Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batjha​​—⁠Le Nne le Sebeletse Poloko ya Lona

Batjha​​—⁠Le Nne le Sebeletse Poloko ya Lona

“Ka tsela eo le nnileng la mamela ka yona kamehla, . . . le nne le sebeletse poloko ya lona ka tshabo le thothomelo.”BAFIL. 2:12.

DIPINA: 41, 89

1.Ke hobaneng ha ho kolobetswa e le mohato wa bohlokwa? (Sheba setshwantsho se qalong.)

SELEMO le selemo ho kolobetswa batho ba dikete. Ba bangata ba bona ke batjha. Ho ka etsahala hore ba hodisitswe ke batswadi ba Dipaki. Na o e mong wa bona? Haeba ho jwalo, re a o babatsa. Hobane Mokreste e mong le mong o lokela ho kolobetswa hore a fumane bophelo bo sa feleng.—Mat. 28:19, 20; 1 Pet. 3:21.

2.Ke hobaneng ha o sa lokela ho tshaba ho kolobetswa?

2 Ka mora ho kolobetswa, Jehova o ile a o hlohonolofatsa ka ditsela tse ngata. Empa o ile wa boela wa ba le boikarabelo bo eketsehileng. Ke boikarabelo bofe? Ha o ne o kolobetswa o ile wa araba ka e, ha o ne o botswa potso e reng: “Motheong wa sehlabelo sa Jesu Kreste, na o baketse dibe tsa hao mme o inehetse ho Jehova ho etsa thato ya hae?” Ha o kolobetswa, o ne o inehela ho Jehova. O ne o mo tshepisa hore o tla mo rata le hore ho mo sebeletsa ho tla tla pele bophelong ba hao. Eo ke tshepiso e tebileng, empa ha o a lokela ho ikwahlaela yona. Ho beha bophelo ba hao matsohong a Jehova ke ntho e molemo ka ho fetisisa. Ka lehlakoreng le leng, motho ya sa mameleng Jehova o buswa ke Satane. Diabolose ha a batle hore o pholohe. Ha e le hantle, a ka thaba ha o ka tlohela tsela e lebisang bophelong bo sa feleng mme wa mo tshehetsa tabeng ya ho hlanohela Jehova.

3. O tla fumana ditlhohonolofatso dife ha o ka inehela ho Jehova?

3 Ho fapana le ho tshehetsa Satane, Jehova o a o hlohonolofatsa jwalo ka ha o inehetse ho yena mme o se o le Mokreste ya kolobeditsweng. Kaha o mo file bophelo ba hao, o ka bua o kgodisehile wa re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tshoha. Motho wa lefatshe a ka nketsang?” (Pes. 118:6) Ruri ke tlotla e kgolo ho ba ka lehlakoreng la Jehova le ho amohelwa ke yena.

BOIKARABELO BA MOTHO KA MONG

4, 5. (a) Ke hobaneng ha ho inehela ho Jehova e le boikarabelo ba motho ka mong? (b) Ke diteko dife tseo Bakreste bohle ba kopanang le tsona?

4 Jwalo ka Mokreste ya kolobeditsweng, kamano ya hao le Jehova ke boikarabelo ba hao o le mong e seng ba lelapa leno. O ke ke wa pholoha ka lebaka la batswadi ba hao. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o hopole seo? Ke hobane o ke ke wa tseba hore na ke diteko dife tseo o tla tobana le tsona ha o ntse o hola. Ka mohlala, haeba o kolobeditswe o so kene dilemong tsa botjha, o ka nna wa kopana le mathata a mangata ha o se o le dilemong tseo. Ngwanana e mong ya nang le dilemo tse 18 o re: “Ngwana a ke ke a tenwa ke ho ba Paki ya Jehova hobane feela a sa keteke matsatsi a tswalo. Empa ha a ntse a hola mme takatso ya ho etsa thobalano e ntse e ba matla, o tla lokela ho kgodiseha ka ho feletseng hore ho mamela melao ya Jehova ho molemo ka dinako tsohle.”

5 Ke nnete hore ha se batjha feela ba kopanang le mathata. Batho ba kolobeditsweng ba se ba le baholo, le bona ba tobana le mathata ao ba sa a lebellang, a lekang tumelo ya bona. Mathata ao e ka ba a lenyalo, ho kula kapa ho fellwa ke mosebetsi. Kahoo, kaofela ha rona ho sa tsotellehe hore na re na le dilemo tse kae, re tla tobana le mathata a tla re hloka hore re tshepahalle Jehova.—Jak. 1:12-14.

