka tsatsi le leng basebetsi mmoho ba babedi ba ile ba re fumana re ntse re tjodietsana.”
—CHRIS.
“Moradiwabo rona eo ke neng ke tlwaetse ho tsamaya le yena tshimong o ile a kgaotsa ho sebetsa le nna. Yaba kamora moo ha a sa mpuisa ho hang. Ke ne ke sa tsebe hore na ke mo entseng.”
—JANET.
“Ke ne ke le founung le batho ba bang ba babedi. E mong wa bona o ile a sadisa hantle, mme ka nahana hore o dropile. Ke ile ka bua hampe ka yena ho enwa e mong, athe mongaditaba o ntse a mametse.”
—MICHAEL.
“Baradibabo rona ba babedi ba bopulamadiboho ba ile ba qabana phuthehong ya habo rona. Yaba e mong o omanya e mong. Ntwa ena ya bona e ile ya nyahamisa ba bang.”
—GARY.
Maemo ana a ka nna a bonahala a sa re letho. Empa boemo ka bong bo ne bo ka lematsa batho ba bang maikutlong le ho senya kamano ya bona le Modimo. Mohlomong o tla thabela ho tseba hore bara le baradi bana babo rona kaofela ba ile ba rarolla mathata a bona, ba tataiswa ke Bibele. O nahana hore ke melaomotheo efe ya Bibele eo ba ileng ba e sebedisa?
Gen. 45:24) Josefa o ile a bua mantswe ana ho barababo ha ba ne ba lokela ho kgutlela ho ntate wa bona. Ruri ao e ne e le mantswe a bohlale! Haeba motho a hloleha ho laola maikutlo a hae mme a kwata feela tje, a ka nna a halefisa ba bang. Chris o ile a hlokomela hore bothata ba hae e ne e le boikgohomoso le ho se batle ho amohela keletso. Kaha o ne a batla ho fetoha, o ile a kopa tshwarelo ho morabo rona ya neng a qabane le yena mme a leka ka hohle ho laola bohale ba hae. Ha mora eo wabo rona a bona boiteko bo etswang ke Chris le yena o ile a etsa diphetoho. Hona jwale ba sebeletsa Jehova hammoho ba thabile.
“Le se ke la kgenelana [kapa la kwatelana] tseleng.” (“Merero e a senyeha moo ho se nang puisano.” (Liprov. 15:22, NW) Janet o ile a ikemisetsa ho sebedisa keletso ena. O ile a etsa qeto ya ho lo ‘buisana’ le moradi eo wabo rona. Ha ba ntse ba bua, ka bohlale Janet o ile a etsa hore moradi eo wabo rona a bue ka se neng se mo utlwisitse bohloko. Qalong ho ne ho se bonolo hore ba buisane ka taba ena, empa puisano e ile ya ntlafala kaha ba ne ba bua ba kgobile matshwafo. Moradi eo wabo rona o ile a elellwa hore taba e neng e mo kwatisitse e ne e sa ame Janet le hore o ne a sa utlwisisa hantle. O ile a kopa tshwarelo ho Janet mme ba boetse ba sebetsa hammoho tshimong.
“Jwale, haeba o tlisa mpho ya hao aletareng mme o hopola hore moreno o na le ho hong kgahlanong le wena, o siye mpho ya hao moo ka pela aletare, mme o tlohe. Etsa kgotso le moreno pele.” (Mat. 5:23, 24) Mohlomong o sa ntse o hopola keletso ena eo Jesu a ileng a fana ka yona Thutong ya Thabeng. Michael o ile a utlwa bohloko ha a hlokomela kamoo a neng a hlolehile ho bontsha mosa kateng. O ile a ikemisetsa ho bopa kgotso. O ile a ikokobetsa mme a kopana le morabo rona eo a neng a mo sitetswe yaba o kopa tshwarelo. Phello e bile efe? Michael o re: “Moreso o ile a feela a ntshwarela.” Ba ile ba boela ba eba metswalle.
“Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e na le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong.” (Bakol. 3:12-14) Bopulamadiboho bane ba neng ba qabane ba ile ba thuswa ke moholo, ya ileng a ba kgothalletsa ho nahanisisa ka dipotso tse kang tsena: ‘Na ka bobedi ba rona re na le tokelo ya ho utlwisa ba bang bohloko hobane feela re qabane? Na re na le lebaka le utlwahalang la hore re se ke ra mamellana mme re tswele pele ho sebeletsa Jehova ka kutlwano?’ Ba ile ba amohela keletso ya moholo eo mme ba e sebedisa. Jwale ba se ba utlwana le ho sebetsa hammoho boboleding.
Bakolose 3:12-14 e ka ba mohato wa pele oo re ka o nkang haeba motho e mong a re utlwisa bohloko. Ba bangata ba hlokometse hore ba a kgona ho tshwarela motho mme ba qobe ho nahana ka phoso eo. Haeba le kamora ho etsa sohle o ntse o hloleha ho qoba ho nahana ka taba eo, mohlomong o ka sebedisa molaomotheo o ho Matheu 18:15. Keletso ya Jesu mona e bua ka mehato eo motho a lokelang ho e nka ha e mong a mo etseditse sebe se tebileng. Empa molaomotheo oo o ka sebetsa le maemong a mang. Eya ho moradi kapa moreno mme ka boikokobetso o leke ho bua ka taba e le qabantseng le be le e lokise.
Ho sebedisa keletso ya Bibele e hoKe nnete hore Bibele e fana le ka ditlhahiso tse ding tse sebetsang. E le hore di sebetse e le kannete o lokela ho bontsha “ditholwana tsa moya” e leng “lerato, thabo, kgotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitshwaro.” (Bagal. 5:22, 23) Ho ba le makgabane ana ho tla etsa hore dipuisano tsa rona tsa ho bopa kgotso le ba bang di atlehe.
HO SE TSHWANE KA BOTHO HO TSWELA PHUTHEHO MOLEMO
E mong le e mong wa rona o na le botho le mekgwa e sa tshwaneng le ya ba bang mme hangata sena se thusa batho ho theha setswalle se tiileng. Leha ho le jwalo, ho se tshwane hona ho ka baka mathata ka dinako tse ding. Moholo e mong o re: “Motho ya dihlong a ka thatafallwa ke ho ba pela motho ya ratang ho qoqa le ho etsa metlae. Phapang ena e bothong ba bona e ka nna ya bonahala e se ntho e kaalo, empa e ka baka mathata a maholo.” Na o nahana hore batho ba nang le botho bo sa tshwaneng, jwang kapa jwang ba ka se utlwane? A ko nahane ka baapostola bana ba babedi. Petrose e ne e le motho ya jwang? O ka nna wa re o ne a bua haholo a bile a rata ho etsa dintho a sa nahane. Johanne yena? Re ka nna ra re e ne e le motho ya ratang batho, re nahanne ka dintho tseo a ileng a di bua tse ngotsweng ka Bibeleng. Re ka nna ra ba le mabaka a utlwahalang a ho nahana jwalo ka banna bana. Ho bonahala ba ne ba sa tshwane ka Lik. 8:14; Bagal. 2:9) Kahoo, le kajeno ho ka kgoneha hore Bakreste ba nang le botho bo sa tshwaneng ba utlwane mme ba sebetse hantle hammoho.
botho. Ho ntse ho le jwalo, ba ile ba sebetsa hantle hammoho. (Mohlomong phuthehong ya lona ho na le morabo rona eo diketso le dipuo tsa hae di o tenang. Empa hopola hore o lokela ho rata Mokreste eo kaha Kreste o ile a mo shwela. (Joh. 13:34, 35; Bar. 5:6-8) Kahoo, ho e na le hore o qobe mora eo wabo rona, ipotse: ‘Na seo morabo rona a se etsang se hlile se fosahetse ho ya ka Mangolo? Na o leka ka boomo ho nkutlwisa bohloko? Kapa re mpa feela re na le botho bo sa tshwaneng?’ Potso ya bohlokwa le ho feta ke ena: ‘Ke makgabane afe a hae ao nka ruang molemo ho ona?’
