Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TSEBA NNETE KA MANGELOI HO KA O THUSA JWANG?

Na Motho e Mong le e Mong o na le Lengeloi le mo Sireletsang?

Na Motho e Mong le e Mong o na le Lengeloi le mo Sireletsang?

Bibele ha e rute hore motho e mong le e mong o na le lengeloi le mo sireletsang. Jesu o ile a re: “Iponeleng hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana [balatedi ba Kreste]; etswe ke a le bolella hore mangeloi a bona lehodimong kamehla a bona sefahleho sa Ntate ya lehodimong.” (Matheu 18:10) Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a sa re motho e mong le e mong o na le lengeloi, ho e na le hoo, o ne a bolela hore mangeloi a thahasella molatedi e mong le e mong wa hae. Kahoo, barapedi ba nnete ha ba ipehe kotsing feela hobane ba nahana hore mangeloi a Modimo a tla ba sireletsa.

Empa na seo se bolela hore mangeloi ha a thuse batho? Tjhe. (Pesaleme ya 91:11) Batho ba bang ba na le boikutlo ba hore Modimo o ba file mangeloi a ba sireletsang le ho ba tataisa. Kenneth eo re buileng ka eena qalong ke e mong wa bona. Le hoja re ke ke ra tsitlella ntlheng e itseng, ho ka etsahala hore e be o nepile. Dipaki Tsa Jehova di atisa ho bona kamoo mangeloi a di thusang ka teng ha di ntse di etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. Le ha ho le jwalo, ka ha mangeloi ha a bonahale, re ke ke ra hlalosa ka ho toba tsela eo Modimo a a sebedisang ka yona ho thusa batho maemong a fapaneng. Ho sa tsotellehe maikutlo a fapaneng a batho, re etsa hantle ha re leboha ya Matla Ohle ka tataiso eo a tswelang pele ho re fa yona.​—Bakolose 3:15; Jakobo 1:17, 18.