6. (a) O ka bontsha jwang hore o mamela Jehova ka dinako tsohle? (b) O ka ithutang ho Bafilipi 4:11-13?

6 Ho re o dule o tshepahala maemong ohle, o se ke wa lebala hore o tshepisitse Jehova hore o tla mo mamela ka dinako tsohle. Sena se bolela hore o bolelletse Jehova hore o tla dula o mo sebeletsa, le ha metswalle kapa ba lelapa leno ba ka kgaotsa ho etsa jwalo. (Pes. 27:10) Ho sa tsotellehe hore na o kopana le mathata afe, dula o kopa Jehova hore a o thuse hore o tshepahale.—Bala Bafilipi 4:11-13.

7. Ho bolelang ho sebeletsa poloko ya rona ka “tshabo le thothomelo”?

7 Jehova o batla hore o be motswalle wa hae. Empa o lokela ho sebetsa ka thata e le hore o dule o le motswalle wa Jehova le hore o sebeletse poloko ya hao. Lengolo la Bafilipi 2:12 le re: “Le nne le sebeletse poloko ya lona ka tshabo le thothomelo.” Mantswe ana a bolela hore re lokela ho nahana ka hloko hore na re tla etsa jwang ho boloka kamano ya rona le Jehova e le ntle, re be re dule re mo tshepahalla ho sa tsotellehe diteko tseo re kopanang le tsona. Ha re a lokela ho itshepa haholo. Esita le Bakreste ba sebeleditseng Modimo ka nako e telele ha ba a ka ba dula ba tshepahala. Kahoo, o ka etsang ho sebeletsa poloko ya hao?

KE HA BOHLOKWA HO ITHUTA BIBELE

8. Ho ithuta Bibele ho akarelletsang, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa?

8 E le hore re be metswalle ya Jehova, re lokela ho bua le yena le ho mo mamela. Ho ithuta Bibele ke tsela e ka sehloohong ya ho mamela Jehova. Seo se akarelletsa ho bala Lentswe la Modimo le dingolwa tse thehilweng Bibeleng re be re nahanisise ka tsona. Ha o a lokela ho bala Bibele jwalo ka ha eka o balla ho pasa tlhahlobo ya sekolong. Ho e na le hoo, ho ithuta Bibele e lokela ho ba monyetla wa hore o ithute dintho tseo o sa di tsebeng ka Jehova. Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o atamele haufi le yena mme le yena o tla atamela ho wena.—Jak. 4:8.

Na o buisana le Jehova le ho mo mamela? (Sheba serapa sa 8-11)

9. Ke dithulusi dife tse o thusitseng ha o etsa thuto ya botho?

9 Mokgatlo wa Jehova o na le dithulusi tse ka o thusang ha o etsa thuto ya botho. Ka mohlala o ka ithuta dintho tse eketsehileng ka ditlaleho tsa Bibele websaeteng ya jw.org/st, karolong ya “Tsa Bacha” e hlahang tlasa “Bacha”. Hona moo websaeteng ho na le karolo ya “Ke’ng Seo Bibele e se Rutang?,” e ka o thusang ho ba le kgodiseho ka seo o se dumelang le ho se hlalosetsa ba bang. O ka boela wa fumana dintlha tse ka o thusang ho etsa thuto ya botho sehloohong sa “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele?” se hlahileng makasineng wa Tsoha! wa April 2009. Ho bala le ho thuisa ka seo o se badileng ho phetha karolo ya bohlokwa ho o thusa hore o sebeletse poloko ya hao.—Bala Pesaleme ya 119:105.

THAPELO KE NTHO YA BOHLOKWA

10. Ke hobaneng ha thapelo e le ya bohlokwa ho Mokreste ya kolobeditsweng?

10 Ha re bala Bibele, re mamela Jehova mme ha re rapela re bua le yena. Ha re a lokela ho nka thapelo e le tlwaelo feela e sa reng letho kapa e le ntho e re tlisetsang ‘mahlohonolo’. Ha e le hantle, thapelo ke tsela eo re buisanang le Mmopi wa rona ka yona. Jehova o batla hore re bue le yena ka ntho e nngwe le e nngwe. (Bala Bafilipi 4:6.) Haeba o utlwa o tshwenyehile ka mathata a hao, Bibele e re o ‘lahlele morwalo wa hao ho Jehova.’ (Pes. 55:22) Na o dumela seo? Keletso eo ya Bibele e thusitse bara le baradibabo rona ba bangata. Kahoo le wena e ka o thusa!

