Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 10

Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Jwang?

“Lefatshe e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”

Pesaleme ya 37:29

“Lefatshe le dula le le teng ho ya ho ile.”

Moeklesia 1:4

“O tla fedisa lefu ka ho sa feleng. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.”

Esaia 25:8

“Ka nako eo, mahlo a difofu a tla tutuboloha le ditsebe tsa ba sa utlweng di bulehe. Ka nako eo, ya holofetseng o tla tlolatlola jwalo ka kgama, ya sa kgoneng ho bua o tla hweletsa a thabile. Metsi a tla kolla lefeelleng le melapo e phalle lehwatateng.”

Esaia 35:5, 6

“O tla hlakola meokgo yohle ya bona. Lefu ha le sa tla hlola le eba teng. Maswabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tse neng di etsahala pele di fetile.”

Tshenolo 21:4

“Batho ba tla haha matlo mme ba dule ho ona, ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o dula ho ona, ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang. Matsatsi a setjhaba sa ka a tla ba jwalo ka matsatsi a sefate. Setjhaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.”

Esaia 65:21, 22