Nahana ka potso eo ya ho qetela hape. Ka mohlala, haeba motho eo a rata ho bua empa wena o le motho ya thotseng, nahana ka tsela eo a nolofallwang ka yona ke ho qala moqoqo tshimong. O ka nna wa kopa ho sebetsa le yena boboleding e le hore o ithute ho hong ho yena. Kapa mohlomong haeba e le motho ya seatla se bulehileng empa wena o sa tlwaela ho fana, o ka ela hloko thabo eo a e fumanang ka ho thusa ba bang. Ntlha ke hore wena le mora kapa moradi eo wabo rona, le ka kgona ho ba metswalle le hoja le e na le botho bo sa tshwaneng haeba le sheba dintho tse ntle e mong ho e mong. Le hoja le ka nna la se ke la ba metswalle ya hlooho ya kgomo, ho ka ba le kgotso pakeng tsa lona mme le ka etsa hore le ka phuthehong ho rene kgotso.
Ho ka etsahala hore Evodia le Syntike ba ne ba fapane ka botho. Leha ho le jwalo, moapostola Pauluse o ile a ba kgothalletsa hore “ba be le kelello e tshwanang Moreneng.” (Bafil. 4:2) Na le wena o tla etsa se tshwanang le ho etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong?
O SE KE WA TLOHELLA BOTHATA BO SA LOKISWA
Jwaloka ditlamatlama tse ka nnang tsa mela serapeng sa dipalesa, maikutlo a mabe ka
batho ba bang a ka hola haeba re sa a hlaole. Hang ha lehloyo le se le laola ka pelong ya motho, kgotso ya phutheho e tla sitiseha. Haeba re rata Jehova le barababo rona, re ke ke ra dumella diqabang ho sitisa le ho fedisa kgotso ka phuthehong.Ha re rarolla diqabang ka sepheo sa ho bopa kgotso, diphello e tla ba tse thabisang. Moradi e mong wabo rona o re: “Ke ile ka bona eka moradiwabo rona e mong ka phuthehong o ntshwara jwaloka ngwana e monyenyane. Seo se ne se hlile se ntshwenya. Ke ile ka nna ka teneha hoo ke ileng ka qetella ke se ke mo buisa hampe. Ke ile ka itjwetsa ka re: ‘Ha a ntlhomphe, kahoo le nna ha ke no mo hlompha.”
Moradi enwa wabo rona o ile a nahana ka diketso tsa hae. O re: “Ke ile ka qala ho bona diphoso tsa ka mme ke ne ke swabile nko ho feta molomo. Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho lokisa tsela eo ke nahanang ka yona. Ka mora ho bua le Jehova ka thapelo ka taba ena, ke ile ka rekela moradieso mpho le ho mo romella karete eo ho yona ke neng ke kopa tshwarelo ka boitshwaro ba ka bo fosahetseng. Re ile ra hakana mme ra dumellana ka hore re lebale ka taba eo. Haesale ho tloha ka nako eo ha re eso qabane.”
Batho ba labalabela kgotso. Empa ha ba utlwa eka ba a hlaselwa, ba bangata ba qala ho itshwara ka tsela e se nang kgotso. Le hoja sena se etsahala haholo ho batho ba sa rapeleng Jehova, batho ba Modimo ba lokela ho ba le kgotso mme ba momahane. Jehova o ile a budulela Pauluse ho ngola sena: “Ke le kopa ka tiyo hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le ileng la bitswa ka yona, ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le bonolo, ka tiisetso, le mamellane ka lerato, le leke ka tiyo ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo e kopanyang ya kgotso.” (Baef. 4:1-3) Ka sebele ‘tlamo eo e kopanyang ya kgotso’ ke ya bohlokwa haholo. E se eka re ka tiisa tlamo ena mme re ikemisetse ho rarolla diqabang dife kapa dife tse ka hlahang hara rona.