11. Ke hobaneng ha o lokela ho dula o leboha Jehova?

11 Ha re a lokela ho rapela Jehova ha re batla thuso ya hae feela. Bibele e re: “Le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakol. 3:15) Ka dinako tse ding re tshwenyeha haholo ka mathata a rona hoo re sa hlokomeleng dintho tse ngata tseo Jehova a re fileng tsona. Kahoo e ka ba hantle hore letsatsi le letsatsi o nahane ka dintho tse tharo tseo o di ananelang, mme ha o rapela o lebohe Jehova ka tsona. Ngwanana e mong ya bitswang Abigail ya kolobeditsweng a le dilemo tse 12 o re: “Ke nahana hore Jehova ke yena eo re lokelang ho mo leboha ho feta motho le ha e le ofe lefatsheng. Re lokela ho mo leboha kamehla bakeng sa dintho tsohle tseo a re etseditseng tsona.” Ka dinako tse ding Abigail o hopola potso eo a kileng a e utlwa e reng: ‘Haeba nka tsoha hosane mme ka fumana ke setse ka dintho tseo ke ileng ka di leboha ho Jehova kajeno, ke ne ke tlo sala ka dife?’

MOLEMO WA HO BONA LETSOHO LA JEHOVA BOPHELONG BA RONA

12, 13. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o nahane ka dintho tse molemo tseo Jehova a o etseditseng tsona?

12 Jehova o ile a thusa Morena Davida ho mamella maemo a thata. Kahoo Davida o ne a bua ho tswa pelong ha a re: “Latswang mme le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ya shahlileng ya tshabelang ho yena.” (Pes. 34:8) Temana ena e bontsha bohlokwa ba hore motho ka mong a bone kamoo Jehova a thusang batho ba hae kateng. Ha o bala Bibele le dingolwa tsa rona ebile o tla dibokeng tsa rona, o tla utlwa dintho tse kgothatsang tseo ba bang ba fetileng ho tsona le kamoo Modimo a ileng a ba thusa kateng hore ba dule ba tshepahala. Ha setswalle sa hao le Jehova se ntse se tiya, e tla ba motho wa sebele haholwanyane ho wena. Na o ile wa bona ha Jehova a o thusa nakong e fetileng?

13 Ho na le tsela eo Jehova a ileng a thusa Mokreste e mong le e mong ka yona. Jehova o ile a re mema hore re atamele haufi le yena le Mora wa hae. Jesu o ile a re: “Ha ho motho ya ka tlang ho nna ntle leha a hulwa ke Ntate ya nthomileng.” (Joh. 6:44) Na o utlwa eka Jehova o ile a o hulela ho yena? Kapa mohlomong o nahana ka tsela ena: ‘Jehovah o hutse batswadi ba ka, mme nna ke mpa feela ke ba latela.’ Hopola hore ha o ne o inehela ho Jehova ka kolobetso, o ne o bontsha hore o na le kamano e kgethehileng le yena. Kahoo Jehova o a o tseba. Bibele e re bolella hore: “Haeba leha e le mang a rata Modimo, enwa o tsejwa ke yena.” (1 Bakor. 8:3) Kamehla dula o ananela sebaka sa hao ka hara mokgatlo wa Jehova.

14, 15. Tshebeletso eka matlafatsa tumelo ya hao jwang?

14 Tsela e nngwe eo re ka latswang molemo wa Jehova ka yona, ke ka ho bona kamoo a re thusang kateng ha re bolella ba bang ka yena. Re ka etsa sena ha re le sekolong le tshimong. Ba bang ba bona ho le thata ho bua le dithaka tsa bona sekolong ka seo ba se dumelang mme mohlomong o utlwisisa mabaka a bona. E ka nna yaba ba tshaba hore bana ba bang ba tla ba tsheha. Mohlomong o tla dumela hore ha ho bonolo ho pakela sehlopha se seholo sa batho ka nako e le nngwe. O ka thuswa keng haeba o na le bothata boo?

15 O ka qala ka ho ipotsa hore na ke hobaneng ha wena o kgodisehile ka seo o se dumelang. Sebedisa dithulusi tsa ho ithuta Bibele tse fumanehang websaeteng ya jw.org, haeba di le teng ka puo ya hao. Di etseditswe ho o thusa hore o be le kgodiseho ka seo o se dumelang le kamoo o ka se hlalosetsang ba bang kateng. Ha kgodiseho ya hao e se e le matla o bile o itokisitse esale pele, o tla utlwa o batla ho bua ka Jehova.—Jer. 20:8, 9.

16. Keng se ka o fang sebete sa hore o bue ka seo o se dumelang?

16 Le hoja o lokiseditse hantle, o ka nna wa tshaba ho hlalosetsa ba bang seo o se dumelang. Motjha e mong ya dilemo tse 18, ya ileng a kolobetswa a le dilemo tse 13 o re: “Ke kgodisehile ka dintho tseo ke ithutang tsona ka Bibeleng, empa ka dinako tse ding ho thata ho di bolella ba bang.” O sebetsana jwang le bothata boo? Motjha eo o re: “Ke leka ho kenyelletsa seo ke se dumelang meqoqong e tlwaelehileng. Bana bao ke kenang tlelase le bona ba bua ka bolokolohi ka dintho tseo ba di etsang. Le nna ke lokela ho bua ka bolokolohi ka tumelo ya ka. Kahoo hara moqoqo, ke na le ho re, ‘Ke hopola ha ke ne ke ilo ruta motho ya itseng Bibele . . . ’ Ebe ke tswela pele ka moqoqo. Le hoja re tla be re sa bue ka Bibele, hangata seo se etsa hore ba be le thahasello mosebetsing wa rona wa ho ruta batho Bibele. Ka dinako tse ding ba mpotsa dipotso. Ke thaba haholo ka mora ho araba dipotso tsa bona!”

17. Ke hobaneng ha o lokela ho ela hloko tsela eo o buang ka yona ha o bua ka seo o se dumelang?

17 Ha o hlompha ba bang ebile o ba tsotella, ho tla ba bonolo hore le bona ba hlomphe tumelo ya hao. Olivia ya dilemo tse 17, ya ileng a kolobetswa a sa le monyenyane, o re: “Ke ne ke tshaba hore haeba nka bua ka Bibele, bana ba bang ba ne ba tla re ke Mmamoruti.” Empa maikutlo a hae a ile a fetoha. Olivia o ile a qala ho nahana: “Batjha ba bangata ha ba tsebe letho ka Dipaki Tsa Jehova. Ke rona feela Dipaki tseo ba di tsebang. Kahoo, re lokela ho ela hloko tsela eo re buang ka yona ha re bua ka seo re se dumelang. Ka mohlala, batho ba bang ba tla nahanang haeba re ba dihlong ha re bua ka bodumedi ba rona? Ba tla bona eka ha re rate seo re leng sona. Ba ka qetella ba bua le rona hampe hobane re bonahala re sa itshepe. Empa ha re bua re kgobile matshwafo mme ba bona hore re kgodisehile ka seo re se dumelang, ho tla ba bonolo hore ba re hlomphe.”

DULA O SEBELETSA POLOKO YA HAO

18. Ho sebeletsa poloko ya hao ho akarelletsang?

18 Jwalo ka ha re se re bone, ke ha bohlokwa hore o sebeletse poloko ya hao. Sena se akarelletsa ho bala Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona, ho rapela Jehova le ho nahana ka dintho tseo a o etseditseng tsona. Ho etsa dintho tsena ho tla matlafatsa kamano ya hao le Jehova. Jwale, kamano ya hao e ntle le Jehova e tla o susumelletsa hore o bolelle ba bang ka yena.—Bala Pesaleme ya 73:28.

19. Ho sebeletsa poloko ya hao ho tla o tlisetsa melemo efe?

19 Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a ke a itatole mme a nke thupa ya hae ya tlhokofatso a ntatele a sa kgaotse.” (Mat. 16:24) Ho hlakile hore o lokela ho inehela ho Jehova mme o kolobetswe e le hore o be molatedi wa Jesu. Ha e le hantle, ho ba molatedi wa Jesu ho o tlisetsa ditlhohonolofatso tse ngata hona jwale mme o tla phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha la Modimo. Kahoo, o na le mabaka a utlwahalang a hore o tswele pele ho sebeletsa poloko ya